Mesebetsi e Molemo e Tlotlisa Molimo
BAKRESTE ba ’nete ba tlotlisa Molimo ka boitšoaro ba bona bo botle le mesebetsi ea bona e behang mohlala. (1 Petrose 2:12) Sena se ka bonoa ka se etsahetseng Italy lilemong tsa morao tjena.
Ka September 1997, tšisinyeho e matla haholo ea lefatše e ile ea otla likarolo tse fapa-fapaneng tsa Marche le Umbria, ea senya matlo a ka bang 90 000. Ka potlako feela lihlopha tsa Lipaki tsa Jehova li ile tsa phallela balumeli-’moho le tsona le batho ba bang. Ho ile ha fanoa ka lik’haravene, mekotlana ea ho robala, litofo, lijenereitara le lintho tse ling tse hlokahalang. Batho ba ile ba bona ha ho fanoa ka liphallelo tsena.
Koranta ea Il Centro e ile ea tlaleha: “Ba ileng ba fihla pele ka liphallelo libakeng tse amehileng e ne e le Lipaki tsa Jehova tsa Roseto [e profinseng ea Teramo] . . . Ntle le ho kopana ka linako tse itseng bakeng sa ho rapela, ba tšepahalang ho Jehova ba sebetsa ka tsela e atlehang, ba thusa ba mahlomoleng, ba sa tsotelle hore na ke ba bolumeli bofe.”
Ramotse oa Nocera Umbra, o mong oa metse e amehileng ka ho fetisisa, o ile a ngolla Lipaki a re: “Ke le leboha ho tloha pelong ka thuso eo le faneng ka eona ho baahi ba Nocera. Kea tiisa hore ke bolela maikutlo a baahi bohle ba eona.” Ho phaella moo, Lekala la Litaba tsa ka Hare le ile la abela Congregazione Cristiana dei Testimoni di Geova (Phutheho ea Bakreste ea Lipaki tsa Jehova) lengolo la bopaki la thoriso le khau “e le bopaki ba mosebetsi o entsoeng le mahlahahlaha a bontšitsoeng mesebetsing e amanang le boemo ba tšohanyetso bo ileng ba hlaha tikolohong ea Umbria le Marche.”
Ka October 2000, sekhohola se senyang se ile sa hlasela tikoloho ea Piedmont ka leboea Italy. Hape, Lipaki li ile tsa phalla ka potlako. Batho ba ile ba boela ba bona mesebetsi ena e metle. Tikoloho ea Piedmont e ile ea li fa letlapa la khopotso bakeng sa “mosebetsi oa [tsona oa] bohlokoa oa boithaopo oa ho tšehetsa baahi ba Piedmont ba anngoeng ke sekhohola.”
Jesu Kreste o ile a laea barutuoa ba hae a re: “Leseli la lōna le ke le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntat’a lōna ea maholimong.” (Matheu 5:16) Lipaki tsa Jehova ha li itlotlise empa ka thabo li tlotlisa Molimo ha li etsa ‘mesebetsi e metle’ e thusang baahelani ba tsona moeeng le ka litsela tse ling.