Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 9/1 maq. 19-21
  • “Ho Etsahala’ng Fora?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ho Etsahala’ng Fora?”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Letsatsi le Lelelele
  • Liphello
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 9/1 maq. 19-21

“Ho Etsahala’ng Fora?”

“Tokoloho, tokoloho e ratehang,” ana ke mantsoe a pina ea sechaba ea Fora, “La Marseillaise.” Ntle ho pelaelo, tokoloho ke ntho ea bohlokoa. Leha ho le joalo, liketsahalo tsa morao-rao tjena Fora li baka ngongoreho ea hore litokoloho tsa motheo lia hlokomolohuoa. Ke ka lebaka leo, ka Labohlano la la 3 November, 2000, Lipaki tsa Jehova tse mashome a likete li ileng tsa aba kakaretso ea likopi tse limilione tse 12 tsa pampitšana e khethehileng e nang le sehlooho se reng “Ho Etsahala’ng Fora? Na Tokoloho e ka Boela ea Hatelloa?”

KA LILEMO tse ’maloa joale, Lipaki tsa Jehova Fora li ’nile tsa hlaseloa ke bo-ralipolotiki ba sa tšoaneng le lihlopha tse khahlanong le lihlopha tsa bokhelohi. Sena se baketse Lipaki mathata e le batho ka bomong, phuthehong le sechabeng. Leha ho le joalo, ka la 23 June, 2000, Conseil d’État, e leng lekhotla le phahameng ka ho fetisisa la tsamaiso Fora, le ile la etsa qeto ea bohlokoa e ileng ea tiisa maikutlo a atileng a makhotla a tlaasana a 31 linyeoeng tse fetang 1 100. Lekhotla le phahameng le ile la tiisa hore borapeli ba Lipaki tsa Jehova bo tumellanong e feletseng le molao oa Fora ’me Liholo tsa tsona tsa ’Muso li tšoanela ho lokolloa lekhethong joaloka malumeli a mang.

Leha ho le joalo, ka ho se tsotelle qeto ena ka ho feletseng, Lekala la Lichelete la Fora le ntse le tsoela pele ho hana ho lokolla Lipaki tsa Jehova lekhethong tumellanong le molao o etselitsoeng mekhatlo ea bolumeli. Lekala le laetse hore ho ntšoe lekhetho le etsang karolo ea 60 lekholong ea menehelo e etsoang ke Lipaki le metsoalle ea tsona e kopanelang liphuthehong tse 1 500 Fora. Ho hlahletsoe nyeoe ka taba ena hajoale.

Sepheo sa phutuho e boletsoeng ka holimo e ne e le ho pepesa ho ikhanyetsa hona le ho totobatsa likotsi tse ke keng tsa hanyetsoa tsa lekhetho le hatellang joalo le tsa melao e sisintsoeng e tla hlokomoloha tokoloho ea bohle ea bolumeli.a

Letsatsi le Lelelele

Ka hora ea bobeli ka matjeke, Lipaki liphuthehong tse ling li qala ho aba lipampitšana ka ntle ho liteishene tsa terene le lifekthering ebe li ea boema-fofaneng. Ka hora ea botšelela, hoa hlanasela Paris. Baithaopi ba ka bang 6 000 ba eme libakeng tse loketseng bakeng sa ho kopana le bapalami ha ba e-ea mosebetsing. Mosali e mong e mocha o re: “Seo le se etsang bakeng sa tokoloho ea bolumeli sea babatseha. Hase Lipaki tsa Jehova feela tse amehang.” Marseilles, Lipaki tse fetang 350 li aba lipampitšana liteisheneng tse ka tlas’a lefatše le seterateng. Ha ho fetile hora feela, seea-le-moea sa sechaba se phatlalatsa phutuho ena, se bolella bamameli hore ba se ke ba makala ha ba emisoa ke Lipaki tsa Jehova. Strasbourg, moo Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le leng teng, baeti seteisheneng se seholo ba etsa mokoloko ka mamello ho fumana kopi. ’Muelli e mong oa molao o re le hoja a sa lumele seo re se lumelang, o behile nyeoe ea rōna leihlo ka thahasello, kaha re loanela ntho ea bohlokoa le e lokileng.

Ka hora ea borobeli, ho sa tsotellehe pula ea litloebelele, Lipaki tse 507 motseng oa Alpine oa Grenoble lia phethesela literateng kapa li kenya lipampitšana ka mabokoseng a poso. Ha bakhanni ba makoloi le ba literempe ba bona hore ho na le se etsahalang, ba emisa makoloi a bona ’me ba kōpa pampitšana. Motseng o ka bophirimela oa Poitiers, baeti ba fihlang ka terene ka hora ea borobong ba se ba ntse ba fumane pampitšana moo ba palameng teng. Mulhouse, haufi le moeli oa Jeremane, ho se ho abuoe likopi tse 40 000.

Ka hora ea leshome, liphutheho tse ngata li se li abile karolo e ka holimo ho halofo ea lipampitšana tsa tsona. Ha ho atamela motšehare oa lengeta, ke batho ba fokolang haholo ba hanang pampitšana, ’me ho bile le lipuisano tse ngata tse monate. Besançon, lik’hilomithara tse ka holimo ho 80 feela ho tloha moeling oa Switzerland, mohlankana o bontša thahasello Bibeleng ’me o botsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse ho utloa bohloko. Lipaki lia mo mema e le hore li ntšetse pele puisano ena Holong ea ’Muso e haufi, moo ho qalisoang thuto ea Bibele hang-hang ka bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?

Har’a mp’a motšehare Lipaki tse ngata li sebelisa khefu ea lijo tsa motšehare ho bolela ka hora e le ’ngoe kapa tse peli. Ho pholletsa le thapama, kabo e tsoela pele, ’me liphutheho tse ngata li qeta ka hora ea boraro kapa ea bone thapameng eo. Motseng o tsebahalang ka champagne oa Reims, batho ba bang ba kileng ba ithuta le Lipaki tsa Jehova kapa ba kopanela le tsona, ba bolela hore ba lakatsa ho tsosolosa ho kopanela le phutheho. Bordeaux, ho qalisoa lithuto tse tharo tsa Bibele. Hona motseng ona, Paki e ’ngoe e kena ka lebenkeleng ho ea reka koranta ’me e bona qubu ea lipampitšana k’haontareng. Mong’a lebenkele, eo e kileng ea e-ba Paki, o ile a fuoa pampitšana, ’me ha a hlokomela bohlokoa ba eona, a iketsetsa likopi tseo a tla li aba.

Le Havre, Normandy, mofumahali e mong oa Moprostanta ea ileng a utloa seea-le-moeeng hore monehelo oa Lipaki tsa Jehova o lefisoa lekhetho, o maketse. O amohela pampitšana ka thahasello ’me o babatsa Lipaki ha li ipelaelitse ka ho hloka toka ho joalo. Ka 7:20 mantsiboea, litabeng tsa TV sebakeng sa Lyons ho buuoa ka kabo ena, ho thoe: “Hoseng hona ho ne ho le bonolo ho qoba marotholi a pula ho feta ho qoba lipampitšana tsa Lipaki tsa Jehova.” Ho buisanoa le Lipaki tse peli ’me li hlalosa mabaka a phutuho ena.

Lipaki tse neng li batla ho ba le seabo ka mor’a mosebetsi oa boipheliso li aba lipampitšana tse ling ho bapalami ba tsoang maetong a bona ’me li kenya tse ling ka har’a mabokose a poso. Metseng e kang Brest le Limoges—e tsebahalang ka ho etsa thepa ea letsopa—batho ba tsoang ka 11:00 bosiu moo ho shebelloang libaesekopo teng ba har’a ba ho qetela ba fuoang pampitšana letsatsing leo. Lipampitšana tse setseng lia bokelloa ’me li abuoa hoseng ho latelang.

Liphello

Paki e ’ngoe e ile ea ngola: “Lira tsa rōna li nahana hore lia re fokolisa. Ha e le hantle, lia re matlafatsa.” Liphuthehong tse ngata, Lipaki tse etsang karolo e ka holimo ho 75 lekholong li bile le seabo letsatsing leo, tse ling li qetile lihora tse 10, tse 12, kapa tse 14 mosebetsing ona. Hem, ka leboea ho Fora, ka mor’a ho sebetsa chifi ea bosiu, Paki e ’ngoe e ile ea aba lipampitšana ho tloha ka hora ea bohlano ka matjeke ho fihlela ka hora ea boraro thapama. Denain e haufi, moo esaleng ho e-na le phutheho ho tloha ka 1906, Lipaki tse 75 li qeta lihora tse 200 li aba lipampitšana ka Labohlano. Ho sa tsotellehe botsofali, bokuli le boemo bo seng botle ba leholimo, ba bang ba ne ba ikemiselitse ho nka karolo. Ka mohlala, Le Mans, ba bararo ba lilemong tsa bo-80 ba ile ba qeta lihora tse peli ba kenya lipampitšana ka mabokoseng a poso, ’me Paki e tsamaeang ka setulo sa likooa e ile ea aba lipampitšana ka pel’a seteishene sa terene. E bile ho khothatsang hakaakang ho bona Lipaki tse ngata tse neng li se li sa kopanele tšebeletsong li nka karolo mosebetsing oo o khethehileng!

Ntle ho pelaelo, kabo ena e feletse ka bopaki bo boholo. Batho ba limelo tsohle, bao ba bangata ba bona ba fumanehang seoelo malapeng, ba ile ba fumana pampitšana. Batho ba bangata ba ne ba nka hore ketso ena e finyeletse se fetang ho sireletsa lithahasello tsa Lipaki. Ba bangata ba ile ba e nka e le ho loanela tokoloho ea letsoalo le borapeli bakeng sa batho bohle ba Fora. E le bopaki ba sena, batho ba ile ba kōpa lipampitšana tse eketsehileng hore ba tle ba li fe metsoalle, basebetsi-’moho kapa beng ka bona.

E, Lipaki tsa Jehova Fora li motlotlo ho tsebahatsa lebitso la Jehova le ho sireletsa lithahasello tsa ’Muso. (1 Petrose 3:15) Tšepo ea tsona e tiileng ke hore ‘li ka tsoela pele li phela bophelo bo khutsitseng le bo thōtseng ka boinehelo bo feletseng ba bomolimo le ho nka lintho ka botebo bo feletseng’ le hore ba bang hape ba likete ba tla ikopanya le tsona ho roriseng Ntate oa tsona oa leholimo, Jehova.—1 Timothea 2:2.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho ile ha etsoa phutuho e tšoanang ka January 1999 ho ipelaetsa ka khethollo ea bolumeli. Bona Molula-Qhooa oa August 1, 1999, leqepheng la 9 le Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2000, leqepheng la 24-6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela