Matla a ho Nahana a ka U Lebela Joang?
MAQHUBU a maholo aa hlolla, empa a kotsi ho basesisi ba likepe. Metsi ao a bilohang a ka ba bolaea.
Ka tsela e tšoanang, bahlanka ba Molimo ba ka ’na ba tobana le likhatello tse ntseng li eketseha tse ka ’nang tsa ba sithabetsa. Mohlomong u hlokometse hore Bakreste ba hatelloa ke maqhubu a latellanang a liteko le ho ekoa. Ruri u batla ho li loantša ka tieo, u ikemiselitse ho qoba ho senyeheloa ke tumelo joaloka sekepe se soahlamaneng. (1 Timothea 1:19) Matla a ho nahana ke karolo ea bohlokoa boitšireletsong ba hao. Matla a ho nahana ke’ng, hona a fumanoa joang?
Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “matla a ho nahana,” mezim·mahʹ, le tsoa lentsoeng leo motso oa lona o bolelang “ho loha leano kapa ho rera.” (Liproverbia 1:4) Kahoo, liphetolelo tse ling tsa Bibele li fetolela mezim·mahʹ e le “masene” kapa “ponelo-pele.” Litsebi tsa Bibele Jamieson, Fausset le Brown li hlalosa mezim·mahʹ e le “ho ba hlokolosi ho etsang hore motho a pheme bobe ’me a fumane se molemo.” Sena se bolela ho nahanela liphello tsa liketso tsa rōna tse tla bonahala ka mor’a nako e telele esita le tse tla bonahala hang-hang. Ha re sebelisa matla a ho nahana, re tla hlahloba ka hloko hore na re bulehetsoe ke menyetla efe pele re nka khato, haholo-holo ha ho hlokahala hore ho etsoe liqeto tsa bohlokoa.
Ha motho ea sebelisang matla a ho nahana a etsa qeto ka bokamoso kapa ka maemo ao a iphumanang a le ho ’ona hona joale, o qala ka ho sekaseka likotsi kapa maraba a ka ’nang a hlaha. Hang ha a lemohile likotsi tse ka ’nang tsa hlaha, o batla mokhoa oa ho li qoba, o nahanela tikoloho eo a leng ho eona le metsoalle ea hae. Ka tsela ena a ka lokisetsa tsela e tla tlisa liphello tse ntle, mohlomong e tlise tlhohonolofatso ea Molimo. A re ke re hlahlobeng mehlala e meng e sebetsang e bontšang mokhoa ona.
Qoba Leraba la Boitšoaro bo Bobe ba ho Kopanela Liphate
Ka linako tse ling moea o kharamelletsa maqhubu a matla karolong e ka pele ea sekepe. Basesisi ba likepe ba kotsing ea hore sekepe sa bona se phethohe ntle leha ba ka toba maqhubu.
Re tobane le boemo bo tšoanang, kaha re phela lefatšeng le hlanyetsang ho kopanela liphate. Letsatsi le leng le le leng, re tobana le maqhubu a likhopolo le litšoantšo tse reretsoeng ho khotsofatsa nama. Re ke ke ra iphapanyetsa phello eo li ka bang le eona litakatsong tsa rōna tse tloaelehileng tsa ho kopanela liphate. Re lokela ho sebelisa matla a ho nahana ’me re ikemisetse ho tobana le teko, ho e-na le ho oela maemong a kotsi.
Ka mohlala, hangata banna ba Bakreste ba sebetsa le batho ba sa hlompheng basali, ba ba nkang e le lintho feela tsa ho kopanela liphate. Moqoqong oa bona, basebetsi-’moho ba ka kenya metlae e litšila le litlhahiso tse sa tobang ka ho kopanela liphate. Tikoloho ena qetellong e ka jala likhopolo tsa boitšoaro bo bobe kelellong ea Mokreste.
Le mosali oa Mokreste ho ka ’na ha hlokahala hore a sebetse ’me kahoo a tobana le mathata. A ka ’na a sebetsa le banna le basali ba se nang litekanyetso tsa boitšoaro tse kang tsa hae. Mohlomong e mong oa banna bao a sebetsang le bona o mo bontša thahasello. A ka ’na a qala ka ho mo tšoara ka tsela e nahanelang, esita le ho mo hlompha bakeng sa pono ea hae ea bolumeli. Tlhokomelo ena ea hae e phehellang le ho mo atamela ha hae ho ka ’na ha susumelletsa morali’abo rōna hore a batle botsoalle ba hae bo haufi.
