Ho Batla ba Tšoanelehang Kenya
KENYA ke naha e nang le botle bo hlollang ka tlhaho. Meru e meholo, masabasaba, mahoatata a chesang, le lithaba tse apesitsoeng ke lehloa li khabisa naha ena e ntle. Ke lehae la likhokong tse fetang milione le litšukulu tse kotsing ea ho felisoa. U ka bona mehlape e meholo ea lithuhlo e tsamaea makhulong.
Hape, ho atile libōpuoa tsa leholimo, ho qala ka lintsu tse matla, tse rurelang holimo ho ea ho linonyana tse likete tse mashome tse mebala-bala tse natefisang sebaka ka ’mino oa tsona o hlasimollang. Ke mang ea ka hlokomolohang litlou le litau? U ke ke ua lebala lintho tse bonoang Kenya le melumo ea teng.
Leha ho le joalo, ho na le molumo o mong o utloahalang ho pholletsa le naha ena e ntle. Ke molumo oa mantsoe a likete a phatlalatsang molaetsa o nang le tšepo. (Esaia 52:7) Mantsoe ana a finyella batho ba merabe le lipuo tse ka holimo ho 40. Ka mantsoe a mang, Kenya e boetse ke naha e ntle bo hlollang litabeng tsa moea.
Batho ba bangata ba Kenya ba thahasella bolumeli ’me ba ikemiselitse ho bua ka litaba tsa moea. Ho sa tsotellehe sena, ho fumana batho bao ho ka buisanoang le bona ke phephetso, hobane Kenya, joaloka linaha tse ling tse ngata, e ka tlas’a liphetoho.
Maemo a moruo a boima a qobelletse ba bangata ho fetola mokhoa oa bona oa bophelo. Basali, bao ka tloaelo ba neng ba sebetsa malapeng, ba iphumana ba le liofising kapa ka thōko ho litsela ba rekisa litholoana, meroho, tlhapi, le libaskete tse lohiloeng. Banna ba sebetsa lihora tse telele, tse tepelletsang e le ha ba leka ho hlokomela malapa a bona. Esita le bana, ba tsamaea ba tšoere mekotlana e tletseng matokomane a halikiloeng le mahe a phehiloeng, ba rekisa thepa ea bona literateng. Phello ke hore ke batho ba ’maloa ba fumanehang malapeng nakong ea motšehare. Maemo ana a susumelelitse baboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso ho etsa liphetoho.
Liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova li ile tsa khothalletsoa ho lebisa tlhokomelo ea tsona ka ho eketsehileng ho batho ba seng malapeng, ba tsoelang pele ka mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi, ho metsoalle, hammoho le beng ka bona, batho ba khoebo, le ho basebetsi-’moho le tsona. Barab’abo rōna ba ile ba arabela ka ho buisana le batho kae kapa kae moo ba neng ba ka fumaneha teng. (Matheu 10:11) Na mokhoa ona oa ho ikitlaetsa ka ho eketsehileng o ile oa hlahisa litholoana? Hantle haholo! Ak’u hlahlobe mehlala e meng ke ena.
Beng ka Rōna—Baahelani ba Rōna ba Haufi-ufi
Ke baahi ba limilione tse tharo ba lulang motse-moholo oa Kenya, Nairobi. Ka nģ’a bochabela ho motse ona o moholo ho ne ho lula monna e mong oa ofisiri ea sesole ea pencheneng ea neng a e-na le lehloeo le matla ho Lipaki tsa Jehova ka kakaretso, leha ho le joalo, monna enoa o ne a nyahamisoa ke hore mora oa hae e ne e le Paki. Ka letsatsi le leng ka February monna enoa oa ofisiri ea sesole ea pencheneng o ile a tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse 160 ho ea ha mora oa hae motseng o Rift Valley oa Nakuru. Ha a ntse a etile, mora o ile a mo fa mpho—Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.a Ntate o ile a e nka eaba oa tsamaea.
Ha a fihla lapeng, monna enoa eo e neng e le ofisiri o ile a e neha mosali oa hae ea ileng a qala ho e bala a sa hlokomela hore e ne e hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova. Butle-butle, ’nete ea Bibele e ile ea qala ho ama pelo ea hae, eaba o ntse a phetela monna oa hae seo a ithutang sona. Le eena ka takatso ea ho batla ho tseba, o ile a qala ho e bala. Ka mor’a hore ba hlokomele hore na buka eo e hatisitsoe ke bo-mang, ba ile ba phetha ka hore ba ne ba sa bolelloa ’nete ka Lipaki tsa Jehova. Ba ile ba ikopanya le Lipaki tsa moo, ’me ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele. Ka mor’a hore ba ipalle buka eo, ba ile ba lemoha hore e ne e se ketso ea Bokreste ho rekisa koae. (Matheu 22:39; 2 Bakorinthe 7:1) Ntle le ho qeaqea, ba ile ba felisa lisakerete tsohle tse neng li le ka har’a lebenkele la bona. Likhoeli tse ’maloa hamorao ba ile ba tšoanelehela ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang, hang ka mor’a moo ba ile ba kolobetsoa kopanong ea setereke.
Litšila li Hlahisa Letlotlo
Libakeng tse ling tsa setereke sa motse-moholo, ho na le metsana e mengata moo ho lulang batho ba makholo a likete. Libakeng tsena ho na le mekoloko e mengata ea matlo a hahiloeng ka mobu, lehong, likotoana tsa tšepe, kapa ka masenke. Ha liindasteri le lifektheri li hlōleha ho fana ka mesebetsi, batho ba iqapela mekhoa ea ho phela. Ba sebetsang har’a Jua kali (“letsatsi le bataolang” ha ho fetoleloa Seswahili) ba sebeletsa letsatsing, ba etsa meqathatso ka lithaere tsa khale tsa likoloi kapa lilampi ka makotikoti a lahluoeng. Ba bang ba phenyekolla lithōle le meqomo ea litšila e le ha ba batla lipampiri, makotikoti, le libotlolo e le hore ba ka li rekisetsa ba tla li sebelisa hape.
Na litšila li ka hlahisa letlotlo? E! Mor’abo rōna e mong oa hopola: “Monna e mong ea bonahalang e le senatla, ea mahleke ea neng a tšoere mokotla oa polasetiki o moholo o neng o tletse likoranta le limakasine tsa khale tse neng li lahluoe o ile a kena lebaleng la Holo ea rōna ea Kopano. Ka mor’a hore a mpolelle hore lebitso la hae ke William, o ile a botsa: ‘Na ekaba u na le litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa?’ Ke ne ke belaela, ke ipotsa hore na o batla ho etsa eng. Ka mor’a hore ke ’montše likopi tse hlano tsa makasine ena, o ile a li hlahloba ka bonngoe eaba o re: ‘Ke tla li nka kaofela ha tsona.’ Ke maketse, ke ile ka khutlela kamoreng ea ka ’me ka khutla ke tšoere buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.b Ke ile ka ’montša litšoantšo tsa Paradeise le ho mo bolella hore re ithuta Bibele le batho ntle le tefiso. Eaba ke etsa tlhahiso: ‘William, ke hobane’ng ha u sa tle ka le hlahlamang, re tl’o qala ho ithuta Bibele?’ O ile a fela a etsa joalo!
“Ka Sontaha e ’ngoe o ile a tla libokeng ka lekhetlo la pele. Ka letsatsi leo ke ne ke fana ka puo ea phatlalatsa. Ha William a kena ka hare, o ile a qekotsa letšoele, a mpona ke le sethaleng, eaba o tsoa ka sekaja. Hamorao ke ile ka ’motsa hore na ke hobane’ng ha a ile a etsa joalo. Ka lihlong o ile a arabela: ‘Ke ile ka tšoha. Batho bohle ba ne ba hloekile haholo.’
“Ha William a ntse a hatela pele thutong ea hae, ’nete ea Bibele e ile ea qala ho fetola bophelo ba hae. O ile a hlapa, a kuta moriri oa hae, a apara liaparo tse hloekileng le tse makhethe, ’me kapele a qala ho kopanela libokeng kamehla. Re ile ra bala buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka mor’a hore e lokolloe. Ho sa le joalo, o ne a se a fane ka lipuo tse peli Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ’me e se e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Ka mor’a hore a kolobetsoe ka letsatsi le khethehileng la kopano ke ile ka thabela ho mo amohela e le mor’eso oa moea.”
Ke hokae moo ka lekhetlo la pele William a ileng a lemoha bohlokoa ba makasine ea Molula-Qhooa teng? “Ke ile ka fumana litokollo har’a lipampiri tse lahluoeng ka har’a moqomo oa litšila.” E, o ile a fumana letlotlo ka mokhoa oo o sa tloaelehang!
Ho Fana ka Bopaki Moo re Sebetsang
Na kamehla re falimehela menyetla ea ho fana ka bopaki bo sa reroang moo re sebetsang? James, moholo phuthehong e ’ngoe ea Nairobi, o ile a tseba ’nete ea Bibele ka mokhoa ona. Ka lehlakoreng le leng le eena o se a e-na le bokhoni ba ho sebelisa mokhoa ona e le hore a ka finyella ba bang. Ka mohlala, ka letsatsi le leng, James o ile a bona mosebetsi-’moho le eena a kena ka ofising a qhoaetse beche e nang le mantsoe a reng “Jesu oa Pholosa.” Ha a etsisa mohlala oa moevangeli Filipi, James o ile a botsa mosebetsi-’moho le eena a re: “Na u tseba seo mantsoe ao a se bolelang?” (Liketso 8:30) Potso eo e ile ea bula monyetla oa puisano e ntle. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele, ’me qetellong monna eo o ile a kolobetsoa. Na James o atlehile ka ba bang? E-re a ke a hlalose:
“’Na le Tom re ne re sebeletsa k’hamphani e le ’ngoe. Re ne re atisa ho palama bese ea k’hamphani hammoho. Ho ile ha etsahala hore hoseng ho hong re lule hammoho. Ke ne ke bala e ’ngoe ea libuka tsa rōna, ’me ke ne ke e tšoere ka mokhoa oo ke neng ke etsa bonnete ba hore Tom o e bona hantle. Joalokaha ke ne ke lakalitse, e ile ea hapa tlhokomelo ea hae, ’me ke ile ka thabela ho mo alima buka ea ka. Seo a ileng a se bala se ile sa mo khahla haholo hoo a ileng a lumela ho ba le thuto ea Bibele. Hona joale eena le mosali oa hae ke bahlanka ba kolobelitsoeng ba Jehova.”
James o tsoela pele: “Hangata ka nako ea lijo tsa motšehare mosebetsing, ho ee ho be le meqoqo e tsosang thahasello. Ke hona moo ke ileng ka kopana le Ephraim le Walter ka linako tse fapaneng. Ka bobeli ba ne ba tseba hore ke Paki. Ephraim o ne a thahasella ho tseba hore na ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li hloiloe hakana. Walter o ne a batla ho tseba phapang e teng pakeng tsa Lipaki le malumeli a mang. Ka bobeli ba ile ba thabela likarabo tse tsoang Mangolong tseo ke ileng ka ba fa tsona ’me ba ile ba lumela ho khanneloa thuto. Ephraim o ile a hatela pele ka potlako. Ka nako e loketseng, eena le mosali oa hae ba ile ba inehela ho Jehova. Hona joale o sebeletsa e le moholo, ’me mosali oa hae ke pula-maliboho oa kamehla. Leha ho le joalo, Walter, o ile a thulana le khanyetso e matla hoo a ileng a lahla buka eo a neng a ithuta ka eona. Leha ho le joalo, ka lebaka la phehello ea ka, o ile a tsosolosa thuto ea hae. Le eena hona joale o thabela tokelo ea ho sebeletsa e le moholo.” Ka kakaretso, ke batho ba 11 bao e ileng ea e-ba Bakreste ba ’nete hobane James a ile a sebelisa menyetla ea ho fana ka bopaki bo sa reroang mosebetsing.
Phello e Hlollang ka ho Fetisisa
Motsaneng o monyenyane mabōpong a Letša la Victoria, ho ne ho bokane metsoalle le ba leloko ba tlileng tšebeletsong ea lepato. Har’a ba neng ba saretsoe moo e ne e le Paki e seng e hōlile. O ile a atamela mosuoe oa sekolo ea bitsoang Dolly ’me a mo hlalosetsa ka boemo ba bafu le ka morero oa Jehova oa ho felisa lefu ka ho sa feleng. Ha a lemoha tsela e ntle eo mosuoe eo a arabelang ka eona, o ile a mo kholisa a re: “Ha u khutlela motseng oa heno, e mong oa baromuoa ba rōna o tla tla ho uena ’me a u rute Bibele.”
Motse oa habo Dolly ke oa boraro o moholo ka ho fetisisa Kenya. Ka nako eo ho ne ho e-na le baromuoa ba Lipaki ba bane feela ba neng ba sebeletsa sebakeng seo. Mora enoa oabo rōna ea seng a hōlile ha e le hantle ha aa ka a tsebisa moromuoa leha e le ofe hore a etele Dolly. O ne a mpa feela a e-na le tšepo ea hore lintho li ne li tla ba ka tsela eo. ’Me ho fela ho ile ha e-ba joalo! Ka mor’a nako e seng kae, morali’abo rōna oa moromuoa o ile a kopana le Dolly le ho qalisa thuto le eena. Hona joale Dolly o kolobelitsoe, morali oa hae e monyenyane o ngolisitse Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ’me bara ba hae ba babeli ba kolobelitsoe. O se a bile a ile a thabela ho ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho.
Ho Hlokomela Keketseho
Ka lebaka la ho buelloa ha bopaki bo sa reroang ba likete ba bile le monyetla oa ho utloa litaba tse molemo Kenya. Ke bahoeletsi ba ka holimo ho 15 000 ba tšoarehileng mosebetsing ona oa bohlokoa ka ho fetisisa, ’me selemong se fetileng ke batho ba fetang 41 000 ba bileng teng Sehopotsong sa lefu la Kreste. Ho pholletsa Kenya eohle, palo ea batho ba bang teng libokeng hangata e mena ea bahoeletsi ba ’Muso habeli. Sena se bakile tlhokahalo e khōlō ea Liholo tsa ’Muso.
Liholo tsa ’Muso li hahoa metseng e meholo le mahaeng. Se seng sa libaka tsena ke motse oa Samburu o bohōle ba lik’hilomithara tse 320 ka leboea-bochabela ho Nairobi. Ka 1934 motse oo o ile oa rehoa Maralal, e bolelang “phatsima” ka Sesamburu hobane marulelo a masenke a ileng a sebelisoa ka lekhetlo la pele moo a ne a phatsima letsatsing. Lilemo tse 62 hamorao ho ile ha hahoa mohaho o mong hape oa marulelo a masenke Maralal. Le oona ka tsela e tšoanang oa “phatsima” le ho “benya” hobane ke sebaka sa moo sa borapeli ba ’nete.
Bahoeletsi ba 15 ba ile ba ikitlaetsa hore ba hahe Holo ea pele ea ’Muso sebakeng sena sa mahaeng sa Kenya. Kaha chelete e ne e fokola, barab’abo rōna ba ile ba tšoanela ho sebelisa thepa ea ho haha ea sebakeng seo. Ba ile ba haha holo ea motulo ea mobu o mofubelu o kentsoeng lipakeng tsa lipalo. Marako a ile a liloa ka mobu o tsoakiloeng ka bolokoe le molora, ’me motsoako ona oa tšoarella.
E le hore ba fumane lifate tsa ho haha, barab’abo rōna ba ile ba fumana lengolo la tumello ea ho rema lifate. Empa moru o haufi o ne o le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 10. Bara le barali babo rōna ba ne ba tšoanela ho ea morung ka maoto, ba reme lifate, ba li pome, ba be ba li ise setšeng. Ka letsatsi le leng, ha barab’abo rōna ba khutla morung, ba ile ba emisoa ke mapolesa, a ileng a bolela hore lengolo la bona la tumello le ne le se molaong. Mapolesa a ile a bolella pula-maliboho e mong ea khethehileng hore a mo tšoara ka lebaka la ho rema lifate. Morali’abo rōna e mong oa sebakeng seo, ea tsejoang ke sechaba le mapolesa, o ile a re: “Haeba le tšoara mor’abo rōna, le tla lokela ho re tšoara kaofela, hobane kaofela re remme lifate!” Eaba ofisiri eo e ba tlohela kaofela hore ba tsamaee.
Ho ne ho e-na le liphoofolo tse hlaha ka har’a moru, kahoo ho ne ho le kotsi ho tsamaea moo. Ka letsatsi le leng morali’abo rōna e mong o ile a rema sefate. Ha se oela fatše, o ile a bona phoofolo e tlōla ebile e baleha. Kaha o ile a bona ’mala o mosehla, o ile a nka hore o bone phala, empa hamorao o ile a bona ka mehlala hore e ne e le tau! Ho sa tsotellehe likotsi tse joalo, barab’abo rōna ba ile ba qeta ho haha holo, ’me e eme e le setsi se “phatsimang” se isang thoriso ho Jehova.
Ka la 1 February, 1963, e ne e le letsatsi la bohlokoa historing ea puso ea Molimo Kenya. Ka lona letsatsi leo ho ile ha buloa ofisi ea lekala ea pele, kamore e le ’ngoe feela e lisekoere-mithara tse 7,4. Ka la 25 October, 1997, e ne e le letsatsi la ketsahalo e ’ngoe ea khatelo-pele historing ea Kenya ea puso ea Molimo—e le letsatsi la ho nehela mehaho e mecha ea Bethele e lisekoere-mithara tse 7 800! Ho ne ho finyelletsoe tlhōrōng ea morero o moholo o nkileng lilemo tse tharo tsa boinehelo mosebetsing o boima. Baithaopi ba tsoang linaheng tse 25 tse fapaneng ba ne ba fetotse sebaka sena se seretse, se tletseng mofoka, sa lihekthere tse 3,2 serapa se setle bakeng sa mohaho oa lekala o mocha, moo ho lulang litho tse 80 tsa lelapa la Bethele.
Re na le mabaka ’ohle a ho thabela seo Jehova a se etselitseng batho ba hae. Re lebisa liteboho ho eena ka lebaka la ho sisinya lipelo tsa bahlanka ba hae e le hore ba ka atolosa le ho potlakisa mosebetsi ona oa ho batla ba tšoanelehang Kenya, le ho e etsa naha e ntle ka mokhoa oo o hlollang litabeng tsa moea.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.