“U Bua ’Nete, Bophelo bo Monate!”
NA U ka rata ho tseba morero oa sebele oa bophelo? Magdalena ea lulang Szczecin, Poland, ea lilemo li 18, eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a thusa Katarzyna ea sehlopheng se le seng le eena sekolong ho o tseba. Katarzyna o ne a bolela hore ha a lumele hore Molimo o teng, empa eitse ha Magdalena a buisana le eena ka Bibele, o ile a thabela seo haholo.
Le hoja Katarzyna a ne a rata se ka Bibeleng seo Magdalena a neng a mo bolella sona, o ne a sa se lumele ka botlalo. Ha a ntse a bua le Magdalena ka metsoalle ea ’nete, Katarzyna o kile a re: “Uena u na le Bibele ’me ua tseba hore na u lokela ho latela melao-motheo efe le hore na u ka fumana metsoalle hokae. Empa ho thoe’ng ka bao, bonyane hona joale ba sa amoheleng melao-motheo eo?”
Phetoho e khōlō e ile ea etsahala ha Katarzyna a etela London, Engelane. O ile a etela ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova moo, ’me o ile a angoa maikutlo ke mosa oo a ileng a o bontšoa. Lintho tse nyenyane joaloka ho buleloa lemati le ho mameloa ka hloko ha a bua, li ile tsa mo khahla.
Ha likolo li buloa ka September 2001, Katarzyna o ile a etsa qeto ea ho ba le thuto ea kamehla ea Bibele. O eketsa kananelo ea hae bakeng sa melao-motheo ea Bibele ’me o se a qalile ho e sebelisa letsatsi le letsatsi. Morao tjena o ile a bolella Magdalena lekunutu, a re: “Ke hona ke qalang ho utloa monate oa bophelo.” O ile a boela a mo romela molaetsa ka thelefono ea cellular a re: “Ke u leboha haholo ka thuto eo re bileng le eona kajeno! U bua ’nete, bophelo bo monate! Hoa babatseha ho tseba hore na re lokela ho leboha mang bakeng sa bona.”