Thusa ba Hlahlathellang Hōle le Mohlape
“Thabang le ’na, hobane ke fumane nku ea ka e neng e lahlehile.”—LUKA 15:6.
1. Jesu o bontšitse joang hore ke molisa ea lerato?
MORA ea tsoetsoeng a ’notši oa Jehova, e leng Jesu Kreste, o bitsoa “molisa e moholo oa linku.” (Baheb. 13:20) Mangolo a ile a bolela esale pele ka ho tla ha hae ’me a bontša hore e ne e le Molisa ea ikhethang ea neng a batla ho fumana “linku tse lahlehileng” tsa Iseraele. (Mat. 2:1-6; 15:24) Ho feta moo, joalokaha molisa a ka tela bophelo ba hae e le hore a sireletse linku tsa hae, Jesu o ile a shoa e le sehlabelo sa thekollo molemong oa ba kang linku ba neng ba tla amohela sehlabelo sa hae.—Joh. 10:11, 15; 1 Joh. 2:1, 2.
2. E ka ’na eaba ke eng e entseng hore Bakreste ba bang ba khathale moeeng?
2 Ka masoabi, ba bang ba neng ba bonahala ba ananela sehlabelo sa Jesu ba bile ba inehetse ho Molimo ha ba sa kopanela le phutheho ea Bokreste. E ka ’na eaba ho nyahama, ho kula kapa lintho tse ling, li fokolisitse cheseho ea bona tsa ba tsa etsa hore ba khathale moeeng. Leha ho le joalo, ba ka fumana khutso le thabo tseo Davida a buileng ka tsona Pesalemeng ea 23 hafeela e le karolo ea mohlape oa Molimo. Ka mohlala o ile a bina a re: “Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho.” (Pes. 23:1) Ba leng mohlapeng oa Molimo ha ba hloke letho moeeng, empa ha ho joalo ka linku tse hlahlathetseng. Ke mang ea ka ba thusang? Ba ka thusoa joang? Ka sebele, ke sefe se ka etsoang ho ba thusa hore ba khutlele mohlapeng?
Ke Mang ea ka ba Thusang?
3. Jesu o ile a bontša joang hore na ke sefe se hlokahalang ho pholosa linku tsa lekhulo la Molimo tse lahlehileng?
3 Ho hlokahala boiteko bo matla ho pholosa linku tsa lekhulo la Molimo tse lahlehileng. (Pes. 100:3) Jesu o ile a bontša sena ha a ne a re: “Le nahana joang? Haeba motho ea itseng a e-ba le linku tse lekholo ’me e ’ngoe ea tsona e hlahlathela, na a ke ke a tlohela tse mashome a robong a metso e robong lithabeng ’me a tsoe ho ea batla e hlahlathelang? Haeba ho etsahala hore a e fumane, ka sebele kea le bolella, o e thabela haholo ho feta tse mashome a robong a metso e robong tse sa hlahlathelang. Ka ho tšoanang hase ntho e lakatsehang ho Ntate ea leholimong hore e mong oa ba banyenyane bana a timele.” (Mat. 18:12-14) Ke mang ea ka thusang batho ba kang linku ba hlahlatheletseng hōle le mohlape?
4, 5. Baholo ba lokela ho ba le maikutlo afe ka mohlape oa Molimo?
4 Haeba baholo ba Bakreste ba batla ho thusa linku tse hlahlathetseng, ba lokela ho hopola hore mohlape oa Molimo ke phutheho ea batho ba inehetseng ho Jehova—ka sebele ke ‘mohlape oa lekhulo la Molimo’ oa bohlokoa. (Pes. 79:13) Linku tseo tse ratehang li lokela ho hlokomeloa ka lerato, ’me sena se bolela hore balisa ba lerato ba lokela ho li tsotella. Ho ba etsetsa maeto a bolisa a bontšang botsoalle ho ka atleha. Ha molisa a ba khothatsa ka lerato, seo se ka ba matlafatsa moeeng ’me sa etsa hore ba be le tjantjello ea ho khutlela mohlapeng.—1 Bakor. 8:1.
5 Balisa ba mohlape oa Molimo ba na le boikarabelo ba ho batla linku tse hlahlathetseng ’me ba leke ho li thusa. Moapostola Pauluse o ile a hopotsa baholo ba Efese ea boholo-holo boikarabelo ba bona ba bolisa ha a ne a re: “Ikeleng hloko ’me le ele hloko le mohlape oohle, oo moea o halalelang o le behileng balebeli har’a oona, hore le lise phutheho ea Molimo, eo a e rekileng ka mali a Mora oa hae.” (Lik. 20:28) Ka tsela e tšoanang, moapostola Petrose o ile a fa banna ba baholo ba tlotsitsoeng khothatso ena: “Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lōna, eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata; eseng ka lebaka la lerato la leruo la ho se tšepahale, empa ka tabatabelo; eseng ka ho rena ka thata holim’a bao e leng lefa la Molimo, empa le e-ba mehlala ho mohlape.”—1 Pet. 5:1-3.
6. Ke hobane’ng ha linku tsa Molimo li hloka tlhokomelo ea baholo haholo kajeno?
6 Balisa ba Bakreste ba lokela ho etsisa “molisa ea khabane,” e leng Jesu. (Joh. 10:11) O ne a khathatsehile haholo ka linku tsa Molimo ’me o ile a bontša hore ho li hlokomela ke habohlokoa ha a ne a bolella Simone Petrose hore a ‘lise linku tsa Hae tse nyenyane.’ (Bala Johanne 21:15-17.) Linku li hloka ho hlokomeloa ka tsela eo haholo kajeno kaha Diabolose o ’nile a etsa mekutu eohle ho senya botšepehi ba batho ba inehetseng ho Molimo. Satane o sebelisa bofokoli ba rōna ba nama hampe ’me o sebelisa lefatše ho leka ho etsa hore linku tsa Jehova li etse lintho tse sa lokang. (1 Joh. 2:15-17; 5:19) Batho ba khathetseng moeeng ke bona bao ka ho khetheha ba leng kotsing, kahoo ba hloka thuso e le hore ba sebelise keletso ea hore ba “tsamaee ka moea.” (Bagal. 5:16-21, 25) Ho thusa linku tse joalo, ho hloka hore motho a tšepe Molimo ka thapelo, ho hloka tataiso ea moea oa hae le ho sebelisa Lentsoe la hae ka bohlale.—Liprov. 3:5, 6; Luka 11:13; Baheb. 4:12.
7. Ke habohlokoa hakae hore baholo ba lise batho ba kang linku bao ba ba hlokometseng?
7 Iseraele ea boholo-holo, molisa o ne a sebelisa lere le le lelele le kobehileng, kapa molamu ho tataisa mohlape oa hae. Ha linku li ne li kena kapa li e-tsoa ka sakeng, li ne li ‘feta tlas’a molamu’ e le hore molisa a tsebe ho li bala. (Lev. 27:32; Mik. 2:12; 7:14) Ka tsela e tšoanang, molisa oa Mokreste o lokela ho tseba mohlape le ho tseba hore na nku e ’ngoe le e ’ngoe ea mohlape oa Molimo oo a o hlokometseng e hokae. (Bapisa le Liproverbia 27:23.) Ka lebaka leo, taba ea bolisa ke e ’ngoe ea litaba tsa bohlokoa tseo sehlopha sa baholo se li tšohlang. Sena se akarelletsa ho etsa litlhophiso tsa ho thusa linku tse hlahlathetseng. Jehova ka boeena o ile a re o ne a tla batla linku tsa hae ’me a li fe tlhokomelo eo li e hlokang. (Ezek. 34:11) Kahoo, Molimo oa thaba ha baholo ba etsa boiteko bo tšoanang ho thusa linku tse hlahlathetseng hore li khutlele mohlapeng.
