Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • kl khao. 6 maq. 53-61
  • Ke Hobane’ng ha re Tsofala ’me re E-shoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha re Tsofala ’me re E-shoa?
  • Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MORERO O MOBE OA BOLOTSANA
  • KAMOO MORERO O MOBE O ILENG OA PHETHAHATSOA KATENG
  • KAMOO SEBE LE LEFU LI ILENG TSA ATA KATENG
  • HLOKOMELA MAQITI A SATANE!
  • Na Ua Lumela Hore Diabolose ke Motho oa Sebele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Jesu oa Pholosa—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Lebaka Leo ka Lona Bokhopo bo Tsoelang Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
kl khao. 6 maq. 53-61

Khaolo ea 6

Ke Hobane’ng ha re Tsofala ’me re E-⁠shoa?

1. Ke eng eo bo-rasaense ba sa khoneng ho e hlalosa ka bophelo ba batho?

Bo-rasaense ha ba tsebe hore na ke hobane’ng ha batho ba tsofala ’me ba e-⁠shoa. Ho bonahala lisele tsa rōna li lokela ho tsoela pele li ntse li nchafatsoa le hore re lokela ho phela ka ho sa feleng. Buka Hyojun Soshikigaku (Tekanyetso ea Thuto ea Kaheho ea ’Mele) e re: “Ho thata ho utloisisa kamoo ho tsofala ha lisele ho amanang le ho tsofala le ho shoa ha motho ka mong.” Bo-rasaense ba bangata ba lumela hore ho na le moeli “o iketsahallang ka tlhaho” bophelong. Na u nahana hore ba nepile?

2. Ba bang ba entse eng ka lebaka la nako e fetang ka potlako ea bophelo?

2 Ha esale batho ba laba-labela ho phela nako e telele ’me ba bile ba lekile le ho fumana ho se shoe. Ho tloha lekholong la bone la lilemo B.C.E., lithethefatsi tseo ho thoe’ng li ne li reretsoe hore ho se shoe ho be teng li ile tsa hapa tlhokomelo ea bahlomphehi ba Machaena. Babusi ba bang ba morao ba Chaena ba ile ba leka ho bitsoang lilelefatsa-bophelo​—⁠ho entsoeng ka mercury⁠—​’me ba shoa! Likarolong tsohle tsa lefatše, batho ba lumela hore lefu hase qetello ea boteng ba bona. Mabuddha, Mahindu, Mamosleme, le ba bang kaofela ba na le tšepo e khanyang ea bophelo ka mor’a lefu. Bokreste-’mōtoaneng, ba bangata ba nahana ka bophelo bo thabisang ka ho fetisisa leholimong ka mor’a lefu.

3. (a) Ke hobane’ng ha batho ba laba-labela bophelo bo sa feleng? (b) Ke lipotso life ka lefu tse hlokang ho arabeloa?

3 Maikutlo a thabo ka mor’a lefu a bonahatsa ho laba-labela bophelo bo sa feleng. Mabapi le khopolo ea bosafeleng eo Molimo a e kentseng ka ho rōna, Bibele e re: “Esita le nako e sa feleng o e beile ka lipelong tsa bona.” (Moeklesia 3:​11, NW) O ile a bōpa batho ba pele ba e-⁠na le tebello ea hore ba ka phela ka ho sa feleng lefatšeng. (Genese 2:​16, 17) Joale, ke hobane’ng ha batho ba e-⁠shoa? Lefu le hlahile joang lefatšeng? Tsebo ea Molimo e fana ka leseli lipotsong tsena.​—⁠Pesaleme ea 119:​105.

MORERO O MOBE OA BOLOTSANA

4. Jesu o ile a khetholla motlōli oa molao ea ikarabellang ka lefu la batho joang?

4 Motlōli oa molao o leka ho pata mehlala ea hae. Hona e bile ’nete le ka ea ikarabellang ka tlōlo ea molao e felletseng ka lefu la ba limilione tse sekete. O tsamaisitse lintho ho koahela lefu la batho ka sephiri. Jesu Kreste o ile a khetholla motlōli enoa oa molao ha A ne a bolella ba neng ba batla ho Mo bolaea: “Le tsoa ho ntate oa lōna Diabolose, ’me le lakatsa ho phetha litakatso tsa ntate oa lōna. Eo e ne e le ’molai ha a qala, ’me ha aa ka a ema a tiile ’neteng, hobane ’nete ha e eo ho eena.”​—⁠Johanne 8:​31, 40, 44.

5. (a) Eo ea ileng a fetoha Satane Diabolose o simolohile kae? (b) Mantsoe aa “Satane” le “Diabolose” a bolela eng?

5 E, Diabolose ke “’molai” ea lonya. Bibele e senola hore ke motho oa sebele, eseng feela bobe bo ka pelong ea motho. (Matheu 4:​1-11) Le hoja a bōpiloe e le lengeloi le lokileng, “ha aa ka a ema a tiile ’neteng.” Ke ho loketseng hakaakang hore a bitsoe Satane Diabolose! (Tšenolo 12:⁠9) O bitsoa “Satane,” kapa “mohanyetsi,” hobane o ile a hanyetsa a ba a ba khahlanong le Jehova. Motlōli enoa oa molao o boetse o bitsoa “Diabolose,” e bolelang “moetselletsi,” hobane ka bonyefoli o ile a emela Molimo hampe.

6. Ke hobane’ng ha Satane a ile a fetohela Molimo?

6 Ke eng e ileng ea susumetsa Satane hore a fetohele Molimo? Meharo. Ka meharo o ile a lakatsa borapeli boo Jehova a neng a bo fumana ho batho. Diabolose ha a ka a qhela takatso ea ho fumana borapeli bo joalo, boo ka nepo e neng e le ba ’Mōpi feela. (Bapisa le Ezekiele 28:​12-19.) Ho e-⁠na le hoo, lengeloi le ileng la fetoha Satane le ile la hōlisa takatso ena e meharo ho fihlela e ba e emara ’me e tsoala sebe.​—⁠Jakobo 1:​14, 15.

7. (a) Ke eng e bakang lefu la batho? (b) Sebe ke eng?

7 Re se re fumane hore na senokoane sena ke mang seo ketso ea sona ea bonokoane e lebisitseng lefung la batho. Empa hantle-ntle sesosa sa lefu la batho ke eng? Bibele e re: “Motsu o hlahisang lefu ke sebe.” (1 Bakorinthe 15:​56) Joale sebe ke eng? Hore re utloisise lentsoe lena, a re hlahlobeng moelelo oo le neng le e-⁠na le oona lipuong tsa pele tsa Bibele. Maetsi a Seheberu le a Segerike ao ka tloaelo a fetoleloang e le “ho etsa sebe” a bolela “ho fosa” ka kutloisiso ea ho fosa kapa ho se finyelle pakane. Ke pakane efe eo kaofela ha rōna re e fosang? Pakane ea ho utloa Molimo ka ho phethahetseng. Joale, ho tlile joang hore sebe se kene lefatšeng?

KAMOO MORERO O MOBE O ILENG OA PHETHAHATSOA KATENG

8. Satane o ile a leka ho fumana borapeli ba batho joang?

8 Satane o ile a qapa ka hloko morero o mobe oo a neng a nahana hore o tla lebisa ho buseng ha hae batho bohle ebe o fumana borapeli ba bona. O ile a etsa qeto ea ho susumelletsa batho ba babeli ba pele, Adama le Eva, hore ba etse sebe khahlanong le Molimo. Jehova o ne a file batsoali ba rōna ba pele tsebo eo e ka beng e lebisitse bophelong bo sa feleng. Ba ne ba tseba hore ’Mōpi oa bona o molemo hobane o ne a ba behile serapeng se setle sa Edene. Adama ka ho khethehileng o ile a latsoa molemo oa Ntate oa hae oa leholimo ha Molimo a mo fa mosali ea motle le ea mo thusang. (Genese 1:​26, 29; 2:​7-9, 18-23) Ho tsoela pele ha bophelo ba batho ba babeli ba pele ho ne ho itšetlehile ka ho utloa Molimo.

9. Ke taelo efe eo Molimo a ileng a e fa batho ba babeli ba pele, ’me ke hobane’ng ha e ne e utloahala?

9 Molimo o ile a laela Adama: “Ha e le lifate tsohle tsa tšimo, u tla li ja; empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.” (Genese 2:​16, 17) E le ’Mōpi, Jehova Molimo o ne a e-⁠na le tokelo ea ho beha litekanyetso tsa boitšoaro le ho hlalosa se neng se le setle le se neng se le sebe bakeng sa libōpuoa tsa hae. Taelo ea hae e ne e le e utloahalang hobane Adama le Eva ba ne ba lokolohile ho ja litholoana lifateng tse ling tsohle ka serapeng. Ba ne ba ka bontša kananelo ea bona bakeng sa tokelo ea Jehova ea ho busa ka ho utloa molao ona ho e-⁠na le hore ka boikhohomoso ba ipehele litekanyetso tsa boitšoaro.

10. (a) Satane o ile a atamela batho joang ho ba hulela ka lehlakoreng la hae? (b) Satane o ile a beha Jehova molato oa maikutlo afe? (c) U nahana eng ka ho hlaseloa ha Molimo ke Satane?

10 Diabolose o ile a rera ho hulela batho ba pele thōko le Molimo. E le ho ba hōka hore ba be ka lehlakoreng la hae, Satane o ile a qala leshano. A sebelisa noha, joalokaha setsebi se ka etsa eke popi e-⁠ea bua, Diabolose o ile a botsa Eva: “A efela Molimo o itse: Le se ke la ja lifate tsohle tsa tšimo na?” Ha Eva a pheta taelo ea Molimo, Satane a re: “Ha e le ho shoa, le ke ke la shoa.” Eaba joale o beha Jehova molato oa ho ba le maikutlo a mabe ka hore: “Molimo o mpa o tseba hobane, mohla le li jang, mahlo a lōna a tla tutuboloha, ’me le tla ba joalo ka melimo, le tsebe botle le bobe.” (Genese 3:​1-⁠5) Ka hona Diabolose o ile a fana ka maikutlo a hore Molimo o ne a ba hanela ka ho hong ho molemo. E bile tlhaselo e etselletsang hakaakang ho Ntate oa leholimo ea nang le ’nete, ea lerato, Jehova!

11. Adama le Eva e bile batlatsi ba Satane bobeng joang?

11 Eva a boela a talima sefate, ’me joale litholoana tsa sona tsa bonahala li lakatseha ka ho khethehileng. Kahoo a nka tholoana ’me a e ja. Hamorao, monna oa hae ka boomo a kopanela le eena ketsong ena ea boetsalibe ea ho se utloe Molimo. (Genese 3:⁠6) Le hoja Eva a ile a thetsoa, ka bobeli eena le Adama ba ile ba tšehetsa morero oa Satane oa ho busa moloko oa batho. Ha e le hantle, ba ile ba fetoha batlatsi ba hae bobeng.​—⁠Baroma 6:​16; 1 Timothea 2:⁠14.

12. Ho hlahile eng ha batho ba fetohela Molimo?

12 Adama le Eva ba ile ba tlameha ho tobana le liphello tsa liketso tsa bona. Ha baa ka ba tšoana le Molimo, ka tsebo e khethehileng. Ho e-⁠na le hoo, ba ile ba ikutloa ba hlabiloe ke lihlong ’me ba ipata. Jehova o ile a bitsa Adama hore a tl’o ikarabella ’me a fetisa kahlolo ena: “U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao, u be u khutlele mobung oo u ntšitsoeng ho oona; hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:​19) ‘Letsatsing’ leo batsoali ba rōna ba pele ba jeleng sefateng sa tsebo ea botle le bobe, ba ile ba ahlōloa ke Molimo ’me ba shoa ponong ea hae. Joale ba ile ba lelekoa Paradeiseng ’me ba qala ho fokola ’meleng ho isa lefung.

KAMOO SEBE LE LEFU LI ILENG TSA ATA KATENG

13. Sebe se ile sa jaleha molokong oohle oa batho joang?

13 Ho hlakile hore Satane o ne a atlehile morerong oa hae oa bolotsana oa hore a hlomphuoe ke batho. Empa, o ne a ke ke a boloka barapeli ba hae ba phela. Ha sebe se qala ho sebetsa ho batho ba babeli ba pele, ba ne ba ke ke ba hlola ba fetisetsa phetheho ho bana ba bona. Joaloka mongolo o ngotsoeng lejoeng, sebe se ne se ngotsoe ka ho teba liphatseng tsa lefutso tsa batsoali ba rōna ba pele. Ka hona, ba ne ba ka hlahisa bana ba sa phethahalang feela. Kaha bana ba bona kaofela ba ile ba emoloa ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe, bana ba bona ba ile ba futsa sebe le lefu.​—⁠Pesaleme ea 51:⁠5; Baroma 5:⁠12.

14. (a) Re ka tšoantša ba latolang sebe sa bona le mang? (b) Baiseraele ba ile ba hlokomelisoa ka boetsalibe ba bona joang?

14 Leha ho le joalo, kajeno ba bangata ha ba nahane hore ke baetsalibe. Likarolong tse ling tsa lefatše, ka kakaretso khopolo ea sebe se futsitsoeng ha e tsejoe. Empa hoo hase bopaki ba hore ha ho na sebe. Moshanyana ea litšila sefahlehong a ka ’na a bolela hore o hloekile, empa a ka ’na a kholisoa ke hafeela a icheba ka seiponeng. Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba tšoana le moshanyana ea joalo ha ba ne ba amohela Molao oa Molimo ka moprofeta oa Hae Moshe. Molao o ile oa hlakisa hore sebe se teng. Moapostola Pauluse o-⁠oa hlalosa: “Ka sebele nka be ke sa tseba sebe hoja e ne e se ka lebaka la Molao.” (Baroma 7:​7-12) Joaloka moshanyana ea ichebang ka seiponeng, ka ho sebelisa Molao hore ba ichebe, Baiseraele ba ne ba ka bona hore ba ne ba sa hloeka mahlong a Jehova.

15. Ke eng e senotsoeng ke ho sheba ka seiponeng sa Lentsoe la Molimo?

15 Ka ho sheba ka seiponeng sa Lentsoe la Molimo le ho hlokomela litekanyetso tsa lona, re ka bona hore ha rea phethahala. (Jakobo 1:​23-25) Ka mohlala, nahana ka seo Jesu Kreste a ileng a se bolella barutuoa ba hae ka Molimo ea lerato le ka moahelani oa bona, joalokaha se tlalehiloe ho Matheu 22:​37-40. Ke hangata hakaakang batho ba fosang pakane litabeng tsee! Ba bangata matsoalo a bona ha a re le ho re teke! ha ba hlōleha ho bontša lerato ho Molimo kapa ho baahelani ba bona.​—⁠Luka 10:​29-⁠37.

HLOKOMELA MAQITI A SATANE!

16. Re ka etsa eng ho qoba ho ba liphofu tsa merero ea Satane e bolotsana, hona ke hobane’ng ha hoo ho le thata?

16 Satane o batla ho etsa hore re tloaele ho etsa sebe ka boomo. (1 Johanne 3:⁠8) Na ho na le tsela leha e le efe ea ho qoba ho ba phofu ea merero ea hae e bolotsana? E, empa hona ho hloka hore re loantše litšekamelo tsa sebe sa ka boomo. Hona ha ho bonolo hobane tšekamelo ea rōna ea tlhaho ea ho etsa sebe e matla haholo. (Baefese 2:⁠3) Pauluse o hlile a tlameha ho loana ntoa ea sebele. Hobane’ng? Hobane sebe se ne se ahile ka ho eena. Haeba re batla ho amoheloa ke Molimo, le rōna re tlameha ho loantša litšekamelo tsa boetsalibe tse ka hare ho rōna.​—⁠Baroma 7:​14-24; 2 Bakorinthe 5:⁠10.

17. Ke eng e etsang hore ntoa ea rōna le litšekamelo tsa rōna tsa boetsalibe e be thata haholoanyane?

17 Kaha Satane ha a khaotse ho sheba menyetla ea ho re hōka hore re tlōle melao ea Molimo, ntoa ea rōna le sebe ha e bonolo. (1 Petrose 5:⁠8) Ha a bontša kameho ka Bakreste-’moho le eena, Pauluse o ile a re: “Empa ke tšaba hore ka tsela e itseng, joalokaha noha e ile ea eka Eva ka mano a eona, likelello tsa lōna li ka bolisoa hore li tlohe botšepehing le tlhoekong tse lokelang Kreste.” (2 Bakorinthe 11:⁠3) Satane o sebelisa maqiti a tšoanang le kajeno. O leka ho jala lipeō tsa ho belaella mosa oa Jehova le melemo ea ho utloa litaelo tsa Molimo. Diabolose o leka ho sebelisa monyetla oa litšekamelo tsa rōna tsa boetsalibe tseo re li futsitseng ’me a re etse hore re phehelle tsela ea boikhohomoso, meharo, lehloeo, le leeme.

18. Satane o sebelisa lefatše joang ho ntšetsa sebe pele?

18 Le leng la maraba ao Diabolose a a sebelisang khahlanong le rōna ke lefatše, le rapalletseng matleng a hae. (1 Johanne 5:​19) Haeba re se hlokolosi, batho ba mekhoa e bolileng le ba sa tšepahaleng lefatšeng le re potolohileng ba tla re hatella ho kena tseleng ea boetsalibe e senyang litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro. (1 Petrose 4:​3-⁠5) Ba bangata ba hlokomoloha melao ea Molimo ’me ba bile ba hatella le matsoalo a bona a ba tsunya-tsunyang, ’me a qetella a se a sa utloe letho. (Baroma 2:​14, 15; 1 Timothea 4:​1, 2) Ba bang butle-butle ba nka tsela eo esita le pele matsoalo a bona a sa phethahalang a ileng a se ke a ba lumella ho e nka.​—⁠Baroma 1:​24-32; Baefese 4:​17-⁠19.

19. Ke hobane’ng ha ho sa lekana ho phela bophelo bo hloekileng feela?

19 Ho phela bophelo bo hloekileng ke ho finyella ntho e khōlō lefatšeng lena. Leha ho le joalo, hore re khahlise ’Mōpi oa rōna, ho hlokahala ho eketsehileng. Hape re tlameha ho ba le tumelo ho Molimo ’me re ikutloe re ikarabella ho eena. (Baheberu 11:⁠6) Morutuoa Jakobo o ile a ngola: “Haeba motho a tseba ho etsa se nepahetseng ’me leha ho le joalo a sa se etse, ke sebe ho eena.” (Jakobo 4:​17) E, ho hlokomoloha Molimo ka boomo le litaelo tsa hae ka bohona ke mofuta oa sebe.

20. Satane a ka ’na a leka ho u thibela ho etsa se nepahetseng joang, empa ke eng e tla u thusa ho hanela likhatello tse joalo?

20 Ho ka etsahala hore Satane a susumetse khanyetso ha u phehella tsebo ea Molimo ka ho ithuta ha hao Bibele. Ho tšeptjoa ka tieo hore u ke ke ua lumella likhatello tse joalo ho u thibela ho etsa se nepahetseng. (Johanne 16:⁠2) Le hoja babusi ba bangata ba ile ba ba le tumelo ho Jesu nakong ea tšebeletso ea hae, ha baa ka ba mo bolela hobane ba ne ba tšaba ho qojoa motseng oa habo bona. (Johanne 12:​42, 43) Satane ka mabifi o leka ho tšosa mang kapa mang ea batlang tsebo ea Molimo. Leha ho le joalo, kamehla u lokela ho hopola le ho ananela lintho tse babatsehang tseo Jehova a li entseng. Mohlomong u ka ba ua khona le ho thusa bahanyetsi hore ba be le kananelo e tšoanang.

21. Re ka hlōla lefatše le litšekamelo tsa rōna tsa boetsalibe joang?

21 Hafeela re ntse re sa phethahala, re tla etsa sebe. (1 Johanne 1:⁠8) Leha ho le joalo, re na le thuso ho loaneng ntoa ena. E, re ka khona ho hlōla ntoeng ea rōna le ea khopo, Satane Diabolose. (Baroma 5:​21) Qetellong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, Jesu o ile a khothatsa balateli ba hae ka mantsoe ana: “Lefatšeng le ba le matšoenyeho, empa le be sebete! Ke hlōtse lefatše.” (Johanne 16:​33) Esita le batho ba sa phethahalang, ho ka etsahala hore ba hlōle lefatše ka thuso ea Molimo. Satane ha a na matla ho ba mo hanyetsang ’me ba ‘ipeha tlas’a Molimo.’ (Jakobo 4:⁠7; 1 Johanne 5:​18) Joalokaha re tla bona, Molimo o fane ka tsela ea ho tsoa botlamuoeng ba sebe le lefu.

LEKA TSEBO EA HAO

Satane Diabolose ke mang?

Ke hobane’ng ha batho ba tsofala ’me ba e-⁠shoa?

Sebe ke eng?

Satane o hulela batho hore ba etse sebe ka boomo khahlanong le Molimo joang?

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 54]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela