Sireletsa Letsoalo la Hao
KHOPOLO ea ho palama sefofane seo k’homphieutha ea sona e kentsoeng boitsebiso bo fosahetseng ea tšosa. Ho e-na le hoo, ak’u nke hore ho na le motho e mong eo ka sekhukhu a ileng a kena-kenana le lisebelisoa tse tataisang sefofane kapa eo ka boomo a kentseng boitsebiso bo fosahetseng ho tsona! Ha e le hantle, ka kutloisiso ea tšoantšetso, ke sona seo motho e mong a lekang ho se etsa ka letsoalo la hao. O ikemiselitse ho senya tsamaiso e laolang boitšoaro ba hao. Pakane ea hae ke ho u khelosetsa tseleng ea ho thulana le Molimo!—Jobo 2:2-5; Johanne 8:44.
Ke mang motho eo ea lekang ho baka tšenyo ee e sehlōhō? Ka Bibeleng, o bitsoa “noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Tšenolo 12:9) O ile a bonoa ha a sebetsa serapeng sa Edene ha ka tsela e thetsang a behelana mabaka le Eva, a mo susumelletsa ho hlokomoloha seo a tsebang hore se nepahetse le ho fetohela Molimo. (Genese 3:1-6, 16-19) Ho tloha ka nako eo, Satane e bile mohlophisi ea ka sehloohong oa ntšetso-pele ea litsi tsohle tsa qhekello bakeng sa ho etella batho bohle pele hore e be lira tsa Molimo. Setsi se molato ka ho fetisisa ho tsena ke bolumeli ba bohata.—2 Bakorinthe 11:14, 15.
Bolumeli ba Bohata bo Silafatsa Letsoalo
Bukeng ea Bibele ea Tšenolo, bolumeli ba bohata bo bontšoa e le seotsoa sa tšoantšetso se bitsoang Babylona e Moholo. Lithuto tsa bona li khopamisitse maikutlo a ho ba le boitšoaro a batho ba bangata ’me li entse hore ba hloee esita le ho ba mabifi khahlanong le ba nang le litumelo tse fapaneng. Ha e le hantle, ho ea ka Tšenolo, Molimo o nka bolumeli ba bohata e le bona bo ikarabellang haholo-holo bakeng sa mali “a bohle ba bolailoeng lefatšeng,” ho akarelletsa le barapeli ba Molimo.—Tšenolo 17:1-6; 18:3, 24.
Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae ka tekanyo eo ka eona bolumeli ba bohata bo neng bo tla sotha litekanyetso tsa boitšoaro tsa ba bang ha a ne a re: “Hora ea tla ea ha e mong le e mong ea le bolaeang a tla nahana hore o etselitse Molimo tšebeletso e halalelang.” Batho ba joalo ba foufetse hakaakang mabapi le boitšoaro! Jesu o ile a re: “Ha ba tsebe Ntate kapa ’na.” (Johanne 16:2, 3) Nakoana ka mor’a hore Jesu a bue mantsoe ao, o ile a bolaoa ka lebaka la tšusumetso e matla ea baeta-pele ba bang ba bolumeli, bao matsoalo a bona a neng a lumellana le tlōlo ea bona ea molao. (Johanne 11:47-50) Ho fapana le hoo, Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba ’nete ba tsebahala ka lerato leo ba nang le lona har’a bona. Empa lerato la bona ha le na meeli, hobane le akarelletsa le lira tsa bona.—Matheu 5:44-48; Johanne 13:35.
Tsela e ’ngoe eo bolumeli ba bohata bo sentseng matsoalo a batho ba bangata ka eona ke ka ho khotsofatsa takatso ea ho itšoara ka tsela leha e le efe e sa lokang, kapa ea ho hloka boitšoaro, eo e leng eona ntho e tloaelehileng haholo. Ha a bolela esale pele ka sena, moapostola Pauluse o ile a re: “Ho tla ba le nako ea ha ba sa tl’o mamella thuto e phelisang hantle, empa, tumellanong le litakatso tsa bona, ba tla ipokellela mesuoe hore litsebe tsa bona li tsikinyetsoe.”—2 Timothea 4:3.
Kajeno, baeta-pele ba bolumeli ba tsikinyetsa batho litsebe ka ho bolela hore ho kopanela liphate kantle ho lenyalo e ka ’na ea e-ba ntho e amohelehang ho Molimo. Ba bang ba khothalletsa liketso tsa bosodoma. Ha e le hantle, baruti ba bang ka bobona ke basodoma ba sehlahlo. Sehlooho se seng koranteng ea Brithani ea The Times se boletse hore “baruti ba leshome le metso e meraro ba tsebahalang pepenene ka bosodoma” ba khethiloe hore e be litho tsa Sinoto e Akaretsang ea Kereke ea Chache. Ha baeta-pele ba likereke ba furalla boitšoaro bo tšehetsoang ke Bibele ’me likereke tsa bona li sa etse letho ka seo, batho ba kenang likereke tseo bona ba lokela ho latela litekanyetso life? Kahoo ho hang ha ho makatse hore ebe ba limilione ba ferekane ka ho feletseng.
Ho molemo hakaakang ho tataisoa ke linnete tsa moea tsa boitšoaro tse rutoang ka Bibeleng tse kang matšoao! (Pesaleme ea 43:3; Johanne 17:17) Ka mohlala, Bibele e ruta hore lihlola kapa bafebi “ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” (1 Bakorinthe 6:9, 10) E re bolella hore banna kapa basali ba fetolang “tšebeliso ea bona ea tlhaho hore e be e khahlanong le tlhaho” ba “etsa se nyonyehang” mahlong a Molimo. (Baroma 1:26, 27, 32) Linnete tsena tsa boitšoaro ha lia qaptjoa ke batho ba sa phethahalang; ke litekanyetso tse bululetsoeng tsa Molimo, tseo ho seng mohla a kileng a li hlakola. (Bagalata 1:8; 2 Timothea 3:16) Empa Satane o na le litsela tse ling tsa ho senya letsoalo.
Khetha Boithabiso
Le hoja e le ntho e ’ngoe ho qobella motho e mong ho etsa ketso e mpe, ke ntho e ’ngoe e fapaneng ho etsa hore motho e mong a batle ho etsa ketso e joalo. Ke sona seo Satane, “’musi oa lefatše,” a ikemiselitseng ho se etsa. E le hore a ka hatisa mohopolo oa hae o litšila likelellong le lipelong tsa maoatla kapa ba sa lemoheng—haholo-holo ba bacha, ba pepesehetseng litlhaselo tsa hae haholo—o sebelisa mekhoa e kang libuka tse belaetsang, libaesekopo, ’mino, lipapali tsa k’homphieutha le litšoantšo tsa bootsoa mecheng ea boitsebiso ea Internet.—Johanne 14:30; Baefese 2:2.
Koranta ea Pediatrics e ile ea tlaleha: “Ho hakanngoa hore bacha [ba United States] ba shebella liketso tse mabifi tse ka bang 10000 selemo se seng le se seng, ’me mananeo a bana a thelevishene ke ’ona a li hulang pele ka pefo e feteletseng.” Tlaleho eo e ile ea boela ea bontša hore “selemo se seng le se seng, bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba shebella liketsahalo tse tobileng le tse sa tobang le metlae tse ka bang 15000 tse mabapi le ho kopanela liphate.” Tlaleho ena e boletse hore esita le nakong ea mantsiboea eo ka eona thelevishene e shebelloang ke batho ba bangata, “ho ba le liketsahalo tsa ho kopanela liphate tse fetang 8 ka hora e le ’ngoe, e leng palo e imenneng ka makhetlo a mane ha ho bapisoa le ka 1976.” Ha ho makatse hore ebe tlaleho eo e boetse e fumane hore “puo e hlohlontšang litsebe le eona e ntse e eketseha ka potlako.” Leha ho le joalo, ka bobeli Bibele le lipatlisiso tse ngata tsa saense li lemosa hore ho lemalla lintho tsena ho etsa hore batho ba be babe le ho feta. Kahoo haeba kannete u batla ho khahlisa Molimo le ho rua molemo, ela hloko Liproverbia 4:23, e reng: “U sireletse pelo ea hao, kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.”—Esaia 48:17.
Le ’mino o mongata o tummeng o silafatsa letsoalo. Tlaleho e hlahileng koranteng ea Australia ea The Sunday Mail e fana ka temoso ea hore sebini se seng seo lipina tsa sona li tummeng hohle li bileng li ratoang haholo linaheng tse ngata tse ka Bophirimela “se etsa boiteko bo khethehileng ba ho tšosa.” Sehlooho sena se bolela hore “lipina tsa sona li tlotlisa lithethefatsi, ho kopanela liphate le mong ka motho ea haufi le peto” le hore se “bina ka ho bolaea mosali oa sona le ho akhela setopo sa hae ka letšeng.” Mantsoe a mang a ’mino oo a nyonyeha haholo hoo a ke keng a phetoa mona. Empa leha ho le joalo, ’mino oa sona o hapile khau e tsebisahalang. Na u ne u ka rata ho jala mehopolo e litšila joaloka ee e boletsoeng ka holimo ka kelellong ea hao le ka pelong ea hao, le haeba e khabisitsoe ka ’mino? Re tšepa hore u ne u ke ke ua etsa joalo, hobane ba etsang joalo ba silafatsa matsoalo a bona ’me qetellong ba bōpa ka hare ho bona “pelo e khopo,” e ba fetolang lira tsa Molimo.—Baheberu 3:12; Matheu 12:33-35.
Kahoo khetha boithabiso ka bohlale. Bibele ea re phehella: “Lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.”—Bafilipi 4:8.
Botsoalle bo na le Tšusumetso Letsoalong la Hao
Ha e sa le bana, Neil le Franz ba ne ba thabela botsoalle bo hahang le Bakreste ba tšepahalang.a Empa ka mor’a nako, ho ea ka mantsoe a Neil, “ke ile ka qala ho tloaelana le metsoalle e mebe.” Ka masoabi, phello e ile ea e-ba tlōlo ea molao le ho kenngoa teronkong. Pale ea Franz le eona ea tšoana. O ile a tletleba: “Ke ne ke nahana hore nka itsoakanya le bacha ba lefatše kantle le hore ba be le tšusumetso ea letho ho ’na. Empa joalokaha Bagalata 6:7 e bolela, ‘Molimo a ke ke a songoa. Etsoe leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.’ Ke lemohile ke se ke le tebetebeng ea mathata hore ke ne ke fositse ’me Jehova o ne a nepile. Ke ahloletsoe ho lula teronkong bophelo bohle ba ka ka lebaka la phoso eo ke e entseng.”
Ka tloaelo batho ba kang Neil le Franz ha ba fetohe batlōli ba molao ka bosiu bo le bong; qalong, ba ne ba ke ke ba e-ba le monahano o joalo. Ho kheloha hona ho etsahala mohato ka mohato, ’me hangata mohato oa pele ke ho tloaelana le batho ba babe. (1 Bakorinthe 15:33) Ho ka ’na ha latela tšebeliso e mpe ea tahi kapa lithethefatsi. Ha e le hantle, ka tšoanelo letsoalo le ’nile la hlalosoa e le “karolo ea botho e qhibilihang ka har’a joala.” Ho tloha moo, tlōlo ea molao le boitšoaro bo bobe ha li sa le hōle hakaalo.
Ha ho le joalo, ke hobane’ng ha u nka mohato oo oa pele? Ho e-na le hoo, tloaelana le batho ba bohlale ba ratang Molimo e le kannete. Ba tla u thusa ho matlafatsa letsoalo la hao e le hore le ka u tataisa ka ho loketseng, ’me u qobe ho oela bohlokong bo boholo. (Liproverbia 13:20) Le hoja ba sa le teronkong, Neil le Franz ba se ba nka matsoalo a bona e le mpho ea Molimo e hlokang ho koetlisoa ka ho tšoanetseng, e, le ho baballoa. Ho feta moo, ba etsa sohle se matleng a bona ho haha kamano e ntle le Molimo oa bona, Jehova. E-ba bohlale, ’me u ithute liphosong tsa bona.—Liproverbia 22:3.
Sireletsa Letsoalo la Hao
Re bontša hore re batla ho sireletsa matsoalo a rōna ka ho hōlisa lerato le tumelo ho Molimo, le ka ho mo tšaba ka tsela e loketseng. (Liproverbia 8:13; 1 Johanne 5:3) Bibele e bontša hore letsoalo le sa angoeng ke litšusumetso tsena hangata lea fokola boitšoarong. Ka mohlala, Pesaleme ea 14:1 e bua ka bao ka lipelong tsa bona ba reng: “Jehova ha a eo.” Ho hloka tumelo hoo ho ama boitšoaro ba bona joang? Temana eo e tsoela pele: “Ba entse ka mokhoa o senyang, ba itšoere ka mokhoa o manyala mesebetsing ea bona.”
Batho ba se nang tumelo ea sebele ho Molimo ha ba na tšepo e tiileng bakeng sa bokamoso bo molemo. Kahoo, ba phelela hona joale, ba inehella litakatso tsa bona tsa nama. Filosofi ea bona e re: “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.” (1 Bakorinthe 15:32) Ka lehlakoreng le leng, bohle ba tsepamisitseng mahlo a bona moputsong oa bophelo bo sa feleng ha ba khelosoe tseleng ke menyaka ea lefatše lena ea nakoana. Joaloka k’homphieutha e tataisang e nepahetseng, matsoalo a bona a koetlisitsoeng a ba boloka tseleng ea ho mamela Molimo ka botšepehi ka ho feletseng.—Bafilipi 3:8.
Hore letsoalo la hao le lule le le matla ’me le sebetsa ka ho nepahetseng, le hloka tataiso ea kamehla e tsoang Lentsoeng la Molimo. Bibele e re bolella hore tataiso e joalo ea fumaneha ha e sebelisa puo ea tšoantšetso ’me e re: “Litsebe tsa lōna li tla utloa lentsoe ka mor’a lōna le reng: ‘Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona,’ esere la ea ka ho le letona kapa la ea ka ho le letšehali.” (Esaia 30:21) Kahoo behella ka thōko nako ea ’malo oa Bibele oa letsatsi le letsatsi. Sena se tla u matlafatsa le ho u khothatsa ha u loanela ho etsa se nepahetseng kapa ha u aparetsoe ke matšoenyeho le tšabo. Kholiseha hore Jehova o tla u tataisa boitšoarong le moeeng haeba u mo tšepa ka botlalo. E, etsisa mopesaleme ea ileng a ngola: “Ke behile Jehova ka pel’a ka kamehla. Kahobane o letsohong la ka le letona, nke ke ka therekelisoa.”—Pesaleme ea 16:8; 55:22.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe.
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Bolumeli ba bohata, boo ka Bibeleng bo hlalosoang e le “Babylona e Moholo,” ke bona bo ikarabellang bakeng sa ho thotofatsa matsoalo a ba bangata
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Priest blessing troops: U.S. Army photo
[Litšoantšo tse leqepheng la 6]
Ho shebella pefo le boitšoaro bo bobe ho tla senya letsoalo la hao
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Tataiso ea kamehla e tsoang Lentsoeng la Molimo e tla sireletsa letsoalo la hao