8. Baholo ba ka thusa nku ka litsela life?
8 Ha molumeli-’moho le rōna a kula, ho eteloa ke molisa oa mohlape oa Molimo ho ka mo thabisa ha ba ha mo khothatsa. Ho ka etsahala se tšoanang ha nku e kulang moeeng e thusoa. Baholo ba ka ’na ba bala mangolo, ba tšohla sehlooho se itseng, ba bua ka lintlha tsa bohlokoa tseo ho builoeng ka tsona sebokeng, ba rapela le motho ea khathetseng moeeng, le ho etsa lintho tse ling tse joalo. Ba ka mo bolella hore litho tsa phutheho li ka thabela ho mo bona a boela a e-ba teng libokeng tsa phutheho. (2 Bakor. 1:3-7; Jak. 5:13-15) Ho mo etela, ho mo letsetsa, kapa ho mo ngolla ho ka mo thusa haholo! Moholo ea nang le kutloelo-bohloko le eena a ka thaba haholo ha a thusa nku e khelohileng mohlapeng.
Bohle ba ka Kenya Letsoho
9, 10. Ke hobane’ng ha u ka re hase baholo feela ba lokelang ho ameha ka nku e hlahlathetseng?
9 Re phela linakong tse maphathaphathe le tse mahlonoko, kahoo ho ka etsahala hore re se ke ra hlokomela hore molumeli-’moho le rōna o ntse a suthela hōle le phutheho. (Baheb. 2:1) Leha ho le joalo, linku tsa Jehova ke tsa bohlokoa haholo ho eena. E ’ngoe le e ’ngoe ea tsona ke ea bohlokoa feela joalokaha setho se seng le se seng sa ’mele, e le sa bohlokoa. Kahoo, kaofela ha rōna re lokela ho bontša hore re tsotella barab’abo rōna ’me re hlokomelane e le kannete. (1 Bakor. 12:25) Na u na le maikutlo a joalo?
10 Le hoja baholo e le bona ba etellang pele ho batla le ho thusa linku tse hlahlathetseng, hase balebeli ba Bakreste feela ba lokelang ho ameha ka balumeli-’moho le rōna ba sieo phuthehong. Ba bang ba ka sebelisana le balisa bana. Re ka khothatsa bara le baralib’abo rōna ba hlokang ho thusoa moeeng e le hore ba khutlele mohlapeng ’me re lokela ho ba thusa. Ba ka thusoa joang?
11, 12. U ka ’na ua fuoa monyetla ofe o khethehileng oa hore u thuse motho ea hlokang thuso moeeng?
11 Maemong a mang, baholo ba ka ’na ba kōpa bahoeletsi ba ’Muso ba nang le boiphihlelo hore ba ithute Bibele le batho ba khathetseng moeeng ba batlang ho thusoa. Morero oa boiteko bo joalo ke ho tsosolosa ‘lerato leo batho bao ba neng ba e-na le lona pele.’ (Tšen. 2:1, 4) Batho bana bao e leng balumeli-’moho le rōna ba ka matlafatsoa moeeng ka hore ho tšohloe le bona boitsebiso bo ba fetileng nakong eo ba neng ba ntse ba le sieo phuthehong.
12 Haeba baholo ba u kōpa hore u ithute le molumeli-’moho le uena ea hlokang ho thusoa moeeng, rapella hore Jehova a u tataise a be a hlohonolofatse boiteko ba hao. Ka sebele, “rōlela mesebetsi ea hao ho Jehova ’me merero ea hao e tla tiisoa ka thata.” (Liprov. 16:3) Nahana ka litemana tsa Bibele le lintlha tse matlafatsang tumelo tseo u ka li tšohlang le batho ba hlokang ho thusoa moeeng. Nahana ka mohlala o babatsehang oa moapostola Pauluse. (Bala Baroma 1:11, 12.) Pauluse o ne a hlolohetsoe ho bona Bakreste ba Roma hore a ba fe mpho ea moea e le hore ba ka tiisoa. O ne a boetse a labalabela hore ba tle ba mo khothatse le eena a ba khothatse. Na le rōna ha rea lokela ho ba le maikutlo a tšoanang ha re batla ho thusa linku tse hlahlatheletseng hōle le mohlape oa Molimo?
