Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 9/1 maq. 25-29
  • “Ke ne Nke ke ka Fetola Letho!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke ne Nke ke ka Fetola Letho!”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlōla ho Tšaba Batho
  • Ho Arabela Memong ea ho Sebeletsa Quebec
  • Ho Tšehetsoa ke Jehova ka Litsela Tsohle
  • Ho Tobana le Liteko Tse Ncha ka Katleho
  • Lefa la Bokreste le sa Tloaelehang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lefa la Rōna le Enneng la Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Batsoali ba Rōna ba re Rutile ho Rata Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ho Latela Mehlaleng ea Batsoali ba Ka
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 9/1 maq. 25-29

Pale ea Bophelo

“Ke ne Nke ke ka Fetola Letho!”

JOALOKAHA HO BOLETSE GLADYS ALLEN

Ka linako tse ling kea botsoa, “Haeba u ne u ka lokela ho qala bophelo ba hao hape, u ne u tla fetola eng?” Ke bua ’nete ha ke re, “Ke ne nke ke ka fetola letho!” E-re ke hlalose hore na ke hobane’ng ha ke ikutloa tjena.

LEHLABULENG la 1929, ha ke ne ke le lilemo li peli, Ntate, Matthew Allen, o ile a hlaheloa ke ntho e babatsehang. O ile a ba le bukana e reng, Millions Now Living Will Never Die!, e hatisitsoeng ke Liithuti tsa Bibele tsa Machaba, joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li tsejoa joalo ka nako eo. Ka mor’a ho bala maqephe a se makae ka mafolofolo, Ntate o ile a tsota, “Ha ke e-s’o ka ke bala taba ea bohlokoa tjena!”

Nakoana ka mor’a moo, Ntate o ile a ba le lingoliloeng tse ling tsa Liithuti tsa Bibele. Hang-hang o ile a qala ho bolella baahelani kaofela seo a neng a ithuta sona. Leha ho le joalo, ho ne ho se na phutheho ea Lipaki tsa Jehova motseng oa heso oa mahaeng. Ntate o ile a lemoha hore ho hlokahala hore a kopanele kamehla le Bakreste, ’me o ile a fallisetsa lelapa Orangeville, Ontario, Canada, ka 1935 hobane ho ne ho e-na le phutheho moo.

Mehleng eo, hase kamehla bana ba neng ba khothalletsoa ho ba teng libokeng tsa phutheho; hangata ba ne ba sala ka ntle ba bapala ho fihlela batho ba baholo ba qetile. Ntate o ne a sa thabele sena. O ile a nahana, “Haeba liboka li molemo ho ’na, li lokela ho ba molemo le ho bana ba ka.” Kahoo, le hoja Ntate a ne a sa tsoa kopanela, o ile a laela ’na, Abuti Bob, Ausi Ella le Ausi Ruby hore re kopanele libokeng le batho ba baholo, ’me re ile ra etsa joalo. Ka potlako le bana ba Lipaki tse ling ba ile ba kopanela. Ho ba teng libokeng le ho fana ka litlhaloso ho ile ha fetoha karolo ea bohlokoa bophelong ba rōna.

Ntate o ne a rata Bibele, ’me o ne a e-na le mokhoa o thabisang oa ho etsa litšoantšiso ka lipale tsa Bibele. Ka litšoantšiso tsena, o ile a hatisa lipelong tsa rōna tse nyenyane lithuto tsa bohlokoa tseo ke sa ntsaneng ke li hopola ka lerato. E ’ngoe eo ke sa ntsaneng ke e hopola ke ea hore Jehova o hlohonolofatsa ba mo utloang.

Hape Ntate o ile a re ruta ho sebelisa Bibele ho emela tumelo ea rōna. Re ne re tloaetse ho etsa sena e le papali. Ntate o ne a ka re, “Ke lumela hore ha ke e-shoa ke ea leholimong. Mpheng bopaki ba hore ha ke ee leholimong.” ’Na le Ruby re ne re batlisisa ka har’a k’honk’hodense ho fumana mangolo ao re ka a sebelisang ho hanyetsa thuto ena. Ha re qeta ho bala mangolo ao re a fumaneng, Ntate o ne a re, “Kea le utloa, empa ha lea nkholisa.” Joale re ne re boela re batlisisa k’honk’hodenseng. Hangata sena se ne se etsahala ka lihora tse ngata ho fihlela Ntate a khotsofatsoa ke likarabo tseo re neng re mo fa tsona. Ka lebaka leo, ’na le Ruby re ile ra hlomelloa hantle hore re hlalose litumelo tsa rōna re be re emele tumelo ea rōna.

