Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 5/15 maq. 24-28
  • Botšepehi bo Tataisa ba Lokileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botšepehi bo Tataisa ba Lokileng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Botšepehi bo Etsa Hore Motho a Tšepahale Khoebong
  • “Bohlale bo ho ba Inyenyefatsang”
  • ‘Tsela ea ea sa Tšoauoeng Phoso e Otlolohile’
  • “Motse oa Nyakalla”
  • “Motse oa Phahamisoa”
  • Lula U Tšepahala!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Re Tla Tsamaea Botšepehing ba Rōna!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Botšepehi ba Jobo—Ke Mang ea ka bo Etsisang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Botšepehi ba Jobo—Ke Hobane’ng ha Bo Tsoteha Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 5/15 maq. 24-28

Botšepehi bo Tataisa ba Lokileng

BIBELE e re: “Motho, ea tsoetsoeng ke mosali, o phela hakhutšoanyane ’me o khotše likhathatso.” (Jobo 14:1) Ho bonahala bohloko le mahlomola e le lintho tse tloaelehileng bophelong ba batho. Esita le bophelo ba letsatsi le letsatsi bo ka tlala matšoenyeho le moferefere! Ke eng e ka re tataisang ka katleho maemong a lekang ’me ea re thusa hore re lule re e-na le boemo bo lokileng pel’a Molimo?

Nahana ka mohlala oa monna oa morui ea bitsoang Jobo, ea phetseng lilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng sebakeng seo hona joale se bitsoang Arabia. Satane o ile a tlisetsa monna eo ea tšabang Molimo tlokotsi e kaakang! O ile a lahleheloa ke mehlape eohle ea hae a ba a shoeloa ke bana ba hae ba ratoang. Nakoana ka mor’a moo, Satane o ile a otla Jobo ho tloha hloohong ho ea maotong ka mathopa a bolaeang. (Jobo, khaolo ea 1, 2) Jobo o ne a sa tsebe hore na ke hobane’ng ha a hlaheloa ke lintho tse bohloko. Leha ho le joalo, “Jobo ha aa ka a etsa sebe ka molomo oa hae.” (Jobo 2:10) O ile a re: “Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!” (Jobo 27:5) E, botšepehi ba Jobo bo ile ba mo tataisa litekong tsa hae.

Botšepehi bo hlalosoa e le boitšoaro bo nepahetseng kapa bo phethahetseng ’me bo amana le ho hloka molato le ho se tšoauoe phoso mahlong a Molimo. Leha ho le joalo, ha bo bolele hore batho ba sa phethahalang, bao ho ke keng ha etsahala hore ba finyelle litekanyetso tsa Molimo ka ho feletseng, ba phethahale lipuong le liketsong. Ho e-na le hoo, botšepehi ba batho bo bolela ho inehela ka botlalo kapa ka ho feletseng ho Jehova, thatong ea hae le mererong ea hae. Boinehelo bo joalo ba bomolimo bo tataisa kapa bo tsamaisa ba lokileng maemong ’ohle le ka linako tsohle. Karolo ea pele ea khaolo ea 11 ea buka ea Bibele ea Liproverbia e bontša kamoo botšepehi ba rōna bo ka re tataisang kateng likarolong tse fapaneng tsa bophelo ’me e re tiisetsa litlhohonolofatso tse tla latela. Kahoo, ka thahasello e khōlō, a re hlahlobeng se tlalehiloeng moo.

Botšepehi bo Etsa Hore Motho a Tšepahale Khoebong

Ha Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo a totobatsa molao-motheo oa botšepehi, o sebelisa mantsoe a lithoko ho e-na le mantsoe a sebelisoang litabeng tsa molao, o re: “Sekala se qhekellang ke ntho e manyala ho Jehova, empa majoe a ho bekha a feletseng aa mo khahlisa.” (Liproverbia 11:1) Lena ke lekhetlo la pele ho a mane bukeng ea Liproverbia moo ho sebelisoang sekala le litekanyo ho bontša hore Jehova o lakatsa ha barapeli ba hae ba tšepahala likhoebong tsa bona.—Liproverbia 16:11; 20:10, 23.

Katleho ea ba sebelisang sekala se qhekellang—kapa ho se tšepahale—e ka ’na ea ipiletsa. Empa na ka sebele re ka batla ho furalla litekanyetso tsa Molimo tsa se setle le se sebe ka ho kopanela mekhoeng e fosahetseng ea khoebo? Re ke ke ra etsa joalo haeba re laoloa ke botšepehi. Re qoba ho se tšepahale hobane lejoe le feletseng la ho bekha, e leng tekanyo e nepahetseng e bontšang botšepehi, le thabisa Jehova.

“Bohlale bo ho ba Inyenyefatsang”

Morena Solomone o tsoela pele: “Na ho iketelletsa pele ho tlile? Joale ho se hlomphehe ho tla tla; empa bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” (Liproverbia 11:2) Ho iketelletsa pele—ebang ho hlahella e le boikhohomoso, ho se mamele, kapa mohono—ho hlabisa lihlong. Ka lehlakoreng le leng, ho lemoha mefokolo ea rōna ka boikokobetso ke bohlale. Mehlala ea Mangolo e bontša hantle hakaakang hore maele aa ke ’nete!

Molevi ea mohono, Kora, o ile a etella pele mokhopi oa marabele khahlanong le bahlanka ba khethiloeng ke Jehova e leng Moshe le Arone. Phello ea ketso eo ea ho iketelletsa pele e bile efe? ‘Lefatše le ile la ahlamisa molomo oa lona la metsa’ a mang a marabele ao, ha a mang, ho kopanyelletsa le Kora, a ile a chesoa ke mollo. (Numere 16:1-3, 16-35; 26:10; Deuteronoma 11:6) E bile tlotlollo e kaakang! Hape nahana ka Uza, eo ka ho iketelletsa pele a ileng a tšoara areka ea selekane hore e se ke ea oa. O ile a bolaeloa hona moo. (2 Samuele 6:3-8) Ke habohlokoa hakaakang hore re qobe ho iketelletsa pele!

Motho ea ikokobelitseng le ea inyenyefatsang ha a tlotlolohe esita leha a entse phoso. Le hoja Jobo a ile a beha mohlala o motle ka litsela tse ngata, o ne a sa phethahala. Liteko tsa hae li ile tsa senola phoso e tebileng linthong tse ling tseo a neng a li nahana. Ha Jobo a itšireletsa ho baqosi ba hae, o ile a lahleheloa ke teka-tekano. O bile a fana ka maikutlo a hore o ne a lokile ho feta Molimo. (Jobo 35:2, 3) Jehova o ile a lokisa monahano oa Jobo joang?

Ha Jehova a bua ka lefatše, leoatle, maholimo a tletseng linaleli, liphoofolo tse itseng le limakatso tse ling tsa pōpo, o ile a ruta Jobo kamoo motho a fokolang kateng ha a bapisoa le boholo ba Molimo. (Jobo, khaolo ea 38-41) Puong ea Jehova, ha ho kae kapa kae moo a boletseng lebaka leo Jobo a neng a utloisoa bohloko ka lona. Ho ne ho sa hlokahale hore a bolele. Jobo o ile a inyenyefatsa. Ka boikokobetso o ile a lemoha phapang e khōlō pakeng tsa hae le Molimo, pakeng tsa ho se phethahale ha hae le mefokolo ea hae le ho loka le matla a Jehova. O ile a re: ‘Ke hula mantsoe, ke baka ke le lerōleng le moloreng.’ (Jobo 42:6) Botšepehi ba Jobo bo ile ba etsa hore a amohele taeo hang-hang. Rōna? Na ka lebaka la botšepehi re tla amohela taeo kapa khalemelo hang-hang ha ho hlokahala?

Moshe le eena o ne a inyenyefatsa a bile a ikokobetsa. Ha a ne a khathetse ka lebaka la ho rarolla mathata a ba bang, mohoe oa hae, Jethro, o ile a etsa tlhahiso ea tharollo e sebetsang: Hore a arolelane boikarabelo le banna ba bang ba tšoanelehang. A lemoha mefokolo ea hae, Moshe ka bohlale o ile a amohela tlhahiso ena. (Exoda 18:17-26; Numere 12:3) Monna ea inyenyefatsang ha a leqe ho abela ba bang matla, ebile ha a tšabe hore ka tsela e itseng o lahleheloa ke matla ka ho abela banna ba bang ba tšoanelehang boikarabelo bo loketseng. (Numere 11:16, 17, 26-29) Ho e-na le hoo, o labalabela ho ba thusa hore ba hatele pele moeeng. (1 Timothea 4:15) Na le rōna ha rea lokela ho ba joalo?

‘Tsela ea ea sa Tšoauoeng Phoso e Otlolohile’

Ha Solomone a lemoha hore hase kamehla botšepehi bo sireletsang ba lokileng kotsing kapa tlokotsing, o re: “Botšepehi ba ba lokileng ke bona bo ba tsamaisang, empa ho khopama ha ba sebetsang ka bolotsana ho tla ba tlatlapa.” (Liproverbia 11:3) Ka sebele botšepehi bo tataisa ba lokileng hore ba etse se nepahetseng mahlong a Molimo, esita le tlas’a maemo a thata, ’me qetellong bo ba tlisetsa melemo. Jobo o ile a hana ho tlohela botšepehi ba hae, ’me Jehova o ile “a hlohonolofatsa qetello ea Jobo ho feta tšimoloho ea hae.” (Jobo 42:12) Ba mano ba ka ’na ba nahana hore nonyana e hahela ka litšiba tsa e ’ngoe ’me ba ka ba ba bonahala eka baa atleha ka nakoana. Empa neng-neng, maqheka a bona a tla ba timetsa.

