Tlhōlo Lekhotleng le Leholo la Molao oa Motheo
LIPAKI TSA JEHOVA tsa Jeremane li ile tsa hlōla nyeoe ea bohlokoa Lekhotleng le Leholo la Molao oa Motheo Karlsruhe. Ka tsela eo li ile tsa nka bohato ba bohlokoa mabapi le hore li amoheloe ka molao.
Haesale Lipaki tsa Jehova li ntse li bolela Jeremane ka lilemo tse fetang 100. Li ile tsa hlorisoa habohloko ke mebuso e ’meli ea bompoli ea lekholong la bo20 la lilemo—oa Bonazi le oa Bokomonisi. Ho tloha ka 1990, Lipaki li ’nile tsa batla ho amoheloa ka molao. Ka mor’a ho emeloa likahlolong tse peli le ho tsuoa ho e le ’ngoe, Lipaki li ile tsa ipiletsa Lekhotleng le Leholo la Molao oa Motheo, le ileng la phatlalatsa qeto ea lona ka la 19 December, 2000.
Qeto e Entsoeng ka Ntsoe-leng Bakeng sa Lipaki Tsa Jehova
Baahloli bohle ba supileng ba lekhotla ba ile ba etsa qeto e emelang Lipaki. Baahloli bana ba ile ba etsolla kahlolo ea 1997 ea Lekhotla le Leholo la Tsamaiso ’me ba laela lekhotla leo hore le boele le hlahlobe kōpo ea Lipaki.
Lekhotla le Leholo la Molao oa Motheo le ile la sebelisa ketsahalo ena ho hlalosa kamano ea motheo pakeng tsa Naha le lihlopha tsa bolumeli. Ha e le hantle, boemo ba bolumeli “ha bo etsetsoe qeto ka tumelo ea bona, bo etsetsoa qeto ka boitšoaro ba bona.”
Lekhotla le ile la boela la bolela hore ka “ho se jele paate ha Bokreste,” Lipaki ha li “hlasele molao-motheo oa demokrasi” ebile ha li “lakatse ho nkela demokrasi sebaka ka puso ea mofuta o mong.” Kahoo, ho se kopanele likhethong tsa lipolotiki ha hoa lokela ho amoheloa e le bopaki bo khahlanong le Lipaki kōpong ea tsona ea ho amoheloa ka molao.—Johanne 18:36; Baroma 13:1.
Lekhotla le ile la boela la bolela hore ka linako tse ling molumeli—ebang ke Paki kapa oa bolumeli bo bong—a ka ’na a iphumana a le boemong boo ho bona litlhoko tsa Naha le tsa bolumeli ba hae li loantšanang. Haeba motho eo a latela letsoalo la hae ka “ho mamela tumelo ea hae ho feta molao,” Naha e ka ’na ea talima sena e le se loketseng ebile se le tumellanong le tokoloho ea bolumeli.—Liketso 5:29.
Qeto ena ea lekhotla e ile ea e-ba sehlooho sa litaba. Hoo e ka bang likoranta tsohle tsa Jeremane li ne li e-na le tlaleho ea nyeoe ena. Litsi tsohle tse khōlō tse phatlalatsang ka thelevishene le seea-le-moea li ile tsa hasa litlaleho kapa lipuisano. Ha ho mohla lebitso la Jehova le ileng la phatlalatsoa ka bophara hakana Jeremane.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]
AP Photo/Daniel Maurer