13. U ka ’na ua tšohla eng le motho ea khathetseng moeeng?
13 Ha le ntse le buisana, u ka ’na ua mo botsa, “U ithutile ’nete joang?” Thusa motho ea khathetseng moeeng hore a hopole linako tse monate tseo a bileng le tsona ha a ntse a sebeletsa Jehova, mo khothalletse hore a bue ka lintho tseo a ileng a li thabela libokeng, mosebetsing oa boboleli le likopanong. Bua ka linako tse monate tseo e ka ’nang eaba le bile le tsona ha le sebeletsa Jehova hammoho. Bolela kamoo ho atamela ho Jehova ho u thabisitseng kateng. (Jak. 4:8) Bolela kamoo u ananelang tsela eo Molimo a re hlokomelang ka eona joaloka batho ba hae—haholo-holo ka ho re tšelisa le ho re fa tšepo ha re le matšoenyehong.—Bar. 15:4; 2 Kor. 1:3, 4.
14, 15. Ho ka ’na ha e-ba molemo ho hopotsa ba khathetseng moeeng ka litlhohonolofatso life tseo ba kileng ba li fumana?
14 Ho ka ’na ha e-ba molemo ho hopotsa motho ea khathetseng moeeng ka litlhohonolofatso tse ling tseo a ileng a ba le tsona ha a ne a sa ntse a kopanela le phutheho. Ka mohlala, o ile a hlohonolofatsoa ka hore a eketse tsebo ea hae ea Lentsoe la Molimo le merero ea Hae. (Liprov. 4:18) Ha ho pelaelo hore ha a ne a ‘tsamaea ka moea,’ ho ne ho le bonolo hore a hanele moleko oa hore a etse sebe. (Bagal. 5:22-26) Ka lehlakoreng le leng, letsoalo le hloekileng le ne le mo thusa hore a ee ho Jehova ka thapelo le hore a be le ‘khotso ea Molimo e fetang monahano oohle le e lebelang lipelo tsa rōna le matla a rōna a kelello.’ (Bafil. 4:6, 7) Hopola lintlha tseo, bontša hore u mo tsotella e le kannete, ’me u leke kahohle hore ka lerato u khothatse mora kapa morali’eno oa moea hore a khutlele mohlapeng.—Bala Bafilipi 2:4.
15 A re re u moholo ’me u etsa leeto la bolisa. U ka ’na ua khothalletsa banyalani ba khathetseng moeeng hore ba nahane ka nako ea ha ba ne ba qala ho ithuta ’nete Lentsoeng la Molimo. Ka sebele ’nete e ne e tsoteha, e utloahala, e khotsofatsa ebile e etsa hore motho a lokolohe moeeng! (Joh. 8:32) Ruri ba ile ba leboha haholo ka seo ba neng ba ithuta sona ka Jehova, lerato la hae le merero ea hae e babatsehang! (Bapisa le Luka 24:32.) Ba hopotse ka kamano e haufi le Jehova le tlotla e babatsehang ea thapelo eo Bakreste ba inehetseng ba nang le eona. Ka tieo khothalletsa ba khathetseng moeeng hore ba boele ba amohele “litaba tse molemo tse khanyang tsa Molimo ea thabileng,” Jehova.—1 Tim. 1:11.
Tsoelang Pele ho ba Bontša Lerato
16. Fana ka mohlala ho bontša hore boiteko ba ho thusa ba bang moeeng bo hlile boa atleha.
16 Na litlhahiso tsee li hlile lia sebetsa? Ho joalo. Ka mohlala, mocha e mong ea ileng a qala ho ba mohoeletsi oa ’Muso ha a le lilemo li 12 o ile a khathala moeeng ha a le lilemo li 15. Leha ho le joalo, hamorao o ile a boela a ba matla moeeng, ’me o se a bile tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse fetang 30. Ntho e ileng ea mo thusa haholo hore a hlaphoheloe moeeng ke thuso eo a ileng a e fuoa ke moholo oa Mokreste. O ile a ananela thuso eo ea moea hakaakang!
17, 18. Ke litšobotsi life tse tla u thusa hore u thuse motho ea hlahlatheletseng hōle le mohlape oa Molimo?
17 Lerato ke lona le susumelletsang Bakreste hore ba thuse ba khathetseng moeeng hore ba khutlele phuthehong. Ha a bua ka balateli ba hae Jesu o ile a re: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; le lōna le ratane feela joalokaha ke le ratile. Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Joh. 13:34, 35) Ka sebele, lerato ke letšoao le bontšang bao e leng Bakreste ba ’nete. Na lerato le joalo ha lea lokela ho bontšoa Bakreste ba kolobelitsoeng bao e ka ’nang eaba ba se ba khathetse moeeng? Ka sebele ba lokela ho le bontšoa! Ha re thusa batho ba joalo ba khathetseng moeeng, re lokela ho bontša litšobotsi tse sa tšoaneng tsa Bokreste.
18 Haeba u batla ho thusa motho ea hlahlatheletseng hōle le mohlape oa Molimo, ho ka ’na ha hlokahala hore u bontše litšobotsi life? Ho phaella tabeng ea ho bontša lerato, ho ka ’na ha hlokahala hore u be le qenehelo, u be mosa, u be bonolo u be u tiisetse. Ho itšetlehile ka maemo, ho ka boela ha hlokahala hore u be motho ea tšoarelang. Pauluse o ile a ngola a re: “Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso. Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna. Empa, ntle ho lintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—Bakol. 3:12-14.
19. Ke hobane’ng ha ho etsa boiteko ba ho thusa batho ba kang linku hore ba khutlele lesakeng la Bokreste e se ha lefeela?
19 Sehlooho se ithutoang se latelang makasineng ena, se tla bua ka mabaka ao ka ’ona ba bang ba hlahlathellang hōle le mohlape oa Molimo. Se tla boela se hlalose hore na ba khutlelang mohlapeng ba ka lebella ho amoheloa joang. Ha u ntse u ithuta sehlooho seo ’me u nahana ka sena, kholiseha hore boiteko leha e le bofe boo u bo etsang ka tšepo ea ho thusa batho ba kang linku hore ba khutlele lesakeng la Bokreste hase ba lefeela. Tsamaisong ea hona joale ea lintho, batho ba bangata ba qeta bophelo ba bona bohle ba bokella leruo, empa bophelo ba motho a le mong feela ke ba bohlokoa ho feta chelete eohle e teng lefatšeng. Jesu o ile a bontša bohlokoa ba sena papisong ea hae ea nku e lahlehileng. (Mat. 18:12-14) E se eka u ka hopola ntlha ena ha u ntse u etsa boiteko bo matla le bo potlakileng ba hore u thuse batho ba Jehova ba ratehang ba kang linku ba hlahlathetseng hore ba khutlele mohlapeng.
U ka Araba Joang?
• Balisa ba Bakreste ba na le boikarabelo bofe ka batho ba kang linku ba hlahlatheletseng hōle le mohlape?
• U ka ’na ua tseba ho thusa batho bao hona joale ba sa kopaneleng le phutheho joang?
• Ke litšobotsi life tse tla u thusa hore u thuse batho ba hlahlatheletseng hōle le mohlape?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ka lerato balisa ba Bakreste ba etsa boiteko ba ho thusa ba hlahlatheletseng hōle le mohlape oa Molimo