Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 3/1 maq. 19-22
  • Sebelisa Maemo a Macha Hamolemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Maemo a Macha Hamolemo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Ha Bana ba Tloha Lapeng
  • Ho Iketsetsa Bophelo bo sa Rarahanang
  • Ho ea Pensheneng Pele ho Nako
  • Ho Sebelisa Phihlelo eo U e Fumaneng
  • Etsisa Tumelo ea Bona
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 3/1 maq. 19-22

Sebelisa Maemo a Macha Hamolemo

Pum, Jan, Dries le Otto ke baholo ba Bakreste ba bane ba lulang Netherlands, ’me ba tšoana ka litsela tse ngata. Bone ba bona ba nyetse ’me ba na le bana. Ho phaella moo, lilemong tse itseng tse fetileng, kaofela ha bona ba ne ba sebetsa ka nako e tletseng ’me ba lula matlong a matle. Leha ho le joalo, kaofela ha bona ba ile ba tlohela mesebetsi ea boipheliso ’me ba qala ho nehela nako eohle ea bona le matla mesebetsing e amang ’Muso oa Molimo. Ke eng se ileng sa ba thusa hore ba etse phetoho ee? Bone ba bona ba ile ba sebelisa maemo a macha hamolemo.

MAEMO a macha a re ama kaofela qetellong. Liphetoho tse ngata, tse kang ho kena lenyalong, ho ba le bana, kapa ho hlokomela batsoali ba hōlileng, li tlisa boikarabelo bo eketsehileng. Leha ho le joalo, liphetoho tse ling li re fa bolokolohi bo eketsehileng ba ho eketsa tšebeletso ea rōna ea Bokreste. (Matheu 9:37, 38) Ka mohlala, bana ba rōna ba hōlileng ba ka ’na ba tloha lapeng, kapa re ka ’na ra ea pensheneng.

Ho feta moo, le hoja e le ’nete hore maemo a rōna a ka ’na a fetoha re rata kapa re sa rate, Bakreste ba bang ba atlehile ho sebelisa maemo a bona hamolemo ’me hoo ho butse menyetla ea ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong. Sena ke sona se entsoeng ke Pum, Jan, Dries le Otto. Joang?

Ha Bana ba Tloha Lapeng

Pum o ne a sebetsana le litlaleho tsa lichelete femeng ea meriana. Hangata eena le mosali oa hae Anny e ne e e-ba bo-pula-maliboho ba thusang hammoho le barali ba bona ba babeli. Pum le Anny ba ne ba boetse ba atisa ho lokisetsa hore ho be le boithabiso le bo-pula-maliboho ba bang. Ba re: “Sena se ne se re sireletsa mathateng a neng a ka bakoa ke botsoalle bo bong.” Barali ba bona ba babeli ba ile ba susumetsoa ke mohlala oa batsoali ba bona ’me ea e-ba bo-pula-maliboho ba kamehla ha ba qeta sekolong se phahameng.

Ha bana ba bona ba tloha lapeng, Pum le Anny ba ile ba hlokomela hore boemo bona bo bocha bo ba fa bolokolohi bo eketsehileng le chelete eo ba ka e sebelisetsang ho etela libaka tse thabisang kapa ba thabela boiketlo bo bong bo itseng. Leha ho le joalo, ho e-na le hoo, banyalani bana ba ile ba sebelisa boemo bona bo bocha ho eketsa tšebeletso ea bona ea Bokreste. Kahoo Pum o ile a kōpa mohiri oa hae hore a mo lumelle hore a fokotse letsatsi le le leng ho ao a neng a a sebetsa ka beke. Hamorao, Pum o ile a etsa litokisetso tse ileng tsa mo nolofalletsa hore a qale mosebetsi ka 7:00 hoseng ’me a chaise ka 2:00 thapama. Ho hlakile hore ho sebetsa nako e nyenyane ho ne ho bolela ho phela ka moputso o tlaase. Leha ho le joalo, ba ile ba atleha, ’me ka 1991, Pum e ile ea e-ba pula-maliboho oa kamehla joaloka mosali oa hae.

Ka mor’a moo, Pum o ile a kōptjoa ho thusa mohlokomeli oa Holo e ’ngoe ea Kopano ea Lipaki Tsa Jehova. Kōpo eo e ile ea bolela hore ba lokela ho tloha ntlong eo ba neng ba lutse ho eona ka lilemo tse 30 ’me ba ee foleteng e mehahong ea Holo ea Kopano. Ba ile ba fallela moo. Na ho ne ho le thata? Anny o araba ka hore neng le neng ha a ne a ikutloa a hlolohetsoe hae, o ne a ipotsa, ‘Ebe ke mosali oa Lota?’ Sena se ile sa etsa hore a se ke a ‘hetla.’—Genese 19:26; Luka 17:32.

Pum le Anny ba ikutloa hore qeto ea bona e entse hore ba fumane litlhohonolofatso tse ngata. Har’a lintho tse ngata, ba thabela tšebeletso ea bona Holong ea Kopano, mosebetsi oa ho lokisetsa likopano tsa setereke le ho ba le setsoalle le balebeli ba potoloho (basebeletsi ba tsamaeang) ba fanang ka lipuo holong eo. Ka mor’a nako e itseng ba etela liphutheho tse fapaneng ha Pum a sebeletsa e le molebeli oa potoloho ea tšoereng molepo.

Banyalani baa ba ile ba atlehisoa ke eng hore ba eketse tšebeletso ea bona? Pum o re: “Ha ho e-ba le phetoho e khōlō bophelong ba hao, u lokela ho ikemisetsa ho sebelisa boemo bo bocha hamolemo kamoo u ka khonang.”

Ho Iketsetsa Bophelo bo sa Rarahanang

Jan le mosali oa hae, Woth, ba na le bana ba bararo. Joaloka Pum le lelapa la hae, Jan o ile a sebelisa ka bohlale boemo bo bocha. Ka lilemo tse ngata, Jan o ne a sebetsa mosebetsi o mo lefang chelete e ngata bankeng ’me o ne a hlokometse lelapa la hae hantle. Leha ho le joalo, o ne a lakatsa ho eketsa tšebeletso ea hae. O re: “Bophelong ba ka kananelo ea ka bakeng sa ’nete e ile ea teba, ’me lerato la ka ho Jehova la hōla.” Kahoo, ka 1986, Jan o ile a fetola boemo ba hae. O re: “Ke ile ka fumana monyetla ha ho hlophisoa lintho bocha ofising ’me ka qala ho sebetsa lihora tse nyenyane. Basebetsi-’moho le ’na ba ile ba makala ’me ba mpitsa Diwodo hobane ke ne ke sebetsa feela ka dinsdag [Labobeli], woensdag [Laboraro] le donderdag [Labone]. Moputso oa ka o ile oa fokotseha ka karolo ea 40 lekholong. Ke ile ka rekisa ntlo ea rōna eaba ke reka k’haravene e le hore re ka sebeletsa moo ho neng ho hlokahala bahoeletsi ba eketsehileng ba ’Muso. Hamorao, ke ile ka sebelisa monyetla oa ho ea pensheneng pele ho nako; moputso oa ka oa theoha hape ka karolo ea 20 lekholong, empa ka 1993, ke ile ka qala ho sebeletsa ke le pula-maliboho oa kamehla.”

Kajeno, Jan ke setho sa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele ’me nako le nako o sebeletsa e le molebeli oa kopano. Le hoja Woth a kula, o sebeletsa e le pula-maliboho ka linako tse ling. Bana ba bona ka boraro ba bona ba lenyalong, ’me bona le balekane ba bona ke basebeletsi ba chesehang ba ’Muso.

Jan le Woth ba ile ba etsa joang hore ba phele ka chelete e nyenyane? Jan o re: “Ha re sa ntsane re hafa ka nkatana, re ile ra tiisa hore ha re behe tšepo linthong tse bonahalang. Matsatsing ana e ka ’na eaba ho thatanyana, empa litlhohonolofatso le litokelo tsa moea tseo re li fumaneng li etsa hore re se ke ra imeloa.”

Joaloka Jan le Woth, Dries le mosali oa hae, Jenny, le bona ba ile ba etsa qeto ea ho nolofatsa bophelo ba bona e le hore ba ka ba le nako e eketsehileng bakeng sa mesebetsi e amang ’Muso oa Molimo. Dries le Jenny ba ile ba bula maliboho ho fihlela ba e-ba le ngoana. Joale, e le hore a hlokomele lelapa la hae, Dries o ile a sebetsa e le mongoli femeng e khōlō. Bahiri ba hae ba ne ba ananela mosebetsi oa hae, ka hona ba mo phahamisa mosebetsing. Leha ho le joalo, Dries o ile a hana hobane ho phahamisoa hoo ho ne ho tla mo jella nako ea mesebetsi ea Bokreste.

Ho hlokomela lelapa—esita le ho hlokomela ’mè oa Jenny ea kulang—ho ne ho hloka hore banyalani bana ba sebelise nako e ngata le matla. Ho ntse ho le joalo, ba ile ba tsoela pele ho bontša moea oa bopula-maliboho. Ba ile ba thusoa ke eng ho etsa see? Jenny o re: “Re ne re lula le bo-pula-maliboho, re ne re memela bo-pula-maliboho lijong ’me re amohela balebeli ba potoloho.” Dries oa eketsa o re: “Re ne re phela bophelo bo bonolo ’me re qoba ho etsa likoloto. Re ile ra etsa qeto ea hore re se ke ra ba le khoebo e khōlō kapa ra reka ntlo, e le hore nakong e tlang lintho tse joalo li se ke tsa re sitisa.”

Qeto ea Dries le Jenny ea ho sebelisa hamolemo boemo bo neng bo tla ba nolofalletsa ho ba le nako e eketsehileng bakeng sa mesebetsi e amang ’Muso oa Molimo, e bile le liphello tse molemo. Hona joale, bara ba bona ka bobeli ke baholo ’me e mong o bula maliboho hammoho le mosali oa hae. Dries le Jenny ba ile ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng, ’me hamorao Jenny o ile a tsamaea le Dries mosebetsing oa potoloho. Hona joale ke baithaopi Bethele, ’me Dries o sebeletsa e le setho sa Komiti ea Lekala.

Ho ea Pensheneng Pele ho Nako

Joaloka Dries le Jenny, Otto le mosali oa hae Judy, ba ile ba bula maliboho pele ba e-ba le barali ba bona ba babeli. Ha Judy a ne a imme ngoana oa bona oa matsibolo, Otto o ile a fumana mosebetsi oa botichere.

Ha bana ba ntse ba hōla, hangata Otto le Judy ba ne ba mema bo-pula-maliboho e le hore barali ba bona ba ka bona thabo eo basebetsi ba Bakreste ba nako e tletseng ba nang le eona. Ka mor’a nako e itseng, morali oa bona oa matsibolo o ile a kenela tšebeletso ea bopula-maliboho. Hamorao o ile a ea Sekolong sa Gileade ’me hona joale eena le monna oa hae ba sebeletsa e le baromuoa naheng e ’ngoe ea Afrika. Morali oa bona e monyenyane o ile a qala ho bula maliboho ka 1987, ’me Judy le eena o ile a qala ho bula maliboho.

Ha boemo bo bocha bo lumella Otto ho sebetsa lihora tse nyenyane sekolong, o ile a fumana nako e eketsehileng ’me a e sebelisa ho bula maliboho. Qetellong, o ile a tlohela mosebetsi. Kajeno, Otto o etsa mosebetsi oa potoloho, ’me o sebelisa tsebo ea hae ea botichere ho matlafatsa liphutheho moeeng.

Keletso ea Otto ke efe ho ba eang pensheneng pele ho nako? “Ha u tlohela mosebetsi, u se ke ua re u tla qhanolla bonyane selemo se le seng. Ho bonolo ho thabela ‘ho qhoaolla.’ Kapele feela u tla lebala ka bopula-maliboho. Ho e-na le hoo, u lokela ho qala hang-hang ho eketsa tšebeletso ea hao.”

Ho Sebelisa Phihlelo eo U e Fumaneng

Ke ’nete hore barab’abo rōna ba tšoanang le Pum, Jan, Dries le Otto hona joale ha ba sa na matla le mokoka oo ba neng ba e-na le oona ha ba sa le bacha. Empa ba hōlile tsebong, ba na le phihlelo ’me ba bohlale. (Liproverbia 20:29) Ba tseba se boleloang ke ho ba ntate, ’me ka lebaka la ho sebetsa le basali ba bona, ba ithutile hore na ho ba ’mè ho hloka eng. Bona le basali ba bona, ba sebelitse mathata a malapa le ho behela bana ba bona lipakane tsa puso ea Molimo. Otto o re: “Ha ke fana ka keletso litabeng tse amang malapa ke le molebeli oa potoloho, phihlelo ea ka ea ho hōlisa bana ea nthusa.” Ka ho tšoanang, phihlelo ea Dries ea ho ba ntate, hona joale e etsa hore a be le thuso haholo lelapeng la Bethele, le nang le basebetsi ba bangata ba banyenyane.

E, tsebo eo bara bana babo rōna ba bileng le eona e ba thusa hore ba tsebe ho sebetsana le lintho tse ngata ka liphuthehong. Ka mantsoe a mang, phihlelo ea bona e ntlafalitse mekhoa ea bona ea ho sebetsa, hoo ba sebelisang matla a bona ka tsela e molemo. (Moeklesia 10:10) Ha e le hantle, ka nako e behiloeng, hangata ba ka finyella lintho tse ngata ho feta ba matla empa ba se na phihlelo.

Bara bana babo rōna hammoho le basali ba bona, ke mehlala e metle ho bacha har’a batho ba Jehova. Bacha baa hlokomela hore banyalani ba tšoanang le bana ba bile le liphephetso le litlhohonolofatso tse ngata tse tlalehoang ho lingoliloeng tsa rōna tsa Bokreste. Hoa khothatsa ho bona banna le basali ba bontšang moea oa boitelo bo kang ba Kalebe eo, le hoja a ne a se a hōlile, a ileng a kōpa kabelo e thata.—Joshua 14:10-12.

Etsisa Tumelo ea Bona

Na u ka etsisa tumelo le liketso tsa banyalani ba boletsoeng sehloohong see? U hopole hore ba ne ba phelela ’nete. Ba ile ba kenya bana ba bona takatso ea bopula-maliboho. Joalokaha Jan a bolela, sena ba ile ba se etsa ka “ho beha mohlala oa ho rata Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, ka ho lokisetsa botsoalle bo hahang le ka ho ruta bana ho itlhokomela licheleteng.” Ba ne ba boetse ba sebetsa le ho bapala hammoho e le lelapa. Pum o sa hopola, o re: “Nakong ea matsatsi a phomolo, ho ne ho tloaelehile hore lelapa lohle le ee mosebetsing oa boboleli hoseng ’me le thabele boithabiso thapama.”

Ho feta moo, Bakreste bana ba ne ba lokisetsa lintho esale pele e le hore ha ho hlaha maemo a macha, ba be ba loketse ho a sebelisa hamolemo. Ba ne ba ipehela lipakane ’me ba etsa liqeto tse etsang hore ba finyelle lipakane tsa bona ka potlako. Ba ne ba batla litsela tsa ho fokotsa nako ea mosebetsi oa boipheliso ’me ba ikemiselitse ho phela ka chelete e nyenyane. (Bafilipi 1:10) Basali ba ne ba tšehetsa banna ba bona ka ho feletseng. Kaofela ha bona ba ne ba e-na le takatso e matla ea ho kena ka “monyako o moholo o isang tšebetsong” ’me ka lebaka leo, ba fumane tlhohonolofatso e enneng e tsoang ho Jehova.—1 Bakorinthe 16:9; Liproverbia 10:22.

Na le uena u na le takatso ea ho eketsa tšebeletso ea hao? Haeba ho joalo, ho sebelisa maemo a macha hamolemo ho ka u thusa ho etsa joalo.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Pum le Anny ba hlokomela Holo ea Kopano

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Jan le Woth ba mosebetsing oa boboleli

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Dries le Jenny ba sebeletsa Bethele

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Otto le Judy ba itokisetsa ho etela phutheho e latelang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela