Hlōla Litšitiso Tsa Hore U Tsoele Pele!
KOLOI ea hao e kene kereng, ’me enjene ea luma, empa e hana ho tsamaea. Ebe e robehile? Che, lebili le leng le parakiloe ke lejoe le leholo. Ho hlokahala feela hore le tlosoe e le hore koloi e tsamaee.
Ka tsela e tšoanang, ba bang ba ithutang Bibele le Lipaki tsa Jehova ba na le mathata a ka ba sitisang ho tsoela pele moeeng. Ka mohlala, Jesu o ile a lemosa hore lintho tse kang “matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo” li ka “bipetsa lentsoe” la ’nete ’me tsa sitisa khōlo.—Matheu 13:22.
Ba bang ba sitoa ho tsoela pele ka lebaka la litloaelo kapa mefokolo e keneng ka botebo. Monna oa Lejapane ea bitsoang Yutaka o ne a rata molaetsa oa Bibele, empa o ne a e-na le bothata bo boholo ba ho becha. O ne a lekile hangata ho hlōla tloaelo ena e mpe empa a hlōtsoe. Temallo ea hae e ne e mo senyelitse chelete e ngata, mahae a mararo, ho hlomphuoa ke lelapa la hae le seriti sa hae. Na o ne a ka tlosa tšitiso ee ’me a fetoha Mokreste?
Kapa nahana ka mosali ea bitsoang Keiko. Ka thuso ea Bibele o ne a itlhoekisitse litšila tse kang borapeli ba litšoantšo, boitšoaro bo bobe le bonohe. Leha ho le joalo, Keiko o re: “Tšitiso e khōlō ka ho fetisisa ho ’na e ne e le ho tsuba. Ke ne ke lekile hangata ho tlohela empa ke hlōtsoe.”
Mohlomong le uena u na le se bonahalang eka ke tšitiso e sa tloheng e u sitisang ho tsoela pele. Ho sa tsotellehe hore na ke eng, kholiseha hore e ka tloha ka thuso ea Molimo.
Hopola keletso ea Jesu ho barutuoa ba hae ka mor’a hore ba hlōlehe ho leleka modemona ho monna ea neng a tšoeroe ke sethoathoa. Ka mor’a hore Jesu a atlehe moo ba hlōlehileng, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Haeba le e-na le tumelo e boholo ba thollo ea mosetareta, le tla re ho thaba ena, ‘Tloha mona u ee mane,’ ’me e tla tloha, ’me ha ho letho leo le ke keng la khona ho le etsa.” (Matheu 17:14-20; Mareka 9:17-29) Ha ho pelaelo hore bothata bo ka bonahalang e le thaba ea tonanahali ho rōna bo bonyenyane ebile hase letho ho ’Mōpi oa rōna ea matla ’ohle.—Genese 18:14; Mareka 10:27.
Ho Khetholla Lintho Tse Sitisang Tsoelo-pele
Pele u ka hlōla litšitiso, u lokela ho tseba hore na litšitiso tseo ke life. U ka etsa joalo joang? Ka linako tse ling setho sa phutheho, se kang moholo kapa motho ea u rutang Bibele, se tla u hlokomelisa ntho e itseng. Ho e-na le ho hana keletso e lerato joalo, ka boikokobetso u lokela ‘ho mamela taeo u tle u hlalefe.’ (Liproverbia 8:33) Ka linako tse ling, u ka lemoha mefokolo ea hao ha u ithuta Bibele. Ha ho pelaelo hore lentsoe la Molimo “lea phela ’me le fana ka matla.” (Baheberu 4:12) Ho bala Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ho ka senola mehopolo, maikutlo le lipakane tsa hao tse tebileng ka ho fetisisa. Ho u thusa ho ipeha sekaleng tumellanong le litekanyetso tse phahameng tsa Jehova. Ho u senolela le ho u pakela hore na ke lintho life tse ka ’nang tsa u sitisa ho tsoela pele moeeng.—Jakobo 1:23-25.
Ka mohlala, nka hore seithuti sa Bibele se ne se inehelletse menahanong ea boitšoaro bo bobe. E ka ’na eaba se bona ho se letho le kotsi ka ho etsa joalo, se beha lebaka la hore ha e le hantle ha se etse letho le phoso. Ha se ntse se ithuta, se kopana le mantsoe a Jakobo 1:14, 15, a reng: “E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe; sebe, le sona, ha se phethehile, se hlahisa lefu.” Joale se bona kamoo ho tsoela pele tseleng ena ho ka bang kotsi kateng tsoelo-peleng ea sona! Se ka tlosa tšitiso ee joang?—Mareka 7:21-23.
Ho Hlōla Litšitiso
Mohlomong ka thuso ea Mokreste ea hōlileng tsebong, seithuti seo se ka etsa lipatlisiso tse eketsehileng Lentsoeng la Molimo, se sebelisa Watch Tower Publications Index.a Ka mohlala, sehlooho sa “Thoughts” (Menahano), se tobisa ’mali lihloohong tse ’maloa tse hatisitsoeng tse sebetsanang le ho hlōla ho inehella menahanong e kotsi. Lihlooho tsena li totobatsa litemana tsa Bibele tse thusang, tse kang Bafilipi 4:8, e reng: “Lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.” E, menahano ea boitšoaro bo bobe e lokela ho nkeloa sebaka ka menahano e hloekileng le e hahang!
Ha ho pelaelo hore ha seithuti se ntse se etsa lipatlisiso, se tla sibolla melao-motheo e meng ea Bibele e tla se thusa ho qoba ho totisa bothata ba sona. Ka mohlala, Liproverbia 6:27 le Matheu 5:28 li hlokomelisa hore ho se ke ha feptjoa kelello ka lintho tse tsosang takatso ea botona kapa ea botšehali. Mopesaleme o ile a rapela, a re: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso.” (Pesaleme ea 119:37) Ha e le hantle, ha hoa lekana hore motho a bale litemana tsena tsa Bibele feela. Monna ea bohlale o re: “Pelo ea ea lokileng ea thuisa.” (Liproverbia 15:28) Ha seithuti se nahanisisa ka seo Molimo a se laelang le ka hore na ke hobane’ng ha a se laela, se ka fumana kutloisiso e tebileng haholoanyane ea bohlale le kahlolo e molemo ea litsela tsa Jehova.
Qetellong, motho ea loanelang ho hlōla sena se mo sitisang ho tsoela pele, o lokela hore a lokolohe ho batla thuso ea Jehova. Hoa utloahala hore re batle thuso ea Molimo hobane o tsebisisa kamoo re entsoeng kateng, hore ha rea phethahala, re entsoe ka lerōle. (Pesaleme ea 103:14) Ha re rapella thuso ea Molimo re sa phetse, ’me hape re ikitlaelletsa ho qoba ho inehella menahanong ea boitšoaro bo bobe, qetellong re tla fumana se lakatsehang haholo—e leng letsoalo le hloekileng le le sa imeloang.—Baheberu 9:14.
U se ke Ua Tela
Ho sa tsotellehe hore na u loana le bothata bofe, hlokomela hore ka linako tse ling bo ka ’na ba khutla hape. Ha ho etsahala, ke tlhaho hore u ikutloe u tsielehile u bile u soabile. Leha ho le joalo, hopola mantsoe a Bagalata 6:9: “Kahoo a re se keng ra tela ho etsa se setle, kaha ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa khathale.” Bahlanka ba inehetseng ba Molimo ba kang Davida le Petrose ba ile ba etsa liphoso tse hlabisang lihlong. Empa ha baa ka ba nyahama. Ba ile ba amohela keletso ka boikokobetso, ba etsa liphetoho tse hlokahalang, ’me ba tsoela pele ho bontša hore ke bahlanka ba ikhethang ba Molimo. (Liproverbia 24:16) Ho sa tsotellehe liphoso tsa Davida, Jehova o ne a mo bitsa “monna ea ratoang ke pelo ea ka, ea tla etsa lintho tsohle tseo ke li lakatsang.” (Liketso 13:22) Petrose le eena o ile a hlaphoheloa liphosong tsa hae ’me ea e-ba tšiea ka phuthehong ea Bokreste.
Ba bangata kajeno ba atlehile ho hlōla litšitiso ka tsela e tšoanang. Yutaka, ea boletsoeng pejana, o ile a amohela ha a khothalletsoa thuto ea Bibele. O re: “Ho tšehetsoa ke Jehova le ho hlohonolofatsoa ke eena ka linako tsohle ha ke tsoela pele, ho ile ha nthusa ho hlōla bothata ba ka ba ho becha. Ke thaba haholo ha mantsoe a Jesu a phethahala ho ’na—e leng hore ka tumelo, le tsona ‘lithaba’ li ka suthisoa.” Ka mor’a nako, Yutaka e ile ea e-ba mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong.
Ho ile ha etsahala joang ka Keiko, ea neng a lemaletse koae? Morali’abo rōna ea neng a ithuta le eena o ile a mo khothalletsa hore a bale lihlooho tse fapa-fapaneng tsa Tsoha! tse buang ka ho lemalla koae. Keiko o bile a beha mantsoe a 2 Bakorinthe 7:1 ka koloing ea hae e le khopotso ea letsatsi le letsatsi ea hore a lule a hloekile mahlong a Jehova. Ho ntse ho le joalo, ha aa ka a tlohela. Keiko oa hopola: “Ke ile ka nyahama haholo. Kahoo, ka qala ho ipotsa hore na ke hlile ke batla eng—na ke batla ho sebeletsa Jehova kapa Satane?” Kapele feela ha a entse qeto ea hore o batla ho sebeletsa Jehova, o ile a rapella thuso ka tieo. Oa hopola: “Ho ileng ha ’makatsa ke hore ke ile ka khona ho khaotsa ho tsuba ntle ho bothata. Ke soaba feela hore ha kea ka ka nka bohato kapele.”
Le uena u ka atleha ho hlōla litšitiso tsa tsoelo-pele ea hao. Ha u etsa hore likhopolo, litakatso, mantsoe le liketso tsa hao li lumellane ka ho eketsehileng le litekanyetso tsa Bibele, ke moo u tla ikutloa u kholisehile u bile u e-na le sebete ka ho eketsehileng. Bara le barali beno ba moea hammoho le litho tsa lelapa, ba tla khatholoha le ho khothala ha ba e-na le uena. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa, u tla tebisa kamano ea hao le Jehova Molimo. O tšepisitse hore o tla tlosa ‘tšitiso leha e le efe tseleng ea batho ba hae’ ha ba baleha taolo ea Satane. (Esaia 57:14) U ka kholiseha hore ha u ikitlaelletsa ho tlosa le ho hlōla litšitiso tsa hore u tsoele pele moeeng, Jehova o tla u hlohonolofatsa haholo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova ka lipuo tse ’maloa.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Jesu o tšepisitse hore ka tumelo, litšitiso tse kang lithaba li tla hlōloa
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ho bala Bibele ho matlafatsa boiteko ba rōna ba ho hlōla bofokoli ba moea