Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 3/15 leq. 3
  • Letsatsi la Bohlokoahali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letsatsi la Bohlokoahali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu Kreste—Molaetsa oa Hae o U Ama Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Johanne 3:16—“Molimo o Ratile Lefatše Haholo”
    Litemana tsa Bibele lia Hlalosoa
  • Seo Molimo a se Entseng ho Pholosa Moloko oa Batho
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Lefu la Jesu le Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 3/15 leq. 3

Letsatsi la Bohlokoahali

KE LETSATSI le ileng la fetola bokamoso ba batho hoo joale ba neng ba ka lebella mahlohonolo a ka ho sa feleng. Ha ho letsatsi le leng le kileng la ama bokamoso ba batho joalo. Ke letsatsi leo ka lona Jesu a ileng a phetha sohle seo a neng a se tletse lefatšeng. Ha a khokhothetsoe thupeng ea tlhokofatso, o ile a phefumoloha la ho qetela ’me a hooa a re: “Ho phethehile!” (Johanne 19:30) Jesu o ne a tlile lefatšeng ka morero ofe?

Bibele e re: ‘Mor’a motho ha aa ka a tlela ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’ (Matheu 20:28) Jesu o ile a fana ka moea oa hae, kapa bophelo ba hae e le hore batho ba lokolloe sebeng le lefung tseo ba li futsitseng. Ka sebele, “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Sehlabelo sa Jesu ke sa bohlokoa hakaakang!

Letsatsi leo Jesu a shoeleng ka lona ke la bohlokoahali ka lebaka le leng hape. Letsatsing leo, Mora oa Molimo o ile a ruta baapostola ba hae lithuto tsa bohlokoa tse neng li tla ba thusa hore ba lule ba tšepahala. E tlameha ebe mantsoe a hae a ho qetela a ile a ama lipelo tsa barutuoa ba hae hakaakang! O ile a ba ruta lintho life? Re ka rua molemo joang ho seo Jesu a ileng a ba ruta sona? Lipotso tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela