Lengolo la Bopaki la Mosebetsi o Khabane
LENA ke lengolo leo Mokhatlo oa Congo le oa Afrika oa Baqolotsi ba Litaba Bakeng sa Ntšetso-pele Rephabliking ea Demokrasi ea Congo (AJOCAD) o fanang ka lona ho “tlotla batho kapa mekhatlo ea sechaba e ipabolang tlatsetsong ea eona ea ntšetso-pele ea naha [ea Congo].”
Ka la 17 November, 2000, Lipaki tsa Jehova li ile tsa fuoa Khau ea Mosebetsi o Khabane “ka lebaka la ho tlatsetsa ha tsona ntšetso-peleng ea batho ba Congo [ka] thuto le boitsebiso bo fuperoeng ke lingoliloeng tsa tsona.”
Ha e bua ka moputso ona, koranta ea Kinshasa Le Phare e ile ea re: “Ho thata ho fumana moahi oa Congo ea e-song ho be le makasine ea Molula-Qhooa kapa Tsoha! kapa sengoliloeng leha e le sefe se hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova. Limakasine tsena li bua ka likarolo tsohle tsa bophelo.” Koranta eo e ile ea boela ea hlalosa hore lingoliloeng tsena li bontša “kamoo ho ka sebetsanoang le mathata a kajeno kateng” ebile li fana ka “tlhaloso ea sebele mabapi le liketsahalo tsa mehleng ea kajeno.” Ea boela ea bontša hore tokollo ka ’ngoe ea Tsoha! “ha e nke lehlakore lipolotiking ’me ha e nke morabe o itseng o phahametse o mong.” Ho phaella moo, lingoliloeng tsena li haha “tšepo tšepisong ea ’Mōpi ea lefatše le nang le khotso le le sireletsehileng le tla tloha le nkela tsamaiso ena e khopo ea lintho sebaka, e se nang molao.”
Joalokaha AJOCAD e bontšitse, lingoliloeng tsa Lipaki tsa Jehova li ruisitse palo e khōlō ea baahi ba Congo molemo. Molaetsa oa tsona o fumanehang ka lipuo tse makholo, o ka u ruisa molemo le uena.
Ka kōpo bona boitsebiso bo ka tlaase bakeng sa ho bona kamoo u ka ruang molemo ho tsona.