Mokhatlo oa Lefatše ka Bophara oa Litho Tse Hlokomelanang
HOHLE moo u thalatsang mahlo teng, u bona batho. Ba bangata ba se ba hōlile, ’me ba bang ba bona ba holofetse hoo ba sitoang ho tsamaea. Ho na le basali ba baimana le banyalani ba banyenyane ba nang le mokoloko oa bana ba banyenyane. Kaofela ha bona ke baphaphathehi—banna, basali le bana—ba qobeletsoeng ke lintoa tsa lehae, likoluoa tsa tlhaho, kapa maemo a mang hore ba balehe ha habo bona ba ee naheng e haufinyane ho ea batla setšabelo. Ba bang e se e le makhetlo a mangata ba qobelloa ho siea matlo a bona. Ha ho qala ho bonahala hore ho tla ba le merusu ea lehae kapa koluoa ea tlhaho, ba phutha thepa e seng kae ea lelapa, ba bokella bana ba bona ebe ba leba moo ho sireletsehileng haholoanyane. Joale, ha maemo a khutlela setloaeling, baphaphathehi ba bangata ba khutlela ho ea tsosa matlo a bona ’me ba qale fatše.
Ke nako e telele Central African Republic e butse menyako bakeng sa baphaphathehi ba tsoang linaheng tse ’maloa. Haufinyane tjena, batho ba likete, ho akarelletsa le Lipaki tsa Jehova tse ngata, ba ile ba tlameha ho baleha Democratic Republic of Congo e tsekolotsoeng ke ntoa ba ea Central African Republic e batlang e sireletsehile.
Barab’abo Rōna Baa Phalla
Lipaki tsa Central African Republic li ile tsa thabela ho hlophisa liphallelo. Barab’abo rōna ba Bakreste ba fihlang ba ne ba fumanetsoe bolulo. Qalong, ho ne ho fumanoe likamore malapeng, empa ha lenane la baphaphathehi le ntse le eketseha, ho ile ha hlaka hore ho hlokahala litokisetso tse ling tse tlatselletsang. Liholo tse ling tsa ’Muso li ile tsa fetoloa likamore. Lipaki tsa moo li ile tsa kena mosebetsing oa ho kenya mabone a eketsehileng, ho kenya lipompo tsa metsi le ho lila fatše molemong oa boiketlo ba ba neng ba tla lula moo. Baphaphathehi ba ne ba sebetsa hammoho le barab’abo bona ba moo ho etsa likamore tsena tsa nakoana. Lenaneo le feletseng la liboka tsa Bokreste le ile la lokisetsoa ka puo ea Selingala e le hore ba fihlang ba tle ba feptjoe ka lijo tse phelisang tsa moea. Tšebelisano e haufi pakeng tsa Lipaki tsa moo le baeti ba tsona e ile ea bontša hore mokhatlo oa machaba oa bara ba motho ke ntho ea sebele.
Ka linako tse ling malapa a baphaphathehi a ne a sa fihlele hong. Litho tsa malapa tse neng li ile tsa arohana, li ne li kopana moo ho uoang teng. Lenane la ba neng ba fihlile ba sireletsehile le ne le bolokoa Holong e ’ngoe le e ’ngoe ea ’Muso. Ho ne ho etsoa litokisetso tsa ho fumana ba ntseng ba e-s’o fihle. Ofisi ea lekala e tsamaisang mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova naheng eo e ne e ntša likoloi tse tharo letsatsi ka leng ho thusa Lipaki tse neng li ntse li le tseleng le ho batla tseo e ka ’nang eaba li lahlehile. Likoloi tsena li ne li khetholloa ka mongolo o moholo, o reng “WATCH TOWER—Lipaki Tsa Jehova.”
Ak’u nahane hore na sehlopha sa bana ba supileng ba baphaphathehi ba neng ba arohane le batsoali ba bona se ile sa thaba hakaakang ha se bona vene ea Lipaki tsa Jehova. Ba ile ba e mathela ka potlako ’me ba hlalosa hore ke Lipaki. Barab’abo rōna ba ile ba ba kenya ka veneng ’me ba ba isa Holong ea ’Muso, moo ba ileng ba qetella ba kopane le malapa abo bona.
Ke eng e thusitseng Bakreste baa ba tšepahalang hore ba sebetsane ka katleho le maemo a joalo, eseng hanngoe feela, empa khafetsa? Ba kholisehile ka ho feletseng hore re phela matsatsing a qetello joalokaha ho boletsoe esale pele ka Mangolong a Halalelang.—2 Timothea 3:1-5; Tšenolo 6:3-8.
Kahoo, baa tseba hore haufinyane Jehova Molimo o tla felisa lintoa, lehloeo, pefo le likhohlano. Bothata ba baphaphathehi bo tla be bo felile. Khabareng, tumellanong le keletso ea moapostola Pauluse e ho 1 Bakorinthe 12:14-26, Lipaki tsa Jehova li leka ho hlokomelana. Le hoja li arohantsoe ke linōka, meeli, lipuo le libaka, lia tsotellana, kahoo li phalla ka potlako ha e mong oa tsona a e-na le seo a se hlokang.—Jakobo 1:22-27.
[’Mapa o leqepheng la 30]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
AFRIKA
Central African Republic
Democratic Republic of Congo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.
[Litšoantšo tse leqepheng la 30]
Liholo tsa ’Muso tse tharo li ile tsa fetoloa libaka tsa kamohelo ea baphaphathehi
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ho ile ha hlongoa kichine ka potlako
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ba ’na ba fihla ka bongata
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Ba sa tsoa belehoa ’me e se e le baphaphathehi