Khaolo ea 7
Seo Molimo a se Entseng ho Pholosa Moloko oa Batho
1, 2. (a) Molaoli oa lekholo oa Moroma o ile a utloisisa joang hore na Mora oa Molimo ke mang? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella hore Jesu a shoe?
Ka nako e ’ngoe e le selemo motšehare oa mantsiboea hoo e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng, molaoli e mong oa lekholo oa Moroma o ile a shebella banna ba bararo ba e-shoa butle, ba e-shoa lefu le sehlōhō. Lesole leo le ile la hlokomela e mong oa bona ka ho khetheha—Jesu Kreste. Jesu o ne a khokhothetsoe thupeng. Leholimo le ile la fifala har’a motšehare ha motsotso oa hore a shoe o atamela. Ha a e-shoa, lefatše le ile la sisinyeha hampe, ’me lesole leo la re: “Ka sebele motho enoa e ne e le Mor’a Molimo.”—Mareka 15:39.
2 Mora oa Molimo! Lesole leo le ne le nepile. Le ne le sa tsoa bona ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa e kileng ea etsahala lefatšeng. Liketsahalong tsa pejana, Molimo ka boeena o ne a ile a bitsa Jesu Mora oa hae ea ratoang. (Matheu 3:17; 17:5) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella hore Mora oa hae a shoe? Hobane ona e ne e le mokhoa oa Molimo oa ho pholosa moloko oa batho sebeng le lefung.
O KHETHETSOE MORERO O KHETHEHILENG
3. Ke hobane’ng ha ho ne ho loketse hore Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo a khetheloe morero o khethehileng mabapi le moloko oa batho?
3 Joalokaha re ithutile pejana bukeng ena, Jesu o ne a kile a phela pele e e-ba motho oa nama. O bitsoa “Mor’a Molimo ea tsoetsoeng a ’notši” hobane Jehova o mo bōpile ka ho toba. Ka morao ho moo Molimo o ile a sebelisa Jesu ho hlahisa lintho tse ling tsohle hore li be teng. (Johanne 3:18; Bakolose 1:16) Jesu o ne a rata moloko oa batho ka ho khethehileng. (Liproverbia 8:30, 31) Hase feela Jehova a ileng a khetha Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši hore a sebeletse morero o khethehileng ha moloko oa batho o e-ba tlas’a tsuo ea lefu!
4, 5. Pele Jesu a tla lefatšeng, Bibele e ile ea senola eng ka Peō ea Bomessia?
4 Ha a liha kahlolo holim’a Adama, Eva, le Satane tšimong ea Edene, Molimo o ile a bua ka Mopholosi oa kamoso e le “peō.” Peō ena, kapa ngoana e ne e tla etsolla lintho tsohle tse tšabehang tseo Satane Diabolose, “noha ea khale,” a li bakileng. Ha e le hantle, Peō e Tšepisitsoeng e ne e tla silakanya Satane le bohle ba mo latelang.—Genese 3:15; 1 Johanne 3:8; Tšenolo 12:9.
5 Ka makholo a lilemo, butle-butle Molimo o ile a senola ho eketsehileng ka Peō ena, e boetseng e bitsoa Messia. Joalokaha ho bontšitsoe chateng e leqepheng la 37, boprofeta bo bongata bo fane ka makolopetso ka litšobotsi tse ngata tsa bophelo ba hae mona lefatšeng. Ka mohlala, o ne a lokela ho mamella tšoaro e mpe e le hore a ka phethahatsa karolo ea hae morerong oa Molimo.—Esaia 53:3-5.
LEBAKA LEO MESSIA A NENG A TLA SHOA KA LONA
6. Ho latela Daniele 9:24-26, Messia o ne a tla finyella eng, hona joang?
6 Boprofeta bo tlalehiloeng ho Daniele 9:24-26 bo boletse esale pele hore Messia—Motlotsuoa oa Molimo—o ne a tla phethahatsa morero o moholo. O ne a tla tla lefatšeng ho tla “koalla bobe, le ho felisa sebe, le ho phekola bokhopo, le ho hlahisa ho loka” ka ho sa feleng. Messia o ne a tla tlosa kahlolo ea lefu molokong oa batho ba tšepahalang. Empa o ne a tla etsa see joang? Boprofeta bo hlalosa hore o ne a tla “tlosoa,” kapa a bolaoe.
7. Ke hobane’ng ha Bajode ba ile ba etsa mahlabelo a liphoofolo, ’me aa a ne a tšoantšetsa eng?
7 Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba tloaelane le khopolo ea pheko bakeng sa phoso. Borapeling ba bona tlas’a Molao oo Molimo a faneng ka oona ka Moshe, kamehla ba ne ba etsa mahlabelo a liphoofolo. Sena se ile sa hopotsa batho ba Iseraele hore batho ba ne ba hloka ho hong ho neng ho ka ba etsetsa pheko bakeng sa libe tsa bona kapa ho li koahela. Moapostola Pauluse o ile a akaretsa molao-motheo oo ka tsela ena: “Ntle le hore mali a tšolohe ha ho tšoarelo e bang teng.” (Baheberu 9:22) Bakreste ha ba tlas’a Molao oa Moshe le litlhoko tsa oona, tse kang mahlabelo. (Baroma 10:4; Bakolose 2:16, 17) Ba boetse baa tseba hore mahlabelo a liphoofolo a ke ke a fana ka tšoarelo ea libe e sa feleng le e feletseng. Ho e-na le hoo, linyehelo tsena tsa mahlabelo li ne li tšoantšetsa sehlabelo sa bohlokoa ka ho fetisisa—sa Messia, kapa Kreste. (Baheberu 10:4, 10; bapisa le Bagalata 3:24.) Empa, u ka ’na ua botsa, ‘Na ho ne ho hlile ho hlokahala hore Messia a shoe?’
8, 9. Adama le Eva ba ile ba lahleheloa ke lintho life tsa bohlokoa, hona liketso tsa bona li ile tsa ama litloholo tsa bona joang?
8 E, Messia o ne a lokela ho shoa hore moloko oa batho o tle o pholohe. Hore re utloisise lebaka, re tlameha ho hopola tšimo ea Edene ’me re leke ho utloisisa boholo ba seo Adama le Eva ba se lahlileng ha ba ne ba fetohela Molimo. Ho ne ho behiloe bophelo bo sa feleng ka pel’a bona! Joaloka bana ba Molimo, le bona ba ile ba thabela kamano e tobileng le eena. Empa ha ba hana bobusi ba Jehova, ba ile ba lahleheloa ke seo sohle ’me ba tlisa sebe le lefu holim’a moloko oa batho.—Baroma 5:12.
9 Ho bile joalokaha eka batsoali ba rōna ba ne ba hafalitse leruo le leholo, ba itukubetsa molatong o moholo. Adama le Eva ba ile ba fetisetsa molato oo ho bana ba bona. Kaha ha rea tsoaloa re phethahetse ’me re se na sebe, e mong le e mong oa rōna o na le sebe ’me o-oa shoa. Ha re kula kapa re bua ntho e ’ngoe e utloisang bohloko eo re lakatsang eka re ka e etsolla, re utloa liphello tsa molato oa rōna oo re o futsitseng—ho se phethahale ha botho. (Baroma 7:21-25) Tšepo ea rōna feela e itšetlehile ka ho boela re fumana seo Adama a se lahlileng. Leha ho le joalo, re ke ke ra lefshoa ka bophelo bo phethahetseng ba botho. Kaha batho bohle ba sa phethahalang ba etsa sebe, kaofela re lefshoa ka lefu, eseng bophelo.—Baroma 6:23.
10. Ho ne ho hlokahala eng ho rekolla seo Adama a se lahlileng?
10 Empa, na ho ka fanoa ka ho hong phapanyetsanong le bophelo boo Adama a bo lahlileng? Tekanyetso ea Molimo ea toka e hloka ho leka-lekana, “soule bakeng sa soule.” (Exoda 21:23, NW) Kahoo bophelo bo ne bo lokela ho lefshoa bakeng sa bophelo bo lahlehileng. Hase bophelo ba mang le mang feela bo neng bo tla tšoaneleha. Pesaleme ea 49:7, 8 e re ka batho ba sa phethahalang: “Ha ho le a mong oa bona ea ka tsebang ho lopolla ngoan’abo, leha e le ho ntšetsa Molimo topollo bakeng sa hae. Topollo ea bophelo ba motho e fetisa matla a hae, e tla ’ne e mo hlōle ka mehla.” Ka hona na boemo boo ke bo hlokisang tšepo? Che, ha ho joalo.
11. (a) Lentsoe “thekollo” le bolela eng ka Seheberu? (b) Ke mang feela ea neng a ka lopolla moloko oa batho, hona hobane’ng?
11 Ka puo ea Seheberu, lentsoe “thekollo” le bolela chelete e lefshoang ho lopolla motšoaruoa ’me hape le bolela ho lekana. Ke motho ea nang le bophelo bo phethahetseng feela ba botho ea neng a ka fana ka se lekanang le seo Adama a se lahlileng. Ka morao ho Adama, motho feela ea phethahetseng ea ileng a tsoaloa lefatšeng e bile Jesu Kreste. Ka hona, Bibele e bitsa Jesu “Adama oa ho qetela” ’me e re tiisetsa hore Kreste o ile a “fana ka eena ka boeena e le thekollo e lekanang bakeng sa bohle.” (1 Bakorinthe 15:45; 1 Timothea 2:5, 6) Le hoja Adama a ile a fetisetsa lefu ho bana ba hae, lefa la Jesu lona ke bophelo bo sa feleng. Bakorinthe ba Pele 15:22 e-ea hlalosa: “Etsoe feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape ka Kreste bohle ba tla phelisoa.” Joale, ka ho loketseng, Jesu o bitsoa “Ra-bo-sa-feleng.”—Esaia 9:6, 7.
KAMOO THEKOLLO E LEFILOENG KATENG
12. Jesu e bile Messia neng, ’me ke tsela efe ea bophelo eo a ileng a e phehella kamorao ho moo?
12 Hoetla ka 29 C.E., Jesu o ile a ea ho mong ka eena Johanne hore a mo kolobetse ’me kahoo a itlhahisa hore a phethe thato ea Molimo. Ketsahalong eo Jehova o ile a tlotsa Jesu ka moea o halalelang. Kahoo Jesu e ile ea e-ba Messia, kapa Kreste, ea tlotsitsoeng ke Molimo. (Matheu 3:16, 17) Joale Jesu o ile a kena tšebeletsong ea hae ea lilemo tse tharo le halofo. O ile a tsamaea a pholletsa le naha ea habo, a bolela ka ’Muso oa Molimo le ho bokella balateli ba tšepahalang. Leha ho le joalo, joalokaha ho boletsoe esale pele, khanyetso ho eena e ile ea phakisa ea hōla.—Pesaleme ea 118:22; Liketso 4:8-11.
13. Ke liketsahalo life tse ileng tsa lebisa lefung la Jesu e le ’moloki oa botšepehi?
13 Ka sebete Jesu o ile a pepesa boikaketsi ba baeta-pele ba bolumeli, ’me ba ile ba batla ho mo bolaea. Qetellong ba ile ba hlahisa morero o mobe o neng o akarelletsa ho eka, ho tšoaroa ho sa lokelang, nyeoe eo e seng ea molao, le qoso ea bohata ea ho hlohlelletsa ho fetohela ba nang le matla a ho laela. Jesu o ile a otloa, a tšoeloa ka mathe, a songoa, ’me a shapuoa ka phafa e neng e reretsoe ho mo ebola linama. ’Musisi oa Moroma Ponse Pilato joale o ile a mo ahlōlela lefu thupeng ea tlhokofatso. O ile a otlelloa palong ea lehong ’me a leketla moo a otlolohile. O ne a utloa bohloko bo otlang pelo nako le nako ha a hema, ’me ho mo nkile lihora hore a shoe. Ketsahalong eo e bohloko, Jesu o ile a boloka botšepehi bo phethahetseng ho Molimo.
14. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a lumella hore Mora oa hae a utloe bohloko ’me a shoe?
14 Ka hona, e ne e le ka la 14 Nisane, 33 C.E., ha Jesu a fana ka bophelo ba hae ho ba “thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Mareka 10:45; 1 Timothea 2:5, 6) A le leholimong, Jehova o ne a ka bona Mora oa hae ea ratoang a utloa bohloko ’me a e-shoa. Ke hobane’ng ha Molimo a ne a ka lumella ntho e tšabehang joalo hore e etsahale? O ile a etsa joalo hobane a ne a rata moloko oa batho. Jesu o ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Lefu la Jesu le boetse le re ruta hore Jehova ke Molimo oa toka e phethahetseng. (Deuteronoma 32:4) Ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a sa ka a tlohela melao-motheo ea hae ea toka e neng e hloka soule bakeng sa soule ebe o hlokomoloha tefo ea tsela ea boetsalibe ea Adama. Lebaka ke hore kamehla Jehova o iphaphatha ka melao ea hae ’me oa e khomarela, esita leha a lahleheloa haholo.
15. Kaha e ne e tla be e le ho hloka toka ho lumella hore Jesu a se ke a ba teng, Jehova o ile a etsa eng?
15 Toka ea Jehova e ne e boetse e hloka hore lefu la Jesu le be le phello e thabisang. Ho phaella moo, na ho ne ho tla ba le toka ho lumella Jesu ea tšepahalang hore a robale lefung ka ho sa feleng? Le hanyenyane! Mangolo a Seheberu a ne a ile a profeta hore ea tšepahalang oa Molimo o ne a ke ke a lula ka lebitleng. (Pesaleme ea 16:10; Liketso 13:35) O ile a robala lefung likarolo tsa matsatsi a mararo, eaba Jehova Molimo o mo tsosetsa bophelong e le motho oa moea ea matla.—1 Petrose 3:18.
16. Jesu o ile a etsa eng hoba a khutlele leholimong?
16 Lefung la hae, Jesu o ile a nehelana ka bophelo ba hae ba botho ka ho sa feleng. Hoba a tsosetsoe bophelong leholimong, o ile a fetoha moea o fanang ka bophelo. Ho feta moo, ha Jesu a nyolohela sebakeng se halalelang ka ho fetisisa bokahohleng, o ile a kopanngoa hape le Ntate oa hae ea ratehang ’me ka molao a Mo neha molemo oa bophelo ba hae ba botho bo phethahetseng. (Baheberu 9:23-28) Molemo oa bophelo boo ba bohlokoa joale o ne o ka sebelisoa molemong oa moloko oa batho o utloang. Hoo ho bolela eng ho uena?
THEKOLLO EA KRESTE LE UENA
17. Re ka rua molemo joang ka tšoarelo motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Kreste?
17 Hlahloba litsela tse tharo tseo ka tsona sehlabelo sa thekollo sa Kreste se u tsoelang molemo le hona joale. Ea pele, e tlisa tšoarelo ea libe. Ka tumelo maling a tšolotsoeng a Jesu, re na le “tokollo ka thekollo,” e, “tšoarelo ea litšito tsa rōna.” (Baefese 1:7) Kahoo esita le haeba re entse sebe se tebileng, re ka kōpa tšoarelo ho Molimo ka lebitso la Jesu. Haeba re bakile e le kannete, Jehova o sebelisa molemo oa sehlabelo sa thekollo sa Mora oa hae. Molimo o-oa re tšoarela, a re fa lebaka la ho thabela letsoalo le letle, ho e-na le ho fana ka kotlo ea lefu e re lokelang ka ho etsa sebe.—Liketso 3:19; 1 Petrose 3:21.
18. Ke ka tsela efe sehlabelo sa Jesu se re fang tšepo?
18 Ea bobeli, sehlabelo sa thekollo sa Kreste se fana ka motheo oa tšepo ea rōna bakeng sa bokamoso. Ponong, moapostola Johanne o ile a bona hore “bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala” bo ne bo tla pholoha bofelo ba koluoa e tlang ea tsamaiso ena ea lintho. Ba tla pholoha hobane’ng ha Molimo a timetsa ba bangata hakaale? Lengeloi le ile la bolella Johanne hore bongata bo boholo bo ne bo “hlatsoitse liaparo tse telele tsa ka holimo tsa bona le ho li soeufatsa maling a Konyana,” Jesu Kreste. (Tšenolo 7:9, 14) Hafeela re e-na le tumelo maling a tšolotsoeng a Jesu Kreste ’me re phela tumellanong le litlhoko tsa bomolimo, re tla hloeka mahlong a Molimo ’me re tla ba le tšepo ea bophelo bo sa feleng.
19. Sehlabelo sa Kreste se paka joang hore eena le Ntate oa hae baa u rata?
19 Ea boraro, sehlabelo sa thekollo ke bopaki ba ho qetela ba lerato la Jehova. Lefu la Kreste le ne le kenyellelitse liketso tse peli tse khōlōhali tsa lerato historing ea bokahohle: (1) lerato la Molimo ka ho romela Mora oa hae ho tla re shoela; (2) lerato la Jesu ka hore ka boithatelo a inyehele e le thekollo. (Johanne 15:13; Baroma 5:8) Haeba kannete re bonahatsa tumelo, lerato lena le sebetsa ho e mong le e mong oa rōna. Moapostola Pauluse o ile a re: “Mora oa Molimo . . . a nthata ’me a nehelana ka eena ka boeena bakeng sa ka.”—Bagalata 2:20; Baheberu 2:9; 1 Johanne 4:9, 10.
20. Ke hobane’ng ha re lokela ho bonahatsa tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu?
20 Ka hona, a re bontšeng teboho ea rōna bakeng sa lerato leo Molimo le Kreste ba le bontšitseng ka ho bonahatsa tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu. Ho etsa joalo ho isa bophelong bo sa feleng. (Johanne 3:36) Empa, ho pholoha ha rōna hase lona lebaka la bohlokoahali la bophelo le lefu tsa Jesu lefatšeng. Che, kameho ea hae e ka sehloohong e ne e le tseko e kholoanyane, ea bokahohle. Joalokaha re tla bona khaolong e latelang, tseko eo e-ea re ama kaofela ha rōna hobane e bontša hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumelletse bokhopo le mahlomola ho ba teng nako e telele hakana lefatšeng lena.
LEKA TSEBO EA HAO
Ke hobane’ng ha ho ile ha tlameha hore Jesu a shoe ho pholosa moloko oa batho?
Thekollo e ile ea lefshoa joang?
U rua molemo thekollong ka litsela life?
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 67]