Ho Hlōla ho Tšaba Batho

Ho sa tsotellehe koetliso e ntle eo ke neng ke e fumana lapeng le libokeng tsa phutheho, kea lumela hore ho na le litšobotsi tse ling tsa ho ba Mokreste tse neng li nthatafalla. Joaloka bacha ba bangata, ke ne ke sa rate ho ba mokhelo, haholo-holo ho liithuti-’moho le ’na. Teko ea pele ea tumelo ea ka e ne e ama seo re neng re se bitsa mekoloko ea phatlalatso.

Sepheo sa eona e ne e le hore sehlopha sa bara le barali babo rōna se tsamaee butle literateng tse khōlō tsa toropo se tšoere liplakate tse ngotsoeng liphatlalatso. Batho ba ne ba tsebana toropong ea heso ea batho ba ka bang 3 000. Nakong e ’ngoe ea mokoloko oa phatlalatso, ke ne ke tsamaea qetellong ea mokoloko ke tšoere plakate e reng, “Bolumeli ke Leraba le Khoebo ea Bomenemene.” Ba bang ba liithuti-’moho le ’na ba ile ba mpona, ’me hang-hang ba ile ba koloka ka mor’a ka ba bina pina ea sechaba ea “God Save the King [Molimo Boloka Morena].” Ke ile ka etsa joang? Ke ile ka rapela ka tieo hore ke fuoe matla a ho tsoela pele. Ha qetellong mokoloko oa phatlalatso o fela, ke ile ka potlakela Holong ea ’Muso ho khutlisa plakate le ho khutlela lapeng. Leha ho le joalo, ea ikarabellang o ile a mpolella hore mokoloko o mong oa phatlalatso o ne o le haufi le ho qala ’me ba ne ba haella ka motho a le mong ea nkileng plakate. Kahoo, ke ile ka ea teng hape, ke rapela ka tieo ho feta pele. Leha ho le joalo, lekhetlong lena, liithuti-’moho le ’na li ne li khathetse ’me li ile malapeng. Lithapelo tsa ka tsa hore ke fuoe matla li ile tsa fetoha lithapelo tsa teboho!—Liproverbia 3:5.

Bahlanka ba nako e tletseng ba ne ba amoheloa ka linako tsohle lapeng. E ne e le batho ba thabileng, ’me ho ne ho thabisa ho ba amohela. Ke sa ntsane ke hopola hore kamehla batsoali ba rōna ba ne ba re bolella hore mosebetsi o molemo ka ho fetisisa ke tšebeletso ea nako e tletseng.

Ke ile ka arabela khothatsong ea bona ka ho qala tšebeletso ea nako e tletseng ka 1945. Hamorao ke ile ka ea sebetsa le Ausi Ella, ea neng a bula maliboho London, Ontario. Ha ke le moo, ke ile ka bontšoa karolo e ’ngoe ea tšebeletso eo ke neng ke sa nahane hore ke tla khona ho e etsa. Barab’abo rōna ba ne ba tloaetse ho ea litafoleng tse sa tšoaneng libareng tsa motse ba bontša batho ba tlileng bareng Molula-Qhooa le Consolation (eo hona joale e leng Tsoha!). Ka lehlohonolo, mosebetsi ona o ne o etsoa ka Meqebelo thapama, kahoo ke ne ke fumana monyetla oa ho rapela beke eohle hore ke fuoe sebete sa ho ea! Ho hang mosebetsi ona o ne o se bonolo ho ’na, empa o ne o putsa.

Ka lehlakoreng le leng, ke ile ka boela ka ithuta ho tsamaisa litokollo tse khethehileng tsa Consolation tse buang ka mahloriso a barab’abo rōna likampong tsa mahloriso tsa Manazi, tseo haholo-holo li neng li fuoa bo-rakhoebo ba hlahelletseng ba Canada, ho kopanyelletsa le baeta-pele ba mekhatlo e meholo. Ho theosa le lilemo, ke ’nile ka fumana hore Jehova o re tšehetsa kamehla hafeela re itšetleha ka eena bakeng sa matla. Kamoo Ntate a neng a tloaetse ho bolela kateng, Jehova o hlohonolofatsa ba Mo utloang.

Ho Arabela Memong ea ho Sebeletsa Quebec

Ka la 4 July, 1940, mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ile oa thibeloa Canada. Hamorao thibelo e ile ea tlosoa, empa re ne re ntse re hlorisoa profinseng ea Roma e K’hatholike ea Quebec. Ho ile ha etsoa phutuho e khethehileng ho sebelisoa pampitšana e ngotsoeng mantsoe a matla e bitsoang Quebec’s Burning Hate for God and Christ and Freedom Is the Shame of All Canada bakeng sa ho pepesa ho hlorisoa ha barab’abo rōna moo. Nathan H. Knorr, eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, o ile a kopana le bo-pula-maliboho ba makholo motseng oa Montreal ho ba hlalosetsa ka seo re neng re tla se etsa. Mor’abo rōna Knorr o ile a re bolella hore haeba re lumela ho kopanela phutuhong ena, re lebelle ho tšoaroa le ho koalloa teronkong. Sena se ile sa fela sa etsahala! Ke ile ka tšoaroa ka makhetlo a 15. Ha re e-ea tšebeletsong ea tšimo, re ne re etsa bonnete ba hore re tšele borashe ba meno le kama ka mokotleng ho itokiselletsa haeba re ka robala teronkong.

Qalong re ne re phetha boholo ba mosebetsi oa rōna bosiu e le hore re se ke ra imemela mahlo ka hohle kamoo ho ka khonehang. Ke ne ke tloaetse ho nka lipampitšana tse eketsehileng ka mokotleng oo ke neng ke o jara molaleng ebe ke o koahela ka jase. Mokotla ona o tletseng lipampitšana o ne o le moholo, o etsa eke ke moimana. Sena se ne se ntsoela molemo ha ke palama koloi e tletseng ea baeti ha ke e-ea tšimong. Hangata majentlelemane a ne a ema ’me a suthela mofumahali enoa oa “moimana” hore a lule setulong.

Ka mor’a nako, re ile ra qala ho aba lingoliloeng motšehare. Re ne re siea lipampitšana matlong a mararo kapa a mane, ebe re fetela tšimong e ’ngoe. Hangata sena se ne se atleha. Leha ho le joalo, haeba moprista oa pharishe a ne a ka tseba hore re sebakeng se itseng, re ne re lebella mathata. Ka lekhetlo le leng, moprista o ile a susumetsa mokhopi oa batho ba baholo le bana ba 50 kapa 60 hore ba re betse ka litamati le mahe. Re ile ra balehela lapeng la morali’abo rōna oa Mokreste, moo re ileng ra robaletsa teng re robetse fatše.

Bo-pula-maliboho ba ne ba hlokahala haholo hore ba bolele ho batho ba buang Sefora Quebec, kahoo ka December 1958, ’na le Ausi Ruby re ile ra qala ho ithuta Sefora. Ka mor’a moo re ile ra abeloa libakeng tse ’maloa moo ho buuoang Sefora profinseng ena. Kabelo ka ’ngoe e ne e tlisa phihlelo e ikhethang. Sebakeng se seng, re ile ra tsamaea ka ntlo le ntlo ka lihora tse robeli ka letsatsi ka lilemo tse peli ho se motho ea reng re kene! Batho ba ne ba tla monyako ebe ba koala likharetene tse menyakong. Empa ha rea ka ra tela. Kajeno ho na le liphutheho tse peli tse hōlang toropong ena.

Ho Tšehetsoa ke Jehova ka Litsela Tsohle

Re ile ra ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ka 1965. Kabelong e ’ngoe re le bo-pula-maliboho ba khethehileng, re ile ra utloisisa ka botlalo mantsoe a Pauluse a tlalehiloeng ho 1 Timothea 6:8: “Ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.” Re ne re lokela ho sebelisa chelete ka hloko haholo e le hore re tle re fumane lintho tseo re li hlokang. Kahoo re ne re behella chelete ka thōko bakeng sa ntho ea ho futhumatsa ntlo, ho lefa rente, motlakase le ho reka lijo. Ha re ntšitse chelete ena, re ne re salloa ke lisente tse 25 bakeng sa khoeli e le eona eo re ka rekang ka eona lintho tseo re li batlang.

Kaha re ne re e-na le chelete e fokolang, re ne re khona ho futhumatsa ntlo ka lihora tse seng kae feela bosiu. Kahoo, ho ne ho se mohla mocheso o kamoreng ea rōna ea ho robala o bang ka holimo ho likhato tse 15 tsa Celsius ’me hangata e ne e bata le ho feta mona. Ka letsatsi le leng mora oa e mong oa liithuti tsa Ruby tsa Bibele o ile a re etela. Ho bonahala eka o ile a ea habo ’me a bolella ’mè oa hae hore re tla shoa ke serame, hobane ka mor’a moo o ile a re romela lidolara tse leshome khoeli le khoeli hore re reke parafine e le hore hitara e ka lula e tuka ka linako tsohle. Re ne re sa ikutloe re hloka ka tsela leha e le efe. Re ne re se barui, empa ka linako tsohle re ne re e-na le lintho tse hlokahalang. Re ne re nka hore se re sallang ke tlhohonolofatso. Mantsoe a ho Pesaleme ea 37:25 ke ’nete hakaakang: “Ha ke e-s’o bone mang kapa mang ea lokileng a tloheloa ka ho feletseng, kapa bana ba hae ba batla bohobe”!

Ho sa tsotellehe khanyetso eo re neng re tobana le eona, ke ile ka thabela ho bona batho ba bangata bao ke neng ke ba khannela lithuto tsa Bibele ba tseba ’nete. Ba bang ba ile ba etsa tšebeletso ea nako e tletseng mosebetsi oa bona, e leng se ileng sa nthabisa ka ho khethehileng.

Ho Tobana le Liteko Tse Ncha ka Katleho

Ka 1970, kabelo ea rōna e ncha e bile Cornwall, Ontario. Hoo e ka bang selemo ka mor’a hore re fihle Cornwall, ’Mè o ile a kula. Ntate o ne a hlokahetse ka 1957, ’me ’na le bo-ausi ba ka re ile ra chenchana ka ho hlokomela ’Mè ho fihlela a hlokahala ka 1972. Ella Lisitza le Ann Kowalenko, bao e neng e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ’moho le rōna, ba ile ba re fa botsitso le ho re tšehetsa ka lerato nakong ena. Ba ne ba khanna lithuto tsa rōna tsa Bibele le ho re etsetsa mesebetsi e meng ha re le sieo. Mantsoe a ho Liproverbia 18:24 ke ’nete hakaakang: “Ho na le motsoalle ea khomarelang haufi ho feta mor’abo motho”!

Ka sebele bophelo bo tletse liteko tse boima. Ke ’nile ka khona ho tobana le tsona ka thuso e lerato ea Jehova. Ka thabo ke sa ntsane ke tsoela pele ka tšebeletso ea nako e tletseng. Bob, ea ileng a hlokahala ka 1993, o ile a qeta lilemo tse fetang 20 mosebetsing oa bopula-maliboho, ho kopanyelletsa le lilemo tsa bohlokoa tse 10 tseo a ileng a bula maliboho ka tsona le mosali oa hae, Doll. Ausi Ella, ea hlokahetseng ka October 1998, o ile a bula maliboho ka lilemo tse ka holimo ho 30 ’me ka linako tsohle o ne a e-na le moea oa bopula-maliboho. Ka 1991 ho ile ha fumanoa hore ausi oa ka e mong, Ruby, o na le kankere. Leha ho le joalo, o ile a sebelisa matla a hae a fokolang ho bolela litaba tse molemo. Le eena ha aa ka a felloa ke bosoasoi ho fihlela ha a hlokahala hoseng, ka la 26 September, 1999. Le hoja ke se ke se na bo-ausi, ke na le lelapa la moea la bara le barali beso ba nthusang hore ke ’ne ke soasoe.

Ha ke hetla morao bophelong ba ka, ebe nka fetola eng? Ha ho mohla nkileng ka nyaloa, empa ke ile ka hlohonolofatsoa ka batsoali ba lerato, khaitseli le bo-ausi ba neng ba behile ’nete ka pele bophelong ba bona. Ke lebeletse ho ba bona kaofela haufinyane tsohong. Le hona joale ke khona ho utloa hore na ka nako eo Ntate o tla ntšoara ka letsoho a le tiise hakae ’me ’Mè a keleketlise meokho joang ha re kopana ka matsoho ka mofuthu. Ha e le Ella, Ruby le Bob ba tla tlōla ke thabo.

Khabareng, ke ikemiselitse ho tsoela pele ke sebelisa bophelo ba ka le matla a ntšaletseng ho rorisa le ho tlotlisa Jehova. Tšebeletso ea nako e tletseng ea bopula-maliboho ke bophelo bo babatsehang, bo putsang. Ho joalokaha mopesaleme a ile a re ka ba tsamaeang litseleng tsa Jehova: “U tla thaba ’me lintho li tla u tsamaela hantle.”—Pesaleme ea 128:1, 2.

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Ntate o ne a rata Bibele. O ile a re ruta ho e sebelisa ho emela tumelo ea rōna

[Litšoantšo tse leqepheng la 28]

Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Ruby, ’na, Bob, Ella, ’Mè le Ntate ka 1947

[Litšoantšo tse leqepheng la 28]

Moleng o ka pele, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: ’Na, Ruby le Ella Kopanong ea Setereke ka 1998

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela