Molimo o Arabela Lithapelo
Korneliase e ne e le motho ea batlang ho amoheloa ke Molimo ka hore a etse lithapelo tse tlohang pelong khafetsa. Ho feta moo, o ile a sebelisa hamolemo boemo ba hae ba ho ba molaoli oa lebotho la ntoa. Ho latela Bibele, “o ne a fa batho [ba hlokang] limpho tse ngata tsa mohau.”—Liketso 10:1, 2.
KA NAKO eo, phutheho ea Bokreste e ne e entsoe ka Bajuda ba lumelang, basokolohi le Basamaria. Korneliase e ne e le Molichaba ea sa bollang ’me e se karolo ea phutheho ea Bokreste. Na seo se bolela hore lithapelo tsa hae e ne e le tsa lefeela? Che. Jehova Molimo o ile a ela Korneliase hloko le mesebetsi ea hae ea borapeli.—Liketso 10:4.
Ka tataiso ea mangeloi, Korneliase o ile a kopanngoa le phutheho ea Bokreste. (Liketso 10:30-33) Ka lebaka leo, eena le ba ntlo ea hae ba ile ba e-ba le tokelo ea ho ba Balichaba ba pele ba sa bollang ba ileng ba amoheloa phuthehong ea Bokreste. Jehova Molimo o ile a bona ho loketse hore phihlelo ea Korneliase e kenngoe tlalehong ea Bibele. Ha ho pelaelo hore o ile a etsa liphetoho tse ngata hore a lumellanye bophelo ba hae ka ho feletseng le litekanyetso tsa Molimo. (Esaia 2:2-4; Johanne 17:16) Phihlelo ea Korneliase e lokela ho ba khothatso e khōlō ho batho ba lichaba tsohle ba batlang ho amoheloa ke Molimo kajeno. Nahana ka mehlala e meng.
Mehlala ea Kajeno
Mosali e mong e mocha oa India o ne a batla matšeliso ka matla. O nyetsoe a le lilemo li 21, ’me o ne a e-na le bana ba babeli. Empa kapele ka mor’a hore ngoana oa bobeli a hlahe, monna oa hae o ile a shoa. Ka tšohanyetso, ha a le lilemo li 24, e ne e le mohlolohali ea nang le morali ea likhoeli li 2 le mora ea likhoeli li 22. Hase feela a neng a hloka matšeliso! O ne a tla ea hokae? Bosiung bo bong, a tsielehile haholo, o ile a rapela, a re, “Ntate oa Leholimo, ke kōpa hore u ntšelise ka Lentsoe la hao.”
Hoseng ha letsatsi le latelang, o ile a ba le moeti. E ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Letsatsing leo mosebetsi oa hae oa ntlo le ntlo o ne o bile thata hobane ke ba seng bakae feela ba neng ba ile ba bula menyako ea bona. Kaha o ne a khathetse a bile a batla a nyahame, o ne a le makhatheng a ho ea hae, empa ka tsela e itseng o ile a ikutloa a tlamehile ho etela ntlong e ’ngoe hape. Ke moo a ileng a kopana le mohlolohali enoa e monyenyane. O ile a re a kene ka tlung ’me a amohela sengoliloeng se hlalosang Bibele. Mosali enoa o ile a fumana matšeliso a maholo ka ho bala sengoliloeng seo le ka puisano ea hae le Paki ena. O ile a ithuta ka tšepiso ea Molimo ea ho tsosa bafu le ka ’Muso oa Molimo, oo haufinyane o tla etsa lefatše paradeise. Habohlokoa le ho feta, o ile a tseba le ho rata Molimo a le mong feela oa ’nete, Jehova, ea neng a arabetse thapelo ea hae.
Nora, ea lulang motseng oa George, Afrika Boroa, o ile a behella khoeli e le ’ngoe ka thōko bakeng sa ho kopanela mosebetsing oa boboleli oa nako e tletseng. Pele a qala ho o etsa, o ile a rapela Jehova ka tieo hore a mo thuse ho fumana motho e mong ea nang le thahasello ea sebele ea ho ithuta Bibele. Tšimo eo a ileng a e fuoa e ne e akarelletsa ntlo ea motho ea ’nileng a halefela Nora haholo ha a ne a mo etela makhetlong a fetileng. Ka sebete, Nora o ile a etela ntlong eo hape. O ile a makala ha a fumana hore ho se ho lula motho e mong eo lebitso la hae e leng Noleen. Ho feta moo, Noleen le ’mè oa hae ba ne ba ntse ba rapela Molimo hore a ba thuse ho utloisisa Bibele. Nora oa hlalosa: “Ba ile ba thaba ha ke kōpa ho ithuta Bibele le bona.” Noleen le ’mè oa hae ba ile ba tsoela pele kapele. Ka mor’a nako e itseng, ka bobeli ba ile ba qala ho kopanela le Nora mosebetsing oa pholiso ea moea.
