Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Pauluse o ne a bolela’ng ha a re: “Nako le nako ha le ja bohobe bona le ho noa senoelo sena”?
Ha Pauluse a bua ka ho thehoa ha Sehopotso sa lefu la Jesu, o ile a ngola a re: “Nako le nako ha le ja bohobe bona le ho noa senoelo sena, le ntse le phatlalatsa lefu la Morena, ho fihlela a fihla.” (1 Bakorinthe 11:25, 26) Ba bangata ba nahana hore poleloana e ngotsoeng mona e le “nako le nako,” e bolela hore lefu la Kreste le lokela ho hopoloa khafetsa, hangata. Kahoo, ba le hopola hangata ho feta hang ka selemo. Na ke sona seo Pauluse a neng a se bolela?
E se e ka ba lilemo tse 2 000 esale Jesu a ne a thehe Sehopotso sa lefu la hae. Ka lebaka leo, ho keteka Sehopotso le haeba e le hang ka selemo ho bolela hore se ketekiloe hangata ha esale ho tloha ka 33 C.E. Leha ho le joalo, ho seo ho buuoang ka sona ho 1 Bakorinthe 11:25, 26, Pauluse o ne a sa bue ka hore na Sehopotso se ketekoe hangata hakae, empa o ne a bua ka hore na se ketekoe joang. Segerikeng sa mathomo, ha aa ka a sebelisa lentsoe pol·laʹkis, le bolelang “hangata” kapa “khafetsa.” Ho e-na le hoo, o sebelisitse lentsoe ho·saʹkis, le bolelang “nako le nako,” e leng lentsoe le bolelang “neng le neng,” “ka nako eohle ha.” Pauluse o ne a re: ‘Ka nako eohle ha le etsa sena, le ntse le phatlalatsa lefu la Morena.’a
Joale Sehopotso sa lefu la Jesu se lokela ho hopoloa hangata hakae? Ho nepahetse ho se keteka hang feela ka selemo. Joalokaha ho boleloa, ke sehopotso ’me hangata ntho ha e le sehopotso e ketekoa hang ka selemo. Ntle ho moo, Jesu o shoele ka letsatsi la Paseka ea Bajuda, e neng e ketekoa hang ka selemo. Ka ho loketseng, Pauluse o ile a re Jesu ke “Kreste paseka ea rōna,” kaha lefu la sehlabelo la Jesu le ile la bulela Baiseraele ba moea tsela e isang bophelong, joalokaha le sehlabelo sa pele sa Paseka se ile sa phelisa matsibolo a Baiseraele ba nama Egepeta le ho bula tsela ea hore sechaba se lokolloe bokhobeng. (1 Bakorinthe 5:7; Bagalata 6:16) Ho tšoana hona ha Paseka ea Bajuda ea selemo le selemo le Sehopotso sa lefu la Jesu ke bopaki bo bong ba hore se lokela ho ketekoa hang feela ka selemo.
Ho feta moo, Pauluse o ile a amahanya lefu la Jesu le mokete o mong oa Bajuda oa selemo le selemo, e leng oa Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe. Ho Baheberu 9:25, 26, rea bala: “Leha e le hore ke bakeng sa hore [Jesu] a inyehele hangata, joalokaha moprista ea phahameng a kena sebakeng se halalelang selemo le selemo [ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe] ka mali ao e seng a hae. . . . Empa joale o iponahalitse hang le ka ho ke keng ha phetoa qetellong ea litsamaiso tsa lintho ho tlosa sebe ka sehlabelo sa hae.” Kaha sehlabelo sa Jesu se ile sa nka sebaka sa sehlabelo sa selemo le selemo sa Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe, ho loketse hore Sehopotso sa lefu la hae se ketekoe selemo le selemo. Ha ho moo Mangolo a reng Sehopotso se ketekoe hangata ho feta moo.
Tumellanong le sena, rahistori John Laurence von Mosheim o bolela hore Bakreste ba phetseng lilemong tsa bo-100 Asia Minor ba ne ba tloaetse ho keteka Sehopotso sa lefu la Jesu “ka letsatsi la leshome le metso e mene khoeling ea Bajuda [ea Nisane].” Ho ile ha tloaeleha lilemong tsa morao hore Bokreste-’mōtoana bo se keteke hangata ho feta hang ka selemo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bapisa le tlaleho e ho 1 Samuele 1:3, 7. Moo, “nako le nako” (ka phetolelo ea Seheberu sa hona joale) e bolela lintho tse neng li etsahala “selemo le selemo,” kapa hang ka selemo, ha Elkana le basali ba hae ba babeli ba ne ba e-ea tabernakeleng e Shilo.