Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 5/1 leq. 31
  • “Jehova o Bile Molemo Haholo ho ’Na!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Jehova o Bile Molemo Haholo ho ’Na!”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 5/1 leq. 31

“Jehova o Bile Molemo Haholo ho ’Na!”

MANTSIBOEENG a mang a thabisang ka March 1985, banna le basali ba sebetsang Lefapheng la ho Ngola ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova New York, U.S.A., ba ile ba keteka ketsahalo ea bohlokoa. Ka nako eo, Karl F. Klein o ne a se a sebelelitse ka lilemo tse 60 tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka mafolofolo Mor’abo rōna Klein o ile a re: “Jehova o bile molemo haholo ho ’na!” O ile a bolela hore Pesaleme ea 37:4 ke temana eo a e ratang haholo ea Bibele. Hamorao, o ile a thabisa bohle ka ho letsa cello ea hae.

Ka lilemo tse latelang tse 15, Mor’abo rōna Klein o ile a tsoela pele ho sebetsa e le setho sa lefapha la ho ngola a ba a sebeletsa Sehlopheng se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Joale, ka la 3 January, 2001, a le lilemo li 95, Karl Klein o ile a qeta tsela ea hae ea lefatšeng ka botšepehi.

Karl o hlahetse Jeremane. Lelapa labo le ile la fallela United States, ’me Karl o ile a hōlela motseng oa Chicago, Illinois. Ha ba sa ntsane ba le banyenyane, Karl hammoho le moen’ae Ted ba ne ba thahasella Bibele ka botebo. Karl o ile a kolobetsoa ka 1918, ’me lintho tse thabisang tseo a ileng a li utloa kopanong ea Liithuti tsa Bibele ka 1922 li ile tsa mo susumelletsa hore a rate tšebeletso ea tšimo bophelo bohle ba hae. O ne a sa batle hore beke e fete a sa kopanela mosebetsing oa boboleli, ’me o ile a etsa joalo esita le libekeng tsa ho qetela tsa bophelo ba hae.

Karl e ile ea e-ba e mong oa basebetsi ba ntlo-khōlō ka 1925, ’me o ile a qala ka ho sebetsa setsing sa khatiso. O ne a rata ’mino ka botebo, ’me ka lilemo tse itseng o ne a letsa cello sehlopheng sa ’mino oa liletsa se neng se bapala likhasong tsa Bokreste tsa seea-le-moea. Ka mor’a moo o ile a sebetsa Lefapheng la Tšebeletso, ’me o ne a thabela ka ho khetheha ho ba ’moho le molebeli oa lona, T. J. Sullivan. Ho sa le joalo, Ted o ile a nyala ’me eena le mosali oa hae, Doris, ba ile ba kenela tšebeletso ea boromuoa Puerto Rico.

Ka lilemo tse mashome a mahlano, Karl Klein o ile a sebetsa Lefapheng la ho Ngola, moo a ileng a kenya letsoho haholo hobane o ne a rata ho etsa lipatlisiso ’me o ne a e-na le tsebo e tebileng ea Bibele. Ka 1963, Karl o ile a nyala Margareta, moromuoa oa Lejeremane ea neng a sebeletsa Bolivia. Ka tšehetso ea hae e lerato, haholo-holo nakong ea ha a ne a kula, mosebetsi oa hae o ne o bonahala leha a se a fetile hōle lilemo tseo ba bangata ba tlohelang mosebetsi ka tsona. Ho toba taba ha Karl ha tlhaho, ha ho kopana le mafolofolo a ho ba sebini, ho ne ho tlatsetsa ho faneng ha hae ka lipuo tse hopolehang liphuthehong le likopanong. Pejana ho lefu la hae, o ile a etella pele puisano ea hoseng ea temana ea letsatsi bakeng sa lelapa le leholo la Bethele New York, e leng se ileng sa thabeloa ke bohle ’me ba rua molemo ho sona.

Batho ba bangata ba tloaetseng ho bala Molula-Qhooa ba tla hopola pale ea bophelo ba Mor’abo rōna Klein, e leng tlaleho e ipiletsang ea liphihlelo tsa hae e ileng ea hatisoa tokollong ea October 1, 1984 (ea Senyesemane). U tla thabela ho bala kapa ho ikhopotsa tlaleho eo, u ntse u hopola hore mongoli oa eona o ile a qeta lilemo tse ling hape tse leshome le metso e mehlano e le Mokreste ea tšepahalang le ea inehetseng.

Joaloka e mong oa batlotsuoa ba Morena, Mor’abo rōna Klein o ne a lakatsa ka pelo ea hae eohle ho busa le Kreste leholimong. Re na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore joale Jehova o phethahalitse takatso eo.—Luka 22:28-30.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Karl ka 1943 le T. J. Sullivan le Ted le Doris

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Karl le Margareta, October 2000

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela