Bohato ba Bohlokoa ka ho Fetisisa ba Moea bo Nkiloeng!
Ho lokolloa ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Sesotho
KA LA 17 November 2000, ho ile ha finyelloa bohato ba bohlokoa ka ho fetisisa ba moea: Ho ile ha lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Sesotho.
Joale Phetolelo ea Lefatše le Lecha e se e fumaneha hammoho le Libibele tseo e leng khale li sebelisoa ke batho ba tšabang Molimo Afrika e ka Boroa. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha ho hlokahala phetolelo e ’ngoe hape ea Bibele? E tšehelitsoe ke mang? ’Me u ka kholiseha joang hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea tšepahala?
Ke Hobane’ng ha ho E-na le Liphetolelo Tse Ngata Hakaale Tsa Bibele?
Ho hatisitsoe liphetolelo tse ngata haholo tse ncha tsa Bibele lilemong tsa morao tjena. Liphetolelo tse ling tse ncha li entse hore Lentsoe la Molimo le fumanehe ka lipuo tse itseng ka lekhetlo la pele. Leha ho le joalo, ho boetse ho hlahisoa Libibele tse ncha ka lipuo tse seng li ntse li e-na le liphetolelo tse tsebahalang. Lebaka la see ke lefe? Buka e bitsoang So Many Versions?, e ngotsoeng ke Sakae Kubo le Walter Specht, ea hlalosa: “Ha ho phetolelo ea Bibele eo ho ka thoeng ke ea ho qetela. Liphetolelo li lokela ho khema le tsebo e ntseng e hōla ea Bibele le ho fetoha ha puo.”
Lekholong lena la lilemo ho bile le tsoelo-pele e khōlō kutloisisong ea Seheberu, Searame le Segerike—e leng lipuo tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona qalong. Hape, ho ile ha sibolloa libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele tsa khale le tse nepahetseng ho feta tse neng li sebelisoa ke bafetoleli ba Bibele melokong e fetileng. Ka hona kajeno Lentsoe la Molimo le ka fetoleloa ka mokhoa o nepahetseng ho feta leha e le neng pele!
The Atlantic Monthly ha e bua ka likhoebo e re: “Ho hatisoa ha Bibele ke khoebo e khōlō ka mokhoa o makatsang.” ’Me ka linako tse ling takatso ea ho hlahisa khatiso e rekoang haholo e bonahala e pupetsa taba ea ho ameha ka ho nepahala ha se ngotsoeng. Bibele e ’ngoe e ncha eona e inkela molao matsohong ka ho hlakola lipolelo tseo bahatisi ba eona ba nkang hore li “bora” haholo. Bibele e ’ngoe e fetola mantsoe kapa lipolelo tse ka ’nang tsa khopisa babali ba mehla ea kajeno. Ka mohlala, e leka ho ipiletsa ho batho ba loanelang litokelo tsa basali ka ho bitsa Molimo “Ntate-’Mè.”
Ho Pata Lebitso la Molimo
Mohlomong tloaelo e khopisang ka ho fetisisa ke e amanang le lebitso la Molimo—Jehova. (Litsebi tse ling li le fetolela e le “Yahweh.”) Libibeleng tsa boholo-holo, lebitso la Molimo le emeloa ke lilumisoa tse ’nè tsa Seheberu tse ka fetoleloang e le YHWH kapa JHVH. Lebitso lena le ikhethang le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ho seo ho thoeng ke Testamente ea Khale feela. (Exoda 3:15; Pesaleme ea 83:18) Kahoo ho hlakile hore ’Mōpi oa rōna o ne a rerile hore barapeli ba hae ba tsebe lebitso leo le ho le sebelisa!
Leha ho le joalo, lilemong tse makholo tse fetileng, tšabo e bakiloeng ke tumela-khoela e ile ea etsa hore Bajuda ba khaotse ho bitsa lebitso la Molimo. Hamorao, maikutlo a joalo a tumela-khoela a ile a tšoaetsa le Bokreste. (Bapisa le Liketso 20:29, 30; 1 Timothea 4:1.) Ho ne ho tloaelehile hore bafetoleli ba Bibele ba nkele lebitso la Molimo sebaka ka tlotla e reng “Morena.” Kajeno, Libibele tse ngata li ntšitse lebitso la Molimo ka ho feletseng. Libibele tse ling tsa kajeno tsa Senyesemane li tlositse le lentsoe le reng “lebitso” ho Johanne 17:6, moo Jesu a reng: “Ke senotse lebitso la hao.” Today’s English Version e fetolela temana ena tjena: “Ke u tsebahalitse.”
Ke hobane’ng ha lebitso la Molimo le hloiloe hakaale? Hlokomela se boletsoeng koranteng e bitsoang Practical Papers for the Bible Translator. (Moqolo 43, oa bo4, 1992) E hatisoa ke United Bible Societies (UBS), e hokahanyang boholo ba mosebetsi o etsoang lefatšeng ka bophara oa phetolelo ea Bibele. Sehlooho se seng sa eona se itse: “Kaha ha ho pelaelo hore YHWH ke lebitso, bonneteng, ho le fetolela, e ne e tla ba eona ntho e utloahalang ka ho fetisisa e ka etsoang.” Empa sehlooho seo se ile sa lemosa: “Leha ho le joalo, ho na le linnete tse lokelang ho eloa hloko.”
“Linnete” tseo li nepahetse hakae? Ho ea ka koranta ena, litsebi tse ling li nahana tjena: “Haeba re hlahisa lebitso le kang Yahweh [ho batho bao e seng Bakreste], hoo ho ka ’na ha fetisa mehopolo e fosahetseng . . . , e fanang ka maikutlo a hore ‘Yahweh’ ke Molimo osele, kapa ke Molimo e mocha ea sa tsejoeng, ea fapaneng le Molimo eo ba seng ba ntse ba mo tseba.” Leha ho le joalo, Bibele e ruta ka matla hore Jehova Molimo o fapane le melimo e rapeloang ke batho bao e seng Bakreste!—Esaia 43:10-12; 44:8, 9.
Litsebi tse ling li bolela hore li mpa li latela tloaelo ha li nkela lebitso la Molimo sebaka ka tlotla e reng “MORENA.” Empa Jesu o ile a nyatsa taba ea ho latela litloaelo tse joalo tse hlomphollang Molimo. (Matheu 15:6) Ntle ho moo, taba ena ea ho nkela lebitso sebaka ka tlotla ha e na motheo oa Mangolo. Jesu Kreste o na le litlotla tse ngata, tse kang “Lentsoe la Molimo” le “Morena oa marena.” (Tšenolo 19:11-16) Na lebitso la Jesu le lokela ho nkeloa sebaka ka e ’ngoe ea litlotla tsee?
Sehlooho se seng makasineng e boletsoeng ka holimo se re: “Ka tloaelo mokhoa oo ho ngoloang ‘Jehova’ ka oona o lokela ho qojoa.” Ka lebaka lefe? “Ka kakaretso litsebi li lumela hore ho molemo ka ho fetisisa hore mokhoa oa pele oo ho neng ho bitsoa lebitso lena ka oona o emeloe ke ‘Yahweh.’” Leha ho le joalo, mabitso a tloaelehileng a Bibele a kang Jeremia, Esaia le Jesu le ’ona a fetoletsoe ka litsela tse sa tšoaneng le kamoo a neng a bitsoa kateng pele ka Seheberu (Yir·meyahʹ, Yesha·yaʹhu le Yehoh·shuʹa). Kaha mokhoa oa ho ngola “Jehova” ke tsela e amohelehang ea ho fetolela lebitso la Molimo—le o tloaetsoeng ke batho ba bangata—likhanyetso tse reng o se ke oa sebelisoa ha li utloahale ho hang. Ka sebele, ho bonahala eka ho se rate ho sebelisa lebitso la Molimo ho thehiloe maikutlong le leemeng, eseng tsebong.
Leha ho le joalo, ena hase taba feela e sa reng letho. Ka mohlala, moeletsi oa UBS India o ngotse ka liphello tsa ho tlosa lebitso la Molimo likhatisong tseo le neng le hlaha ho tsona pele. Oa lumela: “Mahindu ha a thahaselle tlotla ea Molimo; a batla ho tseba lebitso la Molimo, ’me ntle le hore a tsebe lebitso leo a ke ke a ikamahanya le mong’a lona.” Ka sebele, ho ka boleloa se tšoanang ka batho bohle ba batlang Molimo. Ke habohlokoa hore re tsebe lebitso la Molimo haeba re batla ho mo utloisisa, eseng e le matla feela a se nang sebōpeho kapa boikutlo, empa e le motho—eo re ka mo tsebang. (Exoda 34:6, 7) Kahoo Bibele e re: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” (Baroma 10:13) Barapeli ba tlamehile ho sebelisa lebitso la hae!
Phetolelo e Hlomphang Molimo
Kahoo ho ile ha nkoa bohato ba bohlokoa ka ho fetisisa morao koana ka 1950 ha ho ne ho hatisoa khatiso ea Senyesemane ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka lekhetlo la pele. Lilemong tse leshome tse latelang, likarolo tsa seo ka tloaelo ho thoeng ke Testamente ea Khale, kapa Mangolo a Seheberu, li ile tsa hatisoa ka mekhahlelo. Ka 1961 ho ile ha lokolloa Bibele e feletseng ea Senyesemane e le moqolo o le mong. Ntho ea bohlokoa ke hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ngola lebitso la Molimo Jehova likarolong tsohle tse ka bang 7 000 tseo le hlahang ho tsona ho “Testamente ea Khale.” Ntho e ikhethang haholo ke ho khutlisetsa ha eona lebitso la Molimo ka makhetlo a 237 ho “Testamente e Ncha,” kapa Mangolo a Segerike a Bakreste.
Ho khutlisetsoa ha lebitso leo ha ho hlomphe Molimo feela empa ho hlahisa kutloisiso e ncha. Ka mohlala, liphetolelo tse ngata li fetolela Matheu 22:44 tjena: “Morena o itse ho Moren’a ka.” Empa hantle-ntle mang o bua le mang moo? Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fetolela temana ena tjena, “Jehova o itse ho Moren’a ka,” kahoo e qotsa Pesaleme ea 110:1 hantle. Kahoo babali ba ka bona phapang ea bohlokoa pakeng tsa Jehova Molimo le Mora oa hae.
E Tšehelitsoe ke Mang?
Phetolelo ea Lefatše le Lecha e hatisitsoe ke Watch Tower Bible and Tract Society, e leng mokhatlo oa molao o emelang Lipaki tsa Jehova. Mokhatlo ona o hatisitse le ho aba Libibele lefatšeng lohle ka lilemo tse fetang lekholo. Sehlopha sa Bakreste se tsejoang e le Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha se ile sa nehelana ka phetolelo ena ho Mokhatlo. Ho e-na le ho ipatlela botumo, litho tsa komiti ena li kōpile hore esita leha li se li shoele, mabitso a tsona a se ke a phatlalatsoa.—Bapisa le 1 Bakorinthe 10:31.
Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha buka ee e ile ea bitsoa Phetolelo ea Lefatše le Lecha? Sena se ne se bonahatsa kholiseho e matla ea hore moloko oa batho o “lintšing tsa lefatše le lecha” le tšepisitsoeng ho 2 Petrose 3:13. Joalokaha komiti ka boeona e ngotse, “nakong ena ea ho tloha lefatšeng la khale,” ke habohlokoa hore liphetolelo tsa Bibele li khantše “’nete e hloekileng ea Lentsoe la Molimo.”—Bona Selelekela sa khatiso (ea Senyesemane) ea 1950.
Phetolelo e Nepahetseng
Kahoo ho ile ha lebisoa tlhokomelo ho nepahaleng ha taba pele. Bafetoleli ba khatiso ea Senyesemane ba ne ba fetolela ka ho toba ho tsoa lipuong tsa pele tsa Seheberu, Searame le Segerike, ba sebelisa boitsebiso bo molemo ka ho fetisisa bo fumanehang ba taba e ngotsoeng.a Ho ile ha sebelisoa kelo-hloko e khōlō ho fetolela taba e ngotsoeng ea boholo-holo ka mokhoa o tobileng kamoo ho ka khonehang—empa e le ka puo e neng e ka utloisisoa habonolo ke babali ba mehla ea kajeno.
Ha ho makatse hore ebe litsebi tse ling li ile tsa rorisa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka ho tšepahala ha eona le ho nepahala ha eona. Moprofesa Benjamin Kedar, e leng setsebi sa Seheberu sa Iseraele, o ile a bua tjena ka 1989: “Phuputsong ea ka ea lipuo mabapi le Bibele ea Seheberu le liphetolelo, ke atisa ho sheba khatiso ea Senyesemane ea se tsejoang e le New World Translation. Ka ho etsa joalo, ke fumana maikutlo a ka a tiisoa nako le nako a hore buka ena e bonahatsa boiteko bo tšepahalang ba ho finyella tlhaloso e nepahetseng ea taba e ngotsoeng ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng.”
Ho Etsa Hore Likhatiso Tse Ling li be Teng
Ka ho loketseng, Mokhatlo oa Watch Tower o entse hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fumanoe ke batho ba sa bueng Senyesemane. Hona joale e hatisoa e feletse kapa e sa fella, ka lipuo tse 38. Ho nolofatsa mosebetsi ona, Mokhatlo o ile oa qapa mokhoa oa ho fetolela Bibele o kopanyang ho ithuta mantsoe a Bibele le theknoloji ea lik’homphieutha. Hape Mokhatlo o ile oa theha Lefapha la Litšebeletso Tsa Phetolelo, leo hona joale le leng Patterson, New York, ho thusa bafetoleli. Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se hokahanya ka hloko mosebetsi oa phetolelo ea Bibele ka Komiti ea sona e Ngolang. Empa hantle-ntle mosebetsi oo o etsoa joang?
Pele, ho khethoa sehlopha sa Bakreste ba inehetseng hore se sebetse e le sehlopha sa bafetoleli. Phihlelo e bontšitse hore ha bafetoleli ba sebetsa hammoho e le sehlopha ho e-na le ha ba itšebeletsa ba le bang, ba hlahisa phetolelo e molemo haholo le e bontšang ho leka-lekana haholoanyane. (Bapisa le Liproverbia 11:14.) Ka kakaretso, setho ka seng sa sehlopha sena se na le phihlelo ea ho fetolela lingoliloeng tsa Mokhatlo. Joale sehlopha sena se koetlisoa ka mokhoa o phethahetseng ka melao-motheo ea ho fetolela Bibele le ea ho sebelisa mananeo a k’homphieutha a entsoeng ka ho khetheha.
Sehlopha sa bafetoleli se laeloa hore se hlahise Bibele (1) e nepahetseng, (2) e lumellanang, (3) le e behang taba ka mokhoa o tobileng o lumelloang ke puo, leha ho le joalo (4) e be e ka utloisisoang habonolo ke batho ba tloaelehileng. See se etsoa joang? Nahana ka Bibele ena e sa tsoa lokolloa. Sehlopha sa bafetoleli se qalile ka ho khetha mantsoe a Sesotho bakeng sa mantsoe ’ohle a sehlooho a Bibele a sebelisitsoeng ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane. Ho ile ha etsoa hore k’homphieutha e hlahise mantsoe a Bibele a tšoanang le ao ka moelelo. Hape ea hlahisa le mantsoe a pele a Segerike kapa a Seheberu ao mantsoe a Senyesemane a nkiloeng ho ’ona e le hore mofetoleli a ka ithuta kamoo mantsoe ao a Segerike kapa a Seheberu a fetoletsoeng kateng libakeng tse ling. Sena sohle se thusitse haholo ho khetha mantsoe a Sesotho a lumellanang le ao. Hang ha sehlopha se lumellane ka mantsoe ao, se ile sa qala ho fetolela Bibele, se sebelisa k’homphieutha ho hlahisa mantsoe a Sesotho ha se ntse se sebetsa temaneng ka ’ngoe.
Leha ho le joalo, ho fetolela ha ho bolele feela ho batla mantsoe a nkelang a mang sebaka. Ho ile ha etsoa mosebetsi o moholo ho tiisa hore mantsoe a khethiloeng a Sesotho a fetisa moelelo o nepahetseng oa Mangolo tabeng e ’ngoe le e ’ngoe. Hape ho sebelisitsoe kelo-hloko ho tiisa hore sebōpeho-puo le mokhoa oa ho hokahanya lipolelo li behiloe ka mokhoa o molemo le oa tlhaho. Mosebetsi o matla o entsoeng phetolelong ena oa bonahala. Khatiso ea Sesotho ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fetolela Lentsoe la Molimo ka tsela e balehang habonolo, e hlakileng le e utloahalang le e khomaretseng taba e ngotsoeng ea boholo-holo.
Re u khothalletsa hore u itlhahlobele Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. U ka e fumana ho bahatisi ba makasine ena kapa phuthehong ea sebaka sa heno ea Lipaki tsa Jehova. U ka e bala u kholisehile hore e fetolela mantsoe a Molimo ka mokhoa o tšepahalang ka puo ea hao. Ha ho pelaelo hore u tla lumela kapele hore ho lokolloa ha eona haufinyane e bile bohato ba bohlokoa ka ho fetisisa ba moea bo nkiloeng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The New Testament in the Original Greek, e ngotsoeng ke Westcott le Hort, e bile eona motheo oa taba e ngotsoeng ea Segerike. Biblia Hebraica ea R. Kittel e bile eona motheo oa taba e ngotsoeng ea Mangolo a Seheberu.
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Litšobotsi Tse Ling Tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Mongolo o Hlakileng le o Balehang Habonolo
Litemana li Kopantsoe Hore e be Lirapa: Ho e-na le ho etsa hore temana ka ’ngoe e be serapa se ikemetseng, litemana li kopantsoe hore e be lirapa. Sena se thusa ’mali ho utloisisa mohopolo o hōlisitsoeng ke bangoli ba Bibele.
Lihlooho Tse Ngotsoeng Holimo Maqepheng: Lihlooho tse ngotsoeng holimo maqepheng a mangata, li thusa motho ho fumana litlaleho tsa Bibele kapele.
Litšupiso Tse Bohareng ba Leqephe: Leqephe ka leng le na le litšupiso tse u lebisang litemaneng tsa Bibele tse tsamaisanang.
Tlhahlamano ea Mantsoe a Sehlooho: Karolo e leng qetellong ea buka e bitsoa “Tlhahlamano ea Mantsoe a Bibele.” Ho thathamisitsoe mantsoe a khethiloeng le moo a fumanoang teng ka Bibeleng, hangata ho sebelisitsoe mantsoe a makhutšoanyane a bontšang moelelo oa taba.
Sehlomathiso: Letoto la lihlooho tse khutšoanyane tse tšohlang lithuto tsa motheo tsa Bibele le litaba tse amanang le tsona.