Morena ea bohlale o re: “Lintho tsa bohlokoa e tla ba tse se nang molemo letsatsing la khalefo, empa ho loka ho tla lopolla lefung.” (Liproverbia 11:4) Ke booatla bo bokaakang ho sehlela maruo empa u hlōleha ho ipha nako ea thuto ea botho, thapelo, ho ba teng libokeng le tšebeletsong ea tšimo—e leng eona mesebetsi e tebisang lerato la rōna ho Molimo le e matlafatsang boinehelo ba rōna ho eena! Leruo leha le ka ba lengata hakae le ke ke la lopolla batho mahlomoleng a maholo a tlang. (Matheu 24:21) Batho ba tla lopolloa feela ke ho loka ha ba lokileng. (Tšenolo 7:9, 14) Kahoo, re tla be re le bohlale ha re ka nka ka botebo kōpo e tiileng ea Sofonia: “Pele le oeloa ke letsatsi la bohale ba Jehova, le batle Jehova, lōna bohle ba bonolo ba lefatše, ba sebelisitseng qeto ea Hae ea boahloli. Batlang ho loka, le batle bonolo.” (Sofonia 2:2, 3) Ka nako e tšoanang, e se eka re ka ipehela pakane ea ho ‘hlompha Jehova ka lintho tsa rōna tsa bohlokoa.’—Liproverbia 3:9.

Ha Solomone a hatisa ka ho eketsehileng bohlokoa ba ho phehella ho loka, o bontša ho se tšoane ha liphello tsa ea sa tšoauoeng phoso le ea khopo, o re: “Ho loka ha ea sa tšoauoeng phoso ho tla otlolla tsela ea hae, empa ea khopo o tla oela bokhopong ba hae. Ho loka ha ba lokileng ho tla ba lopolla, empa ba sebetsang ka bolotsana ba tla tšoasoa ke takatso ea bona. Ha motho ea khopo a shoa, tšepo ea hae ea timela; esita le tebello e thehiloeng matleng e timetse. Ea lokileng ke eena ea pholosoang mahlomoleng, ’me bakeng sa hae ho kena ea khopo.” (Liproverbia 11:5-8) Ea sa tšoauoeng phoso ha a oe tseleng ea hae ebile ha a tšoasoe ke mesebetsi ea hae. Tsela ea hae e otlolohile. Qetellong, ba lokileng ba lopolloa mahlomoleng. Ba khopo ba ka ’na ba bonahala ba le matla, empa ba ke ke ba lopolloa mahlomoleng.

“Motse oa Nyakalla”

Botšepehi ba ba lokileng le bokhopo ba baetsalibe li boetse li na le phello ho batho ba bang. Morena oa Iseraele o re: “Ka molomo oa hae mokoenehi o felisa oa habo, empa ba lokileng ba pholosoa ke tsebo.” (Liproverbia 11:9) Ke mang ea tla hana hore ketselletso, litšebo tse lematsang, puo e litšila le ho bebera li kotsi ho ba bang? Ka lehlakoreng le leng, puo ea ea lokileng e hloekile, e nahannoe hantle, hape ea nahanela. O lopolloa ke tsebo hobane botšepehi ba hae bo mo fa bopaki bo hlokahalang ho bontša baqosi ba hae hore ba leshano.

Morena o tsoela pele: “Ka lebaka la molemo oa ba lokileng motse oa nyakalla, empa ha ba khopo ba timela ho ba le mohoo oa thabo.” (Liproverbia 11:10) Hangata ba lokileng ba ratoa ke ba bang, ’me ba etsa hore baahelani ba bona ba utloe monate—ba thabe ’me ba nyakalle. Ha ho hlile ha ho motho ea ratang “ba khopo.” Ha ba khopo ba shoa, hangata hase batho bohle ba ba siamelang. Ka sebele ho ke ke ha e-ba le mesarelo ha Jehova a ‘felisa ba khopo lefatšeng ’me a tlosa ba bolotsana ho lona.’ (Liproverbia 2:21, 22) Ho e-na le hoo, ho tla ba le thabo hobane ba se ba le sieo. Empa ho thoe’ng ka rōna? Re tla be re etsa hantle ha re ka nahana hore na ebe tsela eo re itšoarang ka eona e thabisa ba bang kapa che.

