Metsi a Fanang ka Bophelo aa Phalla Andes
Lithaba tsa Andes li entse mokoloko bohareng ba Peru, li arola naha likarolo tse peli, ka bophirimela ke sebaka se omeletseng se lebōpong la leoatle ha ka bochabela e le moru o nonneng o tletseng mouoane. Sebaka sena se lithaba ke lehae la karolo ea boraro ea baahi ba limilione tse 27 ba Peru. Ba phela lihlabeng tse phahameng le matsoapong a lithaba tsa Andes kapa likhohlong tse tebileng haholo le liphuleng tse enneng tsa karolo eo e lithaba ea naha.
MOKOLOKO o matsutla-tsutla oa lithaba tsa Andes o etsa hore ho be thata ho kenella ka hare ha u hlaha ka ntle. Ka lebaka leo, ba limilione ba phelang moo ba sebakeng se ka thōko, ’me bongata ba bona ha bo angoe ke liketsahalo kapa tsoelo-pele e etsahalang ka ntle ho sebaka sa bona.
Ho na le metse e hahiloeng mabōpong a linōkana e le ho etsa hore ho be bonolo ho fumana metsi a hlokahalang bakeng sa lijalo le mehlape ea li-llama, li-alpaca, li-vicuña le linku. Leha ho le joalo, ho na le mofuta o mong oa metsi a bohlokoa a phallang Andes—metsi a khathollang a moea a tsoang ho Jehova, “mohloli oa metsi a phelang.” (Jeremia 2:13) Molimo o sebelisa Lipaki tsa hae ho thusa batho ba lulang metseng e holimo-limo Andes ho fumana tsebo e nepahetseng ka eena le merero ea hae.—Esaia 12:3; Johanne 17:3.
Kaha ke thato ea Molimo hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete,” basebeletsi bana ba etsa boiteko bo matla ba ho etela batho ba libakeng tseo ho leng thata ho li finyella ka molaetsa o fanang ka bophelo o tsoang Bibeleng. (1 Timothea 2:4) Molaetsa ona o thehiloeng Bibeleng o beha batho leseling ebile o tletse bokhabane. O lokolotse batho ba lipelo li tšepahalang ba sebakeng seo litumela-khoeleng, meetlong, le mehopolong e neng e etsa hore ba tšabe bafu, meea e mebe le matla a tlhaho. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore molaetsa ona o ba fa tšepo e khanyang ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.
Ho Etsa Boiteko
Baboleli ba ’Muso ba etelang libaka tsena tse ka thōko ba tlameha ho etsa liphetoho tse ngata. E le hore e ka finyella lipelo tsa batho, mesuoe ea Bibele e tlameha ho ba le tsebo e itseng ea Sequechua kapa Seaymara, e leng lipuo tse peli tsa sebakeng seo.
Ha ho bonolo ho fihla metseng e Andes. Ha ho na liporo tse ngata tsa literene libakeng tseo. Tsamaiso ea lipalangoang ho hang ha e tšepahale ’me hangata e laoloa ke boemo bo bobe ba leholimo le sebōpeho se sa tloaelehang sa litsela. Ha ho le joalo, Lipaki li finyella batho joang ka molaetsa oa ’Muso?
Baboleli ba sebete ba litaba tse molemo ba ikemiselitse ho thulana le phephetso ena ’me ba arabetse ka moea o tšoanang le oa moprofeta Esaia: “Ke ’na enoa! Roma ’na.” (Esaia 6:8) Ba sebelisitse lik’haravene tse tharo ho finyella likarolong tse ka leboea, tse bohareng le tse ka boroa. Ba hlometse ka mabokose a mangata a tletseng Libibele kapa lingoliloeng tsa Bibele, bo-pula-maliboho bana ba chesehang, kapa basebeletsi ba nako e tletseng, ba jetse peō ea ’nete ea Bibele har’a batho ba tletseng botsoalle, ba nang le kamohelo e mofuthu ea baeti le ba lipelo li tšepahalang ba lulang moo.
Methinya e lithabeng e kotsi haholo. E le hore li ka khona ho tsamaea ho e meng ea methinya ena, lipalangoang li lokela ho tsamaea litseleng tse tsoelipaneng. Nakong ea leeto le leng le joalo, moromuoa e mong ea neng a lutse setulong se ka morao-rao ka har’a bese o ile a hlolisa ka fensetere ’me a hlokomela hore le leng la mabili a ka morao le ne le le lintšing tsa selomo se bophahamo ba limithara tse 190! O ile a koala mahlo ho fihlela bese e feta moo.
Litsela tse ling li boemong bo bobe ebile li moqotetsane haholo. Ha e tsamaea tseleng e matsutla-tsutla joalo, e ’ngoe ea lik’haravene tsa baromuoa e ne e theoha tseleng e moqotetsane ha e kopana le teraka e neng e nyoloha. K’haravene eo e ile ea lokela ho chechisetsoa morao ho fihlela moo ho neng ho e-na le sebaka se lekaneng hore tereka e ka khona ho feta.
Leha ho le joalo, litholoana tsa boiteko bo tsoelang pele joalo li totobetse ka tsela e hlollang. Na u lakatsa ho tseba ho eketsehileng ka boiteko boo?
Ho “Nosetsa” Letša la Titicaca
Sebakeng se kang morifi se Lithabeng tsa Andes tse bophahamo ba limithara tse 3 800 ka holimo ho leoatle, ho fumanoa Letša la Titicaca, e leng letša le phahameng ka ho fetisisa lefatšeng le ka hare ho naha le leo ho ka tsamauoang ho lona ka sekepe. Litlhōrō tsa lithaba tse koahetsoeng ke lehloa, tseo tse ling tsa tsona li leng bophahamo ba limithara tse 6 400, ke mohloli oa boholo ba linōka tse 25 tse fepelang Titicaca. Ka lebaka la bophahamo ba sebaka sena, hoa bata, ebile batho ba sa tsoalloang moo ba ba le bothata ba ho kula ka lebaka la bophahamo ba sebaka seo.
Nakong e itseng e fetileng, sehlopha sa bo-pula-maliboho ba buang Sequechua le Seaymara se ile sa etela lihlekehlekeng tsa Amantani le Taquile tse Letšeng la Titicaca. Se ile sa eta se nkile nehelano ea li-slide e nang le sehlooho se reng, “Ho Talimisisa ka Likerekeng,” e leng tlhahlobo e tobang taba ea mashano a Bokreste-’mōtoana. Ba bangata ba ile ba e ananela. Monna e mong o ile a amohela barab’abo rōna ’me a ba fa kamore e khōlō ntlong ea hae moo ba neng ba ka lula teng le ho ruta Bibele.
Seboka sa pele se ileng sa tšoareloa Amantani se ile sa hohela batho ba 100; ha sebokeng se sehlekehlekeng sa Taquile ba ileng ba e-ba teng ba ne ba le 140. Nehelano e ne e fanoa ka Sequechua. Banyalani ba bang bao pele ba neng ba lula karolong ea naha moo e seng sehlekehleke ba ile ba re: “E ne e se e le nako ea hore lōna Lipaki tsa Jehova le re hopole. Ke nako joale re ntse re rapella hore le tle.”
Ntle ho lihlekehleke tsena tse peli tse khōlō, lihlekehleke tse ling tse lekanyetsoang ho 40 tse “phaphametseng” ka holim’a Letša la Titicaca le tsona li finyeletsoe ka litaba tse molemo. Lihlekehleke tse phaphametseng? E, li entsoe ka li-totora, lehlaka le melang libakeng tse sa tebang tsa letša. Li-totora li hlahella ka holim’a metsi. E le hore ba ka etsa sehlekehleke, batho ba sebakeng seo ba koba lehlaka lena le sa ntseng le metse ka metso botlaaseng ba letša, ba le lohella hammoho ho etsa folomente. Folomente ena e katoa ka seretse se kopantsoeng le lehlaka le ponngoeng. Batho ba lula ka har’a matlo a lehlaka a hahiloeng ka holimo.
Lipaki tsa Jehova li ile tsa fumana seketsoana seo li ka se sebelisang ho bolela ho batho ba lihlekehlekeng tsena tsa Letša la Titicaca. Seketsoana sena se ka palamisa batho ba 16. Ka mor’a ho emisa seketsoana seemelong sa liketsoana lihlekehlekeng tsena tse phaphametseng, Lipaki li tsamaea holim’a folomente e entsoeng ka lehlaka ho tloha ntlong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Li re hangata li utloa folomente ena e sisinyeha ka tlas’a maoto. Sena hase sebaka se loketseng batho ba kulisoang ke ho sisinyeha ho kang hoa sekepe!
Ha e le batho ba buang Seaymara, ba lula tikolohong ena eohle le metseng e pel’a lebōpo le lihloahloeng tse kenellang ka har’a letša. Ho bonolo ho finyella libakeng tsena ka seketsoana ho e-na le ho tsamaea moo ho omileng. Ka kakaretso, ho hakanngoa hore ke batho ba ka bang 400 000 ba lulang libakeng tseo ho tsona ho sebelisoang liketsoana tse joalo ho hasa molaetsa oa ’Muso. Liketsoana tsena li tla lula li le maphathaphathe ka nako e teletsana e tlang.
Ho Kholisa Lenyora la Moea
Flavio o ne a lula motseng oa Santa Lucía, haufi le Juliaca, Andes. Kereke ea hae ea Evangeli e ne e mo rutile thuto ea bolumeli ea mollo oa lihele. Ka lilemo tse ngata o ne a ntse a phela ka tšabo ea kotlo ea mollo ea ka ho sa feleng. Ka makhetlo a mangata o ne a ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo ea lerato a ne a ka hlokofatsa batho mollong ka nako e sa lekanyetsoang. Ha Tito, eo e neng e le mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova a etela motseng oo, o ile a teana le Flavio.
E ’ngoe ea lipotso tsa pele tseo Flavio a ileng a li botsa e ne e le e reng, “Na bolumeli ba hao bo ruta hore batho ba hlokofatsoa mollong oa lihele?” Tito o ile a arabela ka hore khopolo e joalo ea nyonyeha ho ’Mōpi ebile e nyelisa lebitso la Jehova, Molimo ea lerato. A sebelisa Bibele ea Flavio, Tito o ile a mo bontša hore ho hang bafu ha ba tsebe letho le hore ba emetse tsoho ea lefatšeng ka tlas’a ’Muso oa Molimo. (Moeklesia 9:5; Johanne 5:28, 29) Sena se ile sa tutubolla Flavio mahlo. Kapele-pele o ile a lumela ho ba le thuto ea Bibele ’me ka potlako ea e-ba Mokreste ea kolobelitsoeng.
Motse o Bontšang Kananelo
Ak’u nahane hore na ho thahasellisa hakaakang ho tlisa Mangolo ho baahi ba motse bao ho seng mohla ba kileng ba bona kopi ea Bibele kapa ho etsa mosebetsi oa boboleli metseng eo ho eona ho seng mohla baahi ba kileng ba utloela letho ka Lipaki tsa Jehova kapa litaba tse molemo tseo li buang ka tsona! Ena e bile phihlelo eo baralib’abo rōna ba bararo ba bo-pula-maliboho ba bileng le eona—e leng Rosa, Alicia le Cecilia—ba ileng ba etsa mosebetsi oa boboleli metseng ea Izcuchaca le Conayca, e bophahamong ba limithara tse 3 600 ka holimo ho leoatle Peru bohareng.
Ha ba fihla motseng oa pele, ba ne ba se na sebaka sa bolulo. Ba ile ba buisana le molaoli oa sepolesa oa sebakeng seo, ba hlalosa lebaka leo ba etileng ka lona. Phello e bile efe? O ile a ba lumella ho qeta bosiu bo le bong seteisheneng sa mapolesa. Ka le hlahlamang, bo-pula-maliboho bana ba ile ba fumana sebaka sa bolulo seo ba ka se sebelisang nako e telele se ileng sa fetoha setsi sa bona sa tšebetso.
Kapele ho ile ha fihla nako ea Sehopotso sa lefu la Kreste sa selemo le selemo. Bo-pula-maliboho bana ba ne ba se ba etetse matlong ’ohle a fumanehang motseng oa Izcuchaca, ba fane ka Libibele tse ngata, ’me ba qalile lithuto tse ngata tsa Bibele. Pele ho Sehopotso, ba ile ba fana ka limemo tsa ho tla ketsahalong ena, tse neng li hlalosa morero oa ho e keteka le se boleloang ke litšoantšetso tse tla sebelisoa nakong ea mokete oa sehopotso. Ho ne ho menngoe sehlopha sa barab’abo rōna hore se tl’o thusa ketsahalong ena, ’me e mong oa bona o ile a fana ka puo. Ho ne ho thabisa hakaakang ho bona batho ba 50 ba motsaneng oo ba le teng ketsahalong ee ea bohlokoa! Ka lekhetlo la pele, ba ile ba utloisisa seo Lijo tsa Shoalane tsa Morena li hlileng li se bolelang. E ne e boetse e le ntho ea bohlokoa hakaakang ho bona ho tšoara Lentsoe la Molimo ka matsoho a bona!
Ho Imolloa Meroalong e Boima
Kamehla hoa thabisa ho isa metsi a khathollang a ’nete ea Bibele ho batho ba botlamuoeng ba bolumeli ba bohata. Pisac e ne e le qhobosheane ea ’Muso oa boholo-holo oa Inca. Batho ba bangata ba lulang moo kajeno ba rutiloe thuto e sa lumellaneng le Mangolo ea mollo oa lihele. Baprista ba bona ba ba bolella hore ba ka ea leholimong feela ha ba buelloa ke bona.
Ke ho utloahalang hore ebe batho ba joalo ba nyoretsoe metsi a khathollang a ’nete ea Bibele. Nakong eo a ntseng a etsa mosebetsi oa boboleli ka ntlo le ntlo, mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova ea bitsoang Santiago o ile a fumana monyetla oa ho bolella monna e mong hore ba lokileng ba reretsoe ho phela lefatšeng la paradeise. (Pesaleme ea 37:11) Santiago o ile a sebelisa Bibele ho bontša hore bafu ba tla tsosoa le hore moloko oa batho o tla rutoa litsela tse phethahetseng tsa Jehova ka tebello ea bophelo bo sa feleng. (Esaia 11:9) Ho fihlela nakong eo, monna eo e ne e bile Mok’hatholike ea inehetseng, ea neng a itšunya-tšunya tšebelisanong le meea hape a noa ho feta tekano. Joale o ne a se a e-na le tšepo e thehiloeng Bibeleng le morero bophelong—ho phela Paradeiseng. O ile a chesa lintho tsohle tsa bolumeli tseo a neng a e-na le tsona tse amanang le tšebelisano le meea ’me a tlohela botahoa. O ile a bokella lelapa la hae ’me a amohela thuto ea Bibele. Ha ’mela o ntse o puta litho tsohle tsa lelapa li ile tsa inehela ho Jehova Molimo ’me tsa kolobetsoa.
Ho Ananeloa Kamohelo e Mofuthu ea Baeti
Batho ba lulang lithabeng tsena ba amohela baeti ka mofuthu. Le hoja matlo a bona a le boemong bo tlaase ’me ba futsanehile, ba fa baeti hoo ba nang le hona. Pele a tseba litekanyetso tse phahameng tsa Bibele, mong’a ntlo a ka fa moeti makhasi a coca hore a ’ne a a hlafune nakong eo puisano e tsoelang pele. Empa ka mor’a hore e be Paki, a ka fa moeti khaba ea tsoekere, ea boleng bo lekanang le makhasi a coca liprofinseng tse ka thōko.
Mora e mong oabo rōna o ile a kōpa moromuoa e mong hore a tsamaee le eena ha a e-ea leetong la ho boela. Ka mor’a hore ba nyolohe tselaneng e moepa e thabeng, ba ile ba opa matsoho e le ha ba tsebisa mong’a ntlo hore ba se ba fihlile. Ba ile ba memeloa ka har’a ntlo e ruletsoeng ka joang, moo ba ileng ba lokela ho inama ha ba kena monyakong o mokhutšoanyane. Ka hloko ba ile ba hata ka thōko ho khubu ea fuluru ea mobu, moo ’mè a neng a chekile sekoti eaba o kenya kobo ka har’a sona, ’me o beha lesea la hae. Kaha lesea lena le ne le sa khone ho tsoa ka sekoting seo, sohle seo le neng le ka se etsa ke ho keketeha ka thabo nakong eo batho ba baholo ba ntseng ba bua. Ka mor’a hore ba buisane ka cheseho ka litlhohonolofatso tsa ’Muso, mosali eo o ile a tla a tšoere mohope o molelele oa seno sa sebakeng seo. Ka mor’a moo bara bana babo rōna ba ne ba se ba le tseleng ho theosa le letsoapo ba e-ea maetong a eketsehileng a ho boela.
Kotulo e Khōlō
Hona joale sebakeng sena, ho na le lihlopha tse ka bang lekholo tse ka thōko tse nang le batho ba fetang sekete ba ithutang Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ba qetileng Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi se Lima ba ntse ba romelloa teng e le hore ba ka hōlisa lihlopha tsena hore e be liphutheho. Batho ba lipelo li lokileng bao e bileng batlamuoa ba bolumeli ba bohata le litumela-khoela ka nako e telele ba fumane tokoloho ka litaba tse molemo tsa ’Muso! (Johanne 8:32) Ho nyoreloa ha bona metsi a ’nete ho ntse ho kholisoa.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ho fana ka bopaki lihlekehlekeng “tse phaphametseng” tsa Letša la Titicaca