Joaloka Bakreste, matla a ho nahana a ka re thusa joang maemong a joalo? Tabeng ea pele, a ka etsa hore re lemohe likotsi tsa moea, ’me tabeng ea bobeli, a ka re susumelletsa hore re lokisetse ho nka khato e loketseng. (Liproverbia 3:21-23) Maemong a kang ana, re lokela ho bontša bao re sebetsang le bona ka ho hlakileng hore litekanyetso tsa rōna li fapane le tsa bona ka lebaka la litumelo tsa rōna tse tsoang Mangolong. (1 Bakorinthe 6:18) Lipolelo tsa rōna le boitšoaro ba rōna li ka matlafatsa molaetsa oa rōna. Ho feta moo, ho ka ’na ha hlokahala hore re se ke ra tloaela ba itseng bao re sebetsang le bona.
Leha ho le joalo, maemo a ka lebisang boitšoarong bo bobe ha a mosebetsing feela. A ka boela a hlaha haeba banyalani ba lumella mathata hore a senye bonngoe ba bona. Molebeli ea tsamaeang o ile a re: “Lenyalo ha le senyehe feela tjee ka tšohanyetso. Butle-butle ho ka hlaha lekhalo pakeng tsa banyalani, ba buisana seoelo kapa ba e-ba ’moho seoelo. Ba ka ’na ba hahamalla maruo ho koala sekheo se lenyalong la bona. ’Me kaha ba babatsana ka seoelo, ba ka ’na ba ikutloa ba hoheloa ke banna kapa basali ba bang.”
Mosebeletsi enoa ea nang le phihlelo o tsoela pele o re: “Nako le nako, banyalani ba lokela ho lula fatše ’me ba hlahlobe hore na ebe ho na le ntho e senyang kamano ea bona. Ba lokela ho rera kamoo ba ka ithutang, ba ka rapelang le ho bolela ba le ’moho kateng. Ba ka rua molemo haholo haeba ba ka buisana ‘ka tlung, tseleng, ha ba robala le ha ba tsoha’ joalokaha batsoali le bana ba etsa.”—Deuteronoma 6:7-9.
Ho Sebetsana ka Katleho le Boitšoaro Boo e Seng ba Bokreste
Ka ntle le hore matla a ho nahana a re thusa hore re tobane le liteko tsa boitšoaro bo bobe ka katleho, a ka boela a re thusa hore re tobane ka katleho le mathata a hlahang pakeng tsa Bakreste-’moho le rōna. Ka linako tse ling moea o kharamelletsa maqhubu bokamoraong ba sekepe. Maqhubu a ka phahamisa bokamorao ba sekepe ’me sa sheba lehlakoreng le leng. Sena se etsa hore maqhubu a khahlele sekepe lehlakoreng ’me a ka ’na a se senya.
Le rōna ho ka etsahala hore re hlaheloe ke kotsi e hlahang moo re sa lebellang. Re sebeletsa Jehova “ka mahetla a bapileng” le bara le barali babo rōna ba bangata ba tšepahalang ba Bakreste. (Sofonia 3:9) Ha e mong oa bona a itšoara ka tsela eo e seng ea Bokreste, sena se ka bonahala e le ho re soetsa tšepong eo re nang le eona ho eena ’me se ka ’na sa etsa hore re tšoenyehe ka ho tebileng. Ke joang matla a ho nahana a ka re thibelang hore re hloke botsitso le ho utloa bohloko ka ho sa hlokahaleng?
Re hopole hore “ha ho na motho ea sa etseng sebe.” (1 Marena 8:46) Kahoo, ha hoa lokela ho re nyarosa ha ka linako tse ling mor’abo rōna oa Mokreste a re tena kapa a re khopisa. Ha re tseba sena, re ka lula re le malala-a-laotsoe ’me ra nahana kamoo re tla itšoara kateng. Moapostola Pauluse o ile a itšoara joang ha ba bang ba bara babo ba Bakreste ba mo bua hampe, ba bile ba mo nyelisa? Ho e-na le ho lahleheloa ke botsitso ba moea, o ile a etsa qeto ea hore ho amoheloa ke Jehova ke ntho ea bohlokoa ho feta ho amoheloa ke motho. (2 Bakorinthe 10:10-18) Boikutlo bo joalo bo tla re thusa hore re se ke ra etsa lintho ka lepotlapotla ha e mong a re khopisa.
Ho batlile ho tšoana le ho khoptjoa monoana. Ha sena se etsahala, re ka ’na ra sitoa ho nahana hantle ka motsotso kapa e ’meli. Empa ha bohloko bo se bo kokobetse, re ka nahana ’me ra etsa lintho ka tsela e tloaelehileng. Ka ho tšoanang, ha rea lokela ho arabela ka potlako ha re buisoa hampe kapa re etsoa hampe. Ho e-na le hoo, ema hanyenyane ’me u nahane ka liphello tsa boiphetetso ba booatla.
Malcolm e se e bile moromuoa ka lilemo tse ngata ’me o hlalosa seo a se etsang ha a khopisitsoe. “Ke qala ka ho sheba lethathamo la lipotso tseo ke seng ke ntse ke li ngotse: Na ke halefetse mora eo oabo rōna ka lebaka la ho se tšoane ha botho ba rōna? Na ruri seo a se buileng ke seo nka itšoenyang ka sona? Na ebe lefu la malaria le entse hore maikutlo a ka a phahame habonolo? Na pono ea ka e tla fetoha ka mor’a lihora tse seng kae?” Malcolm o fumane hore hangata, ho se lumellane hoo ke ntho e fokolang le e ka hlokomolohuoang.a
Malcolm o eketsa ka ho re: “Ka linako tse ling, ho sa tsotellehe boiteko boo ke bo etsang ba ho rarolla bothata, mor’abo rōna eena o ntse a lula a se na botsoalle. Ke leka hore sena se se ke sa ntšoenya. Hang ha ke entse sohle seo nka se khonang, ke bona taba ka leihlo le leng. Ka kelellong ke beha taba ena molatsa ho e-na le ho nka hore ke lokela ho e rarolla hang-hang. Nke ke ka e lumella hore e senye bomoea ba ka kapa e ame kamano ea ka le Jehova le barab’eso.”
Joaloka Malcolm, ha rea lokela ho lumella hore liphoso tsa ba bang li re tšoenye ka ho feteletseng. Phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe ho na le bara le barali babo rōna ba bangata ba thabisang, le ba tšepahalang. Ho monate ho tsamaea tseleng ea Bokreste ‘re bapile le bona ka mahlakore.’ (Bafilipi 1:27) Ho hopola tšehetso e lerato ea Ntate oa rōna oa leholimo le hona ho tla re thusa hore re talime taba ka leihlo le letle.—Pesaleme ea 23:1-3; Liproverbia 5:1, 2; 8:12.
Ho se Rate Lintho Tsa Lefatše
Matla a ho nahana a ka re thusa hore re tobane le khatello e ’ngoe e poteletseng. Ka linako tse ling moea o kharamelletsa maqhubu lehlakoreng la sekepe. Maemong a tloaelehileng a leholimo, boemo bona bo ka sutumetsa sekepe hore se tsoe tseleng butle-butle. Leha ho le joalo, ha ho e-na le sefefo, boemo bona bo ka phethola sekepe.
Ka tsela e tšoanang, haeba re inehella khatellong ea hore re thabele sohle se fanoang ke lefatše le khopo, mokhoa ona oa bophelo oa ho rata lintho tse bonahalang o ka re faposa tseleng ka kutloisiso ea moea. (2 Timothea 4:10) Ha ho rata lefatše ho sa thijoe, qetellong ho ka etsa hore re lahle tsela ea rōna ea Bokreste ka ho feletseng. (1 Johanne 2:15) Matla a ho nahana a ka re thusa joang?
Tabeng ea pele, a tla re thusa ho lemoha likotsi tseo re ka tobanang le tsona. Lefatše le sebelisa maqheka ’ohle a papatso ho re hohela. Le phehella ho buella mokhoa oa bophelo oo ho nahanoang hore e mong le e mong o lokela ho o hahamalla—mokhoa oa bophelo oa mponeng oa barui, oa likhalala, le oa “ba atlehileng.” (1 Johanne 2:16) Ho tšepisoa hore re tla khahla bohle re be re ratoe ke bohle, haholo-holo lithaka tsa rōna le baahelani ba rōna. Matla a ho nahana a tla re thusa hore re loantše mashano ana, a re hopotse bohlokoa ba ho ‘se be le lerato la chelete,’ kaha Jehova o tšepisitse hore ‘ho hang a ke ke a re tlohela.’—Baheberu 13:5.
Tabeng ea bobeli, matla a ho nahana a tla re thibela ho latela ba ‘khelohileng ’neteng.’ (2 Timothea 2:18) Ho thata ho hanyetsa bao re ba ratang le bao re ba tšepang. (1 Bakorinthe 15:12, 32-34) Esita le haeba re susumetsoa hanyenyane feela ke ba lahlileng tsela ea Bokreste, sena se ka re sitisa ho hōla moeeng ’me qetellong sa re beha kotsing. Re ka tšoana le sekepe se fapohang hanyenyane feela tseleng ea sona e loketseng. Ka mor’a ho tsamaea leeto le lelelele, sekepe se joalo se ka kheloha tsela haholo.—Baheberu 3:12.
Matla a ho nahana a ka re thusa hore re bone hore na boemo ba rōna ba moea bo joang le hore na bo tla ba joang nakong e tlang. Mohlomong re hlokomela hore ho hlokahala hore re be le karolo e eketsehileng mesebetsing ea Bokreste. (Baheberu 6:11, 12) Hlokomela kamoo Paki e ’ngoe e nyenyane e ileng ea sebelisa matla a ho nahana ho hahamalla lipakane tsa moea: “Ke ne ke e-na le monyetla oa ho hahamalla mosebetsi oa bongoli. O ne o ipiletsa haholo ho ’na, empa ke ile ka hopola temana e ’ngoe ka Bibeleng e bolelang hore ‘lefatše lea feta’ empa ‘ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.’ (1 Johanne 2:17) Ke ile ka nahana hore seo ke se etsang ka bophelo ba ka se lokela ho bontša litumelo tsa ka. Batsoali ba ka ba ne ba lahlile tumelo ea Bokreste, ’me ke ne ke sa batle ho latela mohlala oa bona. Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea ho phela bophelo bo nang le morero eaba ke kenela tšebeletso ea nako e tletseng ke le pula-maliboho oa kamehla. Ka mor’a lilemo tse ’nè tse khotsofatsang, kea tseba hore ke entse khetho e nepahetseng.”
Ho Tobana ka Katleho le Lifefo Tsa Moea
Ke hobane’ng ha ho potlakile hore re sebelise matla a ho nahana kajeno? Ho hlokahala hore basesisi ba likepe ba lemohe lipontšo tsa kotsi, haholo-holo ha ho tla ba le lifefo. Haeba ho bata ka tšohanyetso le moea o ipha matla, ba koala masoba ’me ba itokisetsa ha boemo bo ka mpefala. Ka tsela e tšoanang, re lokela ho itokisetsa ho tobana le likhatello tse matla a lifefo ha tsamaiso ena e khopo e atamela bofelong. Litekanyetso tsa batho tsa boitšoaro lia tsekoloha, ’me batho ba khopo ‘ba tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.’ (2 Timothea 3:13) Joalokaha nako le nako basesisi ba likepe ba mamela ha ho phatlalatsoa tsa boemo ba leholimo, re lokela ho ela hloko litemoso tsa boprofeta tse Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng.—Pesaleme ea 19:7-11.
Ha re sebelisa matla a ho nahana, re sebelisa tsebo e isang bophelong bo sa feleng. (Johanne 17:3) Re ka lebella mathata ’me ra etsa qeto ea kamoo re ka a rarollang kateng. Ka tsela ena, re tla ikemisetsa ka tieo hore re se ke ra faposoa tseleng ea Bokreste, ’me re ka rala “motheo o motle bakeng sa ka moso” ka ho ipehela lipakane tsa moea le ho li hahamalla.—1 Timothea 6:19.
Haeba re sireletsa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana, ha ho hlokahale hore re “tšohe ntho leha e le efe e tšabehang ea tšohanyetso.” (Liproverbia 3:21, 25, 26) Ho e-na le hoo, re ka tšelisoa ke tšepiso ena ea Molimo: “Ha bohlale bo kena ka pelong ea hao le tsebo e e-ba e khahlisang moeeng oa hao, matla a ho nahana a tla u lebela.”—Liproverbia 2:10, 11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakreste ba lokela ho loanela ho boloka khotso, tumellanong le keletso e ho Matheu 5:23, 24. Haeba e le taba e amang libe tse tebileng, ba lokela ho leka ho rua mor’abo bona, joalokaha ho bontšitsoe ho Matheu 18:15-17. Bona Molula-Qhooa oa October 15, 1999, leqepheng la 17-22.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ho buisana nako le nako ho haha lenyalo