“Motse oa Phahamisoa”

Ha a tsoela pele ho bontša phapang pakeng tsa phello e tlisoang ke ba lokileng le ba khopo sechabeng, Solomone o re: “Ka lebaka la tlhohonolofatso ea ba lokileng motse oa phahamisoa, empa ka lebaka la melomo ea ba khopo oa qhaqhoa.”—Liproverbia 11:11.

Baahi ba motse ba latelang tsela e lokileng ba etsa hore ho be le khotso le katleho ’me ba haha ba bang sechabeng. Kahoo, motse oa phahamisoa—oa atleha. Ba buang liketselletso, lintho tse bohloko le tse fosahetseng ba baka moferefere, masoabi, karohano le khathatso. Ho ba tjena haholo-holo haeba batho bana e le batho ba nang le tšusumetso. Motse o joalo oa ferekana, o ba le bobolu le tšenyeho ea boitšoaro mohlomong le ea moruo.

Molao-motheo o boletsoeng ho Liproverbia 11:11 o sebetsa ka ho tšoanang ho batho ba Jehova ha ba kopana liphuthehong tsa bona tse kang metse. Phutheho eo ho eona batho ba moea—e leng ba lokileng ba tataisoang ke botšepehi ba bona—ba nang le tšusumetso, e fetoha sehlopha sa batho ba thabileng, ba mafolofolo, le ba molemo, ba tlotlisang Molimo. Jehova o hlohonolofatsa phutheho eo, ’me ea atleha moeeng. Ka linako tse ling, ba seng bakae ba ka ’nang ba tletleba, ba se khotsofale, ba tšoaea-tšoaea liphoso ba ba ba bua hampe ka tsela eo lintho li etsoang ka eona, ba tšoana le “motso o chefo” o ka jalang chefo le ho e kenya ho ba bang bao pele ba neng ba sa ameha. (Baheberu 12:15) Hangata ba joalo ba batla bolaoli bo eketsehileng le ho hlahella. Ba jala menyenyetsi ea hore ho na le ho hloka toka, khethollo ea merabe, kapa lintho tse joalo ka phuthehong kapa ho baholo. Ka sebele, melomo ea bona e ka baka karohano ka phuthehong. Na ha rea lokela ho hana ho mamela puo ea bona ’me re loanele ho ba batho ba moea ba bōpang khotso le bonngoe ka phuthehong?

Ha a tsoela pele, Solomone o re: “Eo pelo ea hae e haelloang o nyelisitse oa habo, empa motho ea nang le temoho e batsi ke ea khutsang. Ea tsamaeang e le moetselletsi o senola lekunutu, empa ea tšepahalang moeeng o koahela taba.”—Liproverbia 11:12, 13.

Motho ea se nang kahlolo e molemo, kapa eo “pelo ea hae e haelloang” o baka tšenyo e kaakang! O ntšetsa pele ho bebera ha hae ho fihlela boemong boo ho fetohang ketselletso kapa mahlapa. Baholo ba khethiloeng ba lokela ho potlakela ho felisa tšusumetso e joalo e mpe. Ho fapana le “eo pelo ea hae e haelloang,” motho ea nang le temoho o tseba nako ea ho khutsa. Ho e-na le ho phunya lekunutu, o koahela taba. Ka ho tseba hore ho bebera ho ka baka kotsi e khōlō, motho ea nang le temoho oa ‘tšepahala moeeng.’ Oa tšepahala ho balumeli-’moho le eena ’me ha a bue ka litaba tsa lekunutu tse ka ’nang tsa ba beha kotsing. Batho ba tšepahalang joalo ke tlhohonolofatso e kaakang ka phuthehong!

Ho re thusa hore re tsamaee tseleng ea ba sa tšoauoeng phoso, Jehova o fana ka lijo tse ngata tsa moea tse lokisoang tlas’a tataiso ea “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45) Re boetse re fumana thuso e ngata ho baholo ba Bakreste liphuthehong tsa rōna tse kang metse. (Baefese 4:11-13) Ka sebele re leboha baholo bana, kaha “ha ho se na tataiso e bohlale, batho baa oa; empa ho na le poloko ha baeletsi ba le bangata.” (Liproverbia 11:14) Ho sa tsotellehe se etsahalang, a re ikemisetseng ka tieo hore re ‘tsamaee botšepehing ba rōna.’—Pesaleme ea 26:1.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 26]

Ke booatla bo bokaakang ho sehlela maruo empa u hlokomoloha mesebetsi ea puso ea molimo!

[Litšoantšo tse leqepheng la 24]

Jobo o ile a tataisoa ke botšepehi ba hae, ’me Jehova o ile a mo hlohonolofatsa

[Litšoantšo tse leqepheng la 25]

Uza o ile a shoela ho iketelletsa pele ha hae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela