Sehopotso (Sejo sa Morena sa Mantsiboea)
Tlhaloso: Sejo se hopotsang ka lefu la Jesu Kreste, kahoo, khopotso ea lefu la hae, lefu le bileng le liphello tse khōlō ho feta la motho ofe kapa ofe. Ena ke eona ketsahalo feela eo Morena Jesu Kreste a laetseng barutuoa ba hae hore ba e hopole. Hape e tsejoa e le Selallo sa Morena, kapa Sejo sa Morena sa Mantsiboea.—1 Ba-Kor. 11:20.
Bohlokoa ba Sehopotso ke bofe?
Jesu o itse ho baapostola ba hae ba khabane: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.” (Luka 22:19) Ha a ngolla litho tsa phutheho ea Bokreste e tsoetsoeng ka moea, moapostola Pauluse a phaella: “Efela ka mehla eohle, ha le e-ja bohobe boo, ’me le noela senoelong seo, etlaba le bolela lefu la Morena, a tle a be a fihle.” (1 Ba-Kor. 11:26) Ka hona, Sehopotso se hlokomelisa ka ho khethehileng ka bohlokoa ba lefu la Jesu Kreste ho phethahaleng hoa morero oa Jehova. Se phahamisa se boleloang ke lefu la sehlabelo la Jesu haholo-holo kamanong le selekane se secha le tsela eo ka eona lefu la hae le amang bao e tlang ho ba majalefa le eena a ’Muso oa leholimo.—Joh. 14:2, 3; Ba-Heb. 9:15.
Sehopotso hape ke khopotso ea hore lefu la Jesu le tsela eo le entsoeng ka eona, tumellanong le morero oa Molimo joalokaha o boletsoe ho Genese 3:15 le kamorao ho moo, le sebelelitse ho phahamisa lebitso la Jehova. Ka ho tšepahala ho Jehova ho fihlela a e-shoa, Jesu o pakile hore sebe sa Adama ha sea bakoa ke phoso leha e le efe ea ’Mōpi ha a etsa motho empa hore ho bonolo hore motho a boloke boinehelo bo phethahetseng ba bomolimo le tlas’a khatello e fetisisang, ’me kahoo Jesu o ile a tumisa Jehova Molimo e le ’Mōpi le Morena oa Bokahohleng. Ntle ho moo, Jehova o ne a rerile hore lefu la Jesu le fane ka sehlabelo sa botho se phethahetseng se neng se hlokahala ho lopolla bana ba Adama, ’me kahoo se nolofaletse ba libillione ba neng ba tla sebelisa tumelo hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise, phethahatsong ea morero oa mathomo oa Jehova le pontšong ea lerato la hae le leholo bakeng sa batho.—Joh. 3:16; Gen. 1:28.
Ke moroalo o boima hakaakang o neng o le holim’a Jesu bosiung ba hae ba ho qetela e le motho oa nama lefatšeng! O ne a tseba hore na Ntate oa hae oa leholimo o mo reretse eng, empa hape o ne a tseba hore o lokela ho ipaka a tšepahala tlas’a teko. Hoja a hlōleha, e ne etlaba thohako e kaakang bakeng sa Ntate oa hae ’me ebe tahlehelo e kaakang ho batho! Ka lebaka la sohle se neng se tla finyelloa ka lefu la hae, ho ne ho loketse haholo hore Jesu a laele hore le ’ne le ikhopotsoe.
Ke eng se boleloang ke bohobe le veine tse sebelisoang Sehopotsong?
Mabapi le bohobe bo sa lomosoang boo Jesu a neng a bo file baapostola ba hae ha a thea Sehopotso, o itse: “Hona ke [“ho bolela,” NW] ’mele oa ka.” (Mar. 14:22) Bohobe boo bo ne bo tšoantšetsa ’mele oa hae o se nang sebe oa nama. Ona o ne a tla o tela molemong oa hore batho ba lebelle bophelo ba kamoso, ’me le ka lekhetlo lena ho lebisoa tlhokomelo e khethehileng litebellong tsa bophelo tseo o li nolofaletsang ba neng ba tla khetheloa ho kopanela le Jesu ’Musong oa leholimo.
Ha a fetisetsa veine ho baapostola ba hae ba khabane, Jesu o itse: “Hona ke [“ho bolela,” NW] mali a ka, a selekane se secha, a tšolleloang ba bangata.” (Mar. 14:24) Veine eo e ne e tšoantšetsa mali a bophelo ba hae. Ka mali a hae a tšolotsoeng, ho ne ho tla ba bonolo hore ba lumelang ho oona ba tšoareloe libe. Ka lekhetlo lena Jesu o ne a phahamisa ho hloekisoa sebeng hoo a neng a tla ho nolofaletsa ba lebelletseng ho ba majalefa le eena. Mantsoe a hae a boetse a bontša hore ke ka mali ao selekane se secha pakeng tsa Jehova Molimo le phutheho e tlotsitsoeng ka moea ea Bokreste se neng se tla etsoa hore se sebetse.
Bona le maqephe 308-310, tlas’a sehlooho “’Misa.”
Ke mang ea lokelang ho ja bohobe le ho noa veine?
Ke bo-mang ba ileng ba e-ja le ho noa ha Jesu a thea Sejo sa Morena sa Mantsiboea nakoana pele ho lefu la hae? Balateli ba leshome le motso o mong ba khabane bao Jesu a ileng a re ho bona: “Ke le nea ’muso [“ke etsa selekane sa ’muso le lōna,” NW], joale ka ha Ntate a ’neile [“a se entse le ’na,” NW] oona.” (Luka 22:29) Kaofela e ne e le batho ba neng ba memetsoe ho kopanela le Kreste ’Musong oa hae oa leholimo. (Joh. 14:2, 3) Bohle ba jang bohobe le ho noa veine kajeno e lokela ho ba batho bao Kreste a ba kentseng ‘selekaneng sa ’muso.’
Ke ba bakae ba jang le ho noa? Jesu o itse ke “mohlatsoana” feela o neng o tla amohela ’Muso oa leholimo e le moputso oa oona. (Luka 12:32) Palo e feletseng e ne etlaba 144 000. (Tšen. 14:1-3) Sehlopha seo se qalile ho khethoa ka 33 C.E. Ka ho utloahalang, ho ne ho tla ba le palo e nyenyane feela ea ba jang le ho noa hona joale.
Na Johanne 6:53, 54 e bontša hore ke ba jang le ho noa feela ba tla rua bophelo bo sa feleng?
Joh. 6:53, 54: “Jesu a re ho bona: Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Ekare ha le sa je nama ea Mor’a motho, le sa noe mali a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lōna. Ea jang nama ea ka, le ho noa mali a ka, o na le bophelo bo sa feleng; ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.”
Ka ho totobetseng, ho ja le ho noa hona ho ne ho tla etsoa ka tšoantšetso; ho seng joalo ea ho etsang o ne a tla be a tlōla molao oa Molimo. (Gen. 9:4; Lik. 15:28, 29) Leha ho le joalo, ho lokela ho hlokomeloe hore polelo ea Jesu ho Johanne 6:53, 54 e ne e sa etsoe mabapi le ho thehoa ha Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Ho ba mo utloileng ha ho ea bileng le mohopolo oa mokete oa bohobe le veine tse sebelisetsoang ho emela nama le mali a Kreste. Tokisetso eo e ne e sa tsejoe ho fihlela hoo e ka bang selemo hamorao, ’me tlaleho ea moapostola Johanne ea Sejo sa Morena sa Mantsiboea ha e qale ho fihlela likhaolong tse fetang tse supileng hamorao (ho Johanne 14) Kosepeleng e nang le lebitso la hae.
Ka hona, ke joang motho a ka ‘jang nama ea Mor’a motho le ho noa mali a hae’ ka tsela ea tšoantšetso haeba a sa je bohobe le ho noa veine Sehopotsong? Hlokomela hore Jesu o itse ba jang le ba noang ba tla ba le “bophelo bo sa feleng.” Pejana temaneng ea 40, ha a hlalosa seo batho ba tlamehang ho se etsa ho fumana bophelo bo sa feleng, o ile a re thato ea Ntate oa hae ke efe? Ke hore “e mong le e mong ea talimang Mora, ’me a lumela ho eena, a be le bophelo bo sa feleng.” Ka hona, ka lebaka le utloahalang ‘ho ja nama ea hae le ho noa mali a hae’ ka kutloisiso ea tšoantšetso ho etsoa ka ho bontša tumelo matleng a thekollo ea nama le mali a Jesu a entsoeng sehlabelo. Ho bontša tumelo hona hoa hlokahala ho bohle ba tla fumana bophelo bo phethahetseng, ebang ke leholimong le Kreste kapa Paradeiseng ea lefatše.
Sehopotso se lokela ho ikhopotsoa hangata hakae, hona neng?
Jesu ha a ka a totobatsa hore na se lokela ho etsoa hangata hakae. O itse feela: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.” (Luka 22:19) Pauluse o itse: “Efela ka mehla eohle, ha le e-ja bohobe boo, ’me le noela senoelong seo, etlaba le bolela lefu la Morena, a tle a be a fihle.” (1 Ba-Kor. 11:26) “Ka mehla” ha ho hlokahale hore e bolele hangata ka selemo; e ka ’na ea bolela hang ka selemo ka lilemo tse telele. Haeba u ikhopotsa ketsahalo ea bohlokoa, e kang boikhopotso ba letsatsi la lenyalo, kapa ha sechaba se ikhopotsa ketsahalo ea bohlokoa historing ea sona, ho etsoa hangata hakae? Hang ka selemo ka letsatsi leo e etsahetseng ka lona. Hona ho ne ho tla boetse ho lumellana le ’nete ea hore Sejo sa Morena sa Mantsiboea se theiloe ka letsatsi la Paseka ea Bajode, mokete oa selemo le selemo oo ho neng ho se ho sa hlokahale hore Bajode ba neng ba fetohile Bakreste ba ’ne ba o boloke.
Lipaki tsa Jehova li boloka Sehopotso hoba letsatsi le likele ka la 14 Nisane, ho latela almanaka ea Sejode e neng e tloaelehile lekholong la pele la lilemo. Letsatsi la Sejode le qala hoba letsatsi le likele le ee joalo ho fihlela hosasane ha letsatsi le likela. Kahoo Jesu o shoele ka lona letsatsi la almanaka ea Sejode leo a theileng Sehopotso ka lona. Qaleho ea khoeli ea Nisane e ne e le ha letsatsi le likela kamor’a hore khoeli e thoasitseng e bonahale Jerusalema ha ho lebanoe le hore letsatsi le be mpeng ea lefatše selemo (karolong e ka leboea ea lefatše). Letsatsi la Sehopotso le matsatsi a 14 ka morao ho moo. (Ka hona ho ka etsahala hore letsatsi la Sehopotso le se ke la nepana le la Paseka e bolokoang ke Bajode ba kajeno. Hobane’ng? Qaleho ea likhoeli tsa almanaka ea bona e etsoa hore e nepane le ho thoasa hoa khoeli ea bolepi, e seng ho thoasa hoa khoeli e bonahalang Jerusalema, ho ka ’nang hoa etsahala lihora tse 18 ho isa ho tse 30 hamorao. Hape, Bajode ba bangata kajeno ba boloka Paseka ka la 15 Nisane, e seng ka la 14 joalokaha Jesu a ile a etsa tumellanong le se neng se boletsoe Molaong oa Moshe.)