Mohlala o mong o bontšang matla a thapelo ke oa banyalani ba lulang motseng oa Afrika Boroa oa Johannesburg. Bosiung bo bong ba Moqebelo ka 1996, lenyalo la Dennis le Carol le ne le le haufi le ho qhalana. E le tšepo ea ho qetela, ba ile ba etsa qeto ea ho rapella thuso, e leng seo ba ileng ba se etsa khafetsa ho fihlela e e-ba bosiu haholo. Hoseng ha letsatsi le latelang, ka hora ea 11, Lipaki tsa Jehova tse peli li ile tsa kokota ha bona. Dennis o ile a ea monyako ’me a li bolella hore li eme ho fihlela a bitsitse mosali oa hae. Eaba Dennis o lemosa Carol hore haeba a ka re Lipaki li kene, ho ka ’na ha e-ba thata ho li leleka. Carol o ile a hopotsa Dennis hore ba ne ba ntse ba rapella thuso ’me a mo bolella hore e ka ’na eaba ena ke karabelo ea Molimo lithapelong tsa bona. Ka hona, ba ile ba re Lipaki li kene, ’me thuto ea Bibele ea qalisoa ka buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Dennis le Carol ba ile ba thabela seo ba neng ba ithuta sona. Ba ile ba e-ba teng libokeng Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova letsatsing lona leo motšehare oa mantsiboea. Ka ho sebelisa tsebo eo ba e fumaneng Bibeleng, Dennis le Carol ba ile ba fumana tharollo ea mathata a bona a lenyalo. Hona joale ke barorisi ba Jehova ba kolobelitsoeng le ba thabileng, ’me kamehla ba arolelana litumelo tsa bona tse thehiloeng Bibeleng le baahisani ba bona.
Ho Thoe’ng Haeba U Ikutloa U sa Tšoanelehe Hore U ka Rapela?
Batho ba bang, ba sa iketsise, ba ka ’na ba ikutloa ba sa tšoanelehe hore ba ka rapela ka lebaka la tsela ea bona e mpe ea bophelo. Jesu Kreste o ile a pheta pale ea motho ea joalo, ’mokelli e mong oa lekhetho ea khesoang. Ha a kena lebaleng la tempele, monna enoa o ile a ikutloa a sa tšoanelehe hore a ka kena sebakeng se tloaelehileng sa ho rapela. “A eme hōjana . . . a ’na a ikotla sefuba, a re, ‘Uena Molimo, e-ba mosa ho ’na moetsalibe.’” (Luka 18:13) Ho latela Jesu, thapelo ea monna enoa e ile ea utluoa. Sena se tiisa hore ka sebele Jehova Molimo o mosa ’me o batla ho thusa baetsalibe ba bakileng e le kannete.
Nahana ka mohlankana e mong oa Afrika Boroa eo lebitso la hae e leng Paul. Ha e sa le moshanyana, Paul o ne a e-ba teng libokeng tsa Bokreste le ’mè oa hae. Empa ha a le sekolong se phahameng, o ile a qala ho tloaelana le bacha ba neng ba sa latele litsela tsa Molimo. Ha a qeta sekolong, o ile a sebetsa lebothong la sesole la Afrika Boroa la ’muso oa mehleng oa apareteiti. Joale, a sa lebella, kharebe ea hae e ile ea mo hlala. Tsela ena e sa khotsofatseng ea bophelo e ile ea etsa hore Paul a ikutloe a tepeletse haholo maikutlong. Oa hopola: “Mantsiboeeng a mang ke ile ka rapela Jehova ke kōpa hore a nthuse, le hoja ke ne ke sa ka ka atamela Molimo ka tieo ka nako e telele.”
Nakoana ka mor’a thapelo ena, ’mè oa Paul o ile a mo memela Sehopotsong sa lefu la Kreste se tšoaroang selemo le selemo. (Luka 22:19) Paul o ile a bona ho makatsa hore ebe ’mè oa hae o entse sena, kaha o ne a ile a tsoa tseleng a bile a sa thahaselle Bibele. “Ke ile ka talima memo ena e le karabelo ea Jehova thapelong ea ka ’me ka ikutloa hore ke tlameha ho arabela.” Ho tloha ka nako eo ho ea pele, Paul o ile a qala ho ea libokeng tsohle tsa Bokreste. Ka mor’a likhoeli tse ’nè a ithuta Bibele, o ile a tšoaneleha hore a ka kolobetsoa. Ho feta moo, o ile a khaotsa ho ithutela boenjiniere ’me a khetha ho kopanela mosebetsing oa boboleli ba nako e tletseng. Kajeno, Paul ke monna ea thabileng, ha a sa tepelletsoa maikutlo ke bophelo ba hae ba nako e fetileng. Lilemong tse 11 tse fetileng, o sebelelitse ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower Afrika Boroa.
Ka sebele, Jehova Molimo o arabela lithapelo ka mosa ’me “e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Baheberu 11:6) Haufinyane letsatsi le leholo la Jehova le tla fihla ’me le felise bokhopo bohle. Nakong ena e setseng, Jehova o arabela lithapelo tsa batho ba hae ha ba rapella matla le tataiso ha ba ntse ba kopanela ka cheseho mosebetsing oa bohlokoahali oa ho paka. Kahoo, batho ba limilione ba lichaba tsohle ba kopanngoa le phutheho ea Bokreste ’me ba hlohonolofatsoa ka tsebo ea Bibele e isang bophelong bo sa feleng.—Johanne 17:3.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Thapelo ea Korneliase e tlohang pelong e ile ea etsa hore moapostola Petrose a mo etele
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Thapelo e thusitse ba bangata nakong ea tsieleho
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Ho rapella thuso ea ho utloisisa Bibele ho molemo
Banyalani ba ka rapella thuso e le hore ba ka matlafatsa manyalo a bona