Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Jobo o ile a ba mahlomoleng ka nako e kae?
Batho ba bang ba nahana hore liteko tsa Jobo li ile tsa nka lilemo tse ngata, empa buka ea Jobo ha e bontše mahlomola a nako e telele joalo.
Ho bonahala karolo ea pele ea liteko tsa Jobo, e leng ho shoeloa ke litho tsa lelapa le ho lahleheloa ke thepa, e bile khutšoanyane. Rea bala: “Joale ea e-ba letsatsi leo ka lona bara ba [Jobo] le barali ba hae ba neng ba ja ’me ba noa veine ka tlung ea mor’abo bona oa letsibolo.” Jobo o ile a fumana litlaleho tse latellanang tsa hore o lahlehetsoe ke likhomo tsa hae, liesele tsa hae, linku tsa hae, likamele tsa hae le bahlanka ba hlokomelang liphoofolo tseo. Ho bonahala eka, hang ka mor’a moo Jobo o ile a tseba ka lefu la bara le barali ba hae ba neng ba ntse “ba ja ’me ba noa veine ka tlung ea mor’abo bona oa letsibolo.” Ho bonahala eka sena sohle se etsahetse ka letsatsi le le leng.—Jobo 1:13-19.
Karolo ea bobeli ea liteko tsa Jobo e tlameha ebe e ile ea nka nako e eketsehileng. Satane o ile a bua le Jehova ’me a bolela hore Jobo o tla hlōloa ke teko haeba a ka hlokofatsoa ka boeena—’meleng. Jobo o ile a otloa “ka mathopa a bolaeang ho tloha bohatong ba leoto ho ea har’a hlooho.” E ka ’na eaba ho ile ha nka nako hore boloetse bona bo tlale ’mele oa hae. Hape, e ka ’na eaba ho ile ha nka nako hore litaba tsa “tlokotsi ena eohle e mo hlahetseng” li fihle ho batšelisi-’mōtoana ba hae, ba ileng ba ea ho eena.—Jobo 2:3-11.
Elifaze o ne a hlaha Temane naheng ea Edomo, ’me Tsofare a e-tsoa Arabia ka leboea-bophirimela, kahoo libaka tsa habo bona li ne li se hōle le hahabo Jobo Utse, eo mohlomong e neng e le Arabia ka leboea. Leha ho le joalo, Bildade e ne e le Moshuha, ’me ho lumeloa hore batho ba habo ba ne ba sikile le nōka ea Eufrate. Haeba Bildade o ne a le hahabo ka nako eo, ho ne ho ka ’na ha mo nka libeke kapa likhoeli hore a utloe ka boemo ba Jobo le hore a etele Utse. Ha e le hantle, ho ka etsahala hore ebe ka boraro ba bona ba ne ba le haufi le hahabo Jobo ha mahlomola a hae a qaleha. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, ha metsoalle e meraro ea Jobo e fihla, e ile “ea lula le eena fatše ka matsatsi a supileng le masiu a supileng” ho-se-nko-u-tsoa-lemina.—Jobo 2:12, 13.
Joale ho ile ha latela karolo ea ho qetela ea liteko tsa Jobo, eo makolopetso a eona a tletseng likhaolo tse ngata tsa buka ena. Ho bile le letoto la liphehisano le lipuo tsa bana bao ho neng ho thoe ke batšelisi, ’me hangata Jobo o ne a araba. Ha li felile, mohlankana Elihu o ile a khalemela, eaba Jehova o khalemela Jobo a le maholimong.—Jobo 32:1-6; 38:1; 40:1-6; 42:1.
Kahoo, e ka ’na eaba mahlomola a Jobo le tharollo ea ’ona a etsahetse ka likhoeli tse seng kae, mohlomong nako e ka tlaase ho selemo. E ka ’na eaba u tseba ka se kileng sa u hlahela hore ho bonahala eka liteko tse thata li tsoela pele ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, re se ke ra lebala hore lia feta, joaloka tsa Jobo. Ho sa tsotellehe hore na liteko tseo re tobanang le tsona li tsoela pele halelele hakae, a re hopoleng hore Molimo o re tšehelitse, joalokaha ho bontšoa mantsoeng ana a bululetsoeng: “Le hoja matšoenyeho e le a motsotsoana ’me a le bobebe, a re hlahisetsa khanya ea boima bo fetisisang bo ntseng bo eketseha ’me ke ea ka ho sa feleng.” (2 Bakorinthe 4:17) Moapostola Petrose o ile a ngola: “Ka mor’a hore le utloe bohloko ka nakoana, Molimo oa mosa oohle o sa tšoanelang, ea le bitselitseng khanyeng ea hae e sa feleng bonngoeng le Kreste, o tla qetela koetliso ea lōna, o tla le tiisa, o tla le matlafatsa.”—1 Petrose 5:10.