Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 5/1 leq. 32
  • Na U ‘Reka Nako e Loketseng’?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ‘Reka Nako e Loketseng’?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 5/1 leq. 32

Na U ‘Reka Nako e Loketseng’?

MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a eletsa Bakreste ba Efese ea lekholong la pele la lilemo ka ho re: “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekele nako e loketseng, hobane matsatsi a khopo.” (Baefese 5:15, 16) Ke hobane’ng ha keletso ee e ne e hlokahala? Hore motho a arabe potso eo, ho hlokahala hore a tsebe maemo ao Bakreste ba neng ba talimane le ’ona motseng oo oa boholo-holo.

Efese e ne e tsebahala ka leruo la eona le hlaheletseng, boitšoaro bo hlephileng, ho ata ha tlōlo ea molao le bodemona ba mefuta-futa. Ho ekelletsa moo, Bakreste ba sebaka seo ba ne ba lokela ho loana le litumelo tsa filosofi tse mabapi le nako. Bagerike ba Efese bao e neng e se Bakreste ba ne ba lumela hore nako e tšoana le lebili. Filosofi ea Bagerike e ne e ba rutile hore bophelo bo potoloha ka ho sa feleng. Motho ea sentseng nako ea hae potolohong e ’ngoe ea bophelo e ne e ka mo boella kaofela potolohong e ’ngoe. E ka ’na eaba monahano oa mofuta ona o ne o susumelelitse Bakreste ba Baefese hore ba be le maikutlo a ho se tsotelle kemiso ea Jehova ea nako eo lintho li etsahalang ka eona, ho akarelletsa le kemiso ea hae ea nako ea kahlolo. Kahoo, keletso ea Pauluse ea ho ‘reka nako e loketseng’ e ne e le e tšoanetseng.

Pauluse o ne a sa bue ka nako ka tsela e akaretsang feela. Lentsoe la Segerike leo a le sebelisitseng le bolela nako e behiloeng, nako e nepahetseng bakeng sa morero o khethehileng. Pauluse o ne a eletsa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo hore ba sebelise ka bohlale nako e loketseng kapa ea kamohelo, eo ba neng ba e thabela ka nako eo pele e fela le pele mohau oa Molimo le mpho ea poloko li fela.—Baroma 13:11-13; 1 Bathesalonika 5:6-11.

Re phela nakong e loketseng e tšoanang le eo. Ho e-na le hore Bakreste ba hafe nako ena ea mohau e ke keng ea khutla ka ho phehella menyaka ea nakoana eo lefatše le fanang ka eona, e ka ba bohlale hore ba sebelise nako eo ba nang le eona “liketsong tsa boinehelo ba bomolimo,” ’me ka ho etsa joalo ba matlafatse kamano ea bona le ’Mōpi, Jehova Molimo.—2 Petrose 3:11; Pesaleme ea 73:28; Bafilipi 1:10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela