Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 11/15 maq. 4-7
  • Na Ua Lumela Hore Diabolose ke Motho oa Sebele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Ua Lumela Hore Diabolose ke Motho oa Sebele?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le Lebele”
  • Diabolose o Sebelisa Hampe Tlhoko eo Motho a Nang le Eona ka Tlhaho
  • Satane o Bapalla Bofokoling ba Batho
  • Tsoela Pele ho Hanyetsa Diabolose
  • Diabolose—Hase Tumela-khoela Feela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Hanyetsa Satane, ’me o Tla Baleha!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • “Le Hanyetse Diabolose” Joalokaha Jesu A Ile a mo Hanyetsa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Diabolose ke Mang?
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 11/15 maq. 4-7

Na Ua Lumela Hore Diabolose ke Motho oa Sebele?

MANGOLO a hlalosa hore Diabolose ke motho oa sebele. Batho ha ba mo bone ka lebaka le tšoanang le leo ba sa boneng Molimo ka lona. Bibele e re: “Molimo ke Moea.” (Johanne 4:24) Diabolose ke sebōpuoa sa moea. Leha ho le joalo, ha a tšoane le ’Mōpi hobane eena o bōpiloe.

Nako e telele pele Jehova Molimo a bōpa batho, o ile a etsa libōpuoa tse ngata tsa moea. (Jobo 38:4, 7) Libōpuoa tsena tsa moea li bitsoa mangeloi ka Bibeleng. (Baheberu 1:13, 14) Molimo o li bōpile li phethahetse kaofela, ha ho seo e neng e le diabolose kapa se neng se le khopo. Ebe joale Diabolose o bile teng joang? Ka lipuo tsa pele tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona, lentsoe “diabolose” le bolela “moetselletsi,” ’me le bolela motho ea buang mashano a kotsi ka batho ba bang. “Satane” eona e bolela “Mohanyetsi.” Feela joalokaha motho ea neng a tšepahala a iketsa lesholu ka ho utsoa, e mong oa bara ba phethahetseng ba Molimo ba moea o ile a susumetsoa ke takatso e fosahetseng eaba o iketsa Satane Diabolose. Bibele e hlalosa kamoo motho a ka itšilafatsang kateng, ha e re: “E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe; sebe, le sona, ha se phethehile, se hlahisa lefu.”—Jakobo 1:14, 15.

Ke sona se ileng sa etsahala. Ha Jehova Molimo a ne a bōpa batho ba babeli ba pele, e leng Adama le Eva, lengeloi leo e neng e tla tloha e e-ba lerabele le ile la shebisisa hantle. Le ne le tseba hore Jehova o ile a laela Adama le Eva hore ba tlatse lefatše ka batho ba lokileng, ba neng ba tla rapela ’Mōpi. (Genese 1:28) Le ile la bona hore ho na le monyetla oa hore le ka fuoa tlhompho la ba la hlahella. Meharo e ile ea le susumelletsa hore le lakatse ho rapeloa ke batho, empa borapeli bo loketse Mōpi feela. Ho e-na le hore mora enoa oa Molimo oa moea a leleke takatso ena e fosahetseng, o ile a e hōlisa ho fihlela e tsoala leshano, ’me ka mor’a moo e tsoala borabele. Nahana ka hloko hore na o ile a etsa’ng.

Lengeloi lena la lerabele le ile la sebelisa noha ha le bua le mosali oa pele, Eva. Noha ena e ile ea botsa Eva: “Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” Ha Eva a bolela taelo ea Molimo le kahlolo ea ho se e mamele, noha e ile ea re: “Ka sebele le ke ke la shoa. Etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa [sefate se bohareng ba serapa sena] mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.” (Genese 3:1-5) Ka mantsoe a mang, Molimo o ne a qosoa ka hore o thetsitse Adama le Eva. Ho ne ho lebeletsoe hore ha Eva a ja litholoana tsa sefate seo, o tla tšoana le Molimo, a be le tokelo ea ho etsa qeto ea se setle le se sebe. Leshano lena e bile lona la pele. Ka ho bua leshano lena, lengeloi leo e ile ea e-ba moetselletsi. Hape le ile la fetoha mohanyetsi oa Molimo. Ka lebaka leo, Bibele e bitsa sera sena sa Molimo “noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane.”—Tšenolo 12:9.

“Le Lebele”

Leshano leo Diabolose a ileng a le bolella Eva le ile la phetha morero oa lona. Bibele e re: “Ka lebaka leo mosali a bona hore sefate se loketse ho jeoa le hore sea lakatseha mahlong, e, sefate se ne se lakatseha ha se talingoa. Kahoo a qala ho kha tholoana ea sona ’me a e ja. Ka mor’a moo a fa le monna oa hae ha a se a e-na le eena ’me a qala ho e ja.” (Genese 3:6) Eva o ile a mamela Satane ’me a hlompholla Molimo. O ile a etsa hore Adama le eena a tlōle molao oa Molimo. Kahoo, Diabolose o ile a atleha ho etsa hore batho ba pele ba babeli ba fetohele Molimo. Ho tloha nakong eo, Satane o hlohlelelitse litaba tsa batho a sa bonahale. Ka sepheo sefe? Sa hore batho ba tlohele ho rapela Molimo oa ’nete, ebe ba rapela eena. (Matheu 4:8, 9) Kahoo, hoa utloahala hore ebe Mangolo a fana ka temoso ena: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele. Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.”—1 Petrose 5:8.

Bibele e bontša ka ho hlakileng hakaakang hore Diabolose ke motho oa sebele oa moea le hore ke lengeloi le ileng la tlala bobolu le le kotsi! Ntho ea pele e ka re thusang hore re lule re lebetse ke ho elelloa hore o hlile o teng. Empa ho lula re hlaphohetsoe likelellong ebile re lebetse ho akarelletsa lintho tse ngata. Hape, ke habohlokoa hore re tsebe “merero” le mekhoa eo Satane a thetsang batho ka eona. (2 Bakorinthe 2:11) Mano a hae ke afe? Hona re ka ema re tiile joang khahlanong le ’ona?

Diabolose o Sebelisa Hampe Tlhoko eo Motho a Nang le Eona ka Tlhaho

Diabolose o ’nile a beha batho leihlo ho tloha ha ho ne ho bōptjoa moloko oa batho. O tseba litlhoko tsa bona, lithahasello tsa bona le litakatso tsa bona, ho ea kamoo ba bōpiloeng kateng. Satane oa elelloa hore batho ba bōpiloe ba e-na le tlhoko ea moea, ’me Diabolose o hlalefetse ho sebelisa tlhoko ena hampe. Ka ho etsa joang? Ka ho bolella batho mashano a bolumeli. (Johanne 8:44) Lithuto tse ngata tsa bolumeli tse buang ka Molimo lia hanyetsana ebile lia ferekanya. U nahana hore see se phetha morero oa mang? Ho ke ke ha etsahala hore lithuto tse hanyetsanang e be tsa ’nete kaofela ha tsona. Na ho ka etsahala hore ebe lithuto tse ngata tsa bolumeli li qapiloe ke Satane ebile oa li sebelisa hore a thetse batho? Ha e le hantle, Bibele e mo bitsa “molimo oa tsamaiso ena ea lintho,” ea foufalitseng likelello tsa batho.—2 Bakorinthe 4:4.

’Nete ea Molimo e sireletsa batho mashanong a bolumeli. Bibele e tšoantša ’nete ea Lentsoe la Molimo le senyepa seo lesole la boholo-holo le neng le itlama ka sona ho itšireletsa letheka. (Baefese 6:14) Ha u tsoela pele ho rua tsebo ea Bibele, ’me molaetsa oa eona o lula o le haufi le uena joalokaha eka u itlamile ka oona, Lentsoe la Molimo le tla u sireletsa hore u se ke ua thetsoa ke mashano le liphoso tsa bolumeli.

Lerato la borapeli leo batho ba nang le lona le entse hore ba batle ho tseba li-sa-tsejoeng. Lerato lena le ba pepeselitse leqheka le leng la Satane. Kaha Satane oa tseba hore batho ba na le tjantjello ea ho tseba lintho tse sa tloaelehang le tse makatsang, o laola batho ba bangata ka tšebelisano le meea. Joalokaha setsomi se cheha phofu ka lijo, Satane o sebelisa lintho tse kang mefuta e sa tšoaneng ea bonohe, ho tšerehanya, boloi, ho bala mela ea seatla le boselamose e le hore a hohele batho lefatšeng lohle a be a ba tšoase.—Levitike 19:31; Pesaleme ea 119:110.

U ka itšireletsa joang e le hore u se ke ua tšoasoa ke tšebelisano le meea? Deuteronoma 18:10-12 e re: “Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe leha e le mang ea fetisang mora oa hae kapa morali oa hae mollong, leha e le mang ea sebelisang bonohe, ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi, kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea kapa setsebi se bolelang liketsahalo esale pele kapa leha e le mang ea botsang bafu. Etsoe e mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova, ’me ka lebaka la lintho tsena tse manyala Jehova Molimo oa lōna o ba lelekela hōle le lōna.”

Mangolo a fana ka keletso ena e tobileng: Qoba tšebelisano le meea. U lokela ho etsa’ng haeba ka tsela e itseng u ne u ntse u sebelisana le meea ’me joale u batla ho tlohela? U ka etsisa Bakreste ba pele ba motseng oa Efese. Bibele e bolela hore ha ba amohela “lentsoe la Jehova,” “ba bangata ba neng ba sebelisa tsebo ea boselamose ba [ile ba] bokella libuka tsa bona ’me ba li chesa ka pel’a bohle.” Libuka tsena li ne li bitsa chelete e ngata. Theko ea tsona e ne e le likotoana tsa silevera tse 50 000. (Liketso 19:19, 20) Empa Bakreste ba Efese ha baa ka ba tsilatsila ho li chesa.

Satane o Bapalla Bofokoling ba Batho

Lengeloi leo le phethahetseng le ile la fetoha Satane Diabolose hobane le ile la oela takatsong ea boiphahamiso. Hape, le ile la tsosetsa Eva takatso ea boikhohomoso le ea boithati ea ho batla ho tšoana le Molimo. Kajeno, Satane o laola batho ba bangata ka ho ba tsosetsa boikhohomoso. Ka mohlala, batho ba bang ba nahana hore morabe oa bona, mohlobo oa habo bona, kapa sechaba sa habo bona se molemo ho feta tse ling. See se fapane hakaakang le thuto ea Bibele! (Liketso 10:34, 35) Ka ho hlakileng Bibele e re: “[Molimo] o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho.”—Liketso 17:26.

Boikokobetso bo ka sireletsa batho boitekong ba Satane ba ho ba tsosetsa moea oa boikhohomoso. Bibele e re eletsa hore re ‘se ke ra inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana.’ (Baroma 12:3) E re: “Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobetsang.” (Jakobo 4:6) Tsela e atlehang e le kannete ea ho hanela boiteko ba Satane ke hore bophelong ba hao u be moikokobetsi ’me u bonahatse litšobotsi tse ling tse amoheloang ke Molimo.

Diabolose o boetse o thabela ho bapalla bofokoling ba batho ba ho hlōloa ke litakatso tse sa lokang tsa nama. Morero oa Jehova Molimo e ne e le hore batho ba thabele bophelo. Kahoo, batho ba thaba e le kannete ha ba khotsofatsa litakatso tsa bona tumellanong le thato ea Molimo. Empa Satane o leka batho hore ba khotsofatse litakatso tsa bona ka litsela tse mpe. (1 Bakorinthe 6:9, 10) Ho molemo haholo ho tsepamisa kelello linthong tse hloekileng le tse khabane. (Bafilipi 4:8) Sena se tla u thusa hore ka tieo u laole menahano ea hao le maikutlo a hao.

Tsoela Pele ho Hanyetsa Diabolose

Na u ka atleha ho hanyetsa Diabolose? E, u ka atleha. Bibele ea re tšepisa: “Le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.” (Jakobo 4:7) Esita leha u hanyetsa Satane, a ke ke a tela kapele eaba o tlohela ho ’na a u khathatsa ha u ntse u tsoela pele ho ithuta ka Molimo. Diabolose ha a tele, empa, o tla leka hape “nakong e ’ngoe e loketseng.” (Luka 4:13) Leha ho le joalo, ha ua lokela ho tšaba Diabolose. Ha u tsoela pele ho mo hanyetsa, a ke ke a u tlosa ho Molimo oa ’nete.

Leha ho le joalo, e le hore u hanyetse Diabolose, u lokela ho tseba hore na ke mang le hore na o thetsa batho joang, u be u tsebe le hore na u ka qoba mano a hae joang. Mohloli feela oa ’nete o ka u fang tsebo eo, ke Lentsoe la Molimo, Bibele. Kahoo, ikemisetse ka tieo ho ithuta Mangolo a bululetsoeng, ’me seo u ithutang sona Mangolong, u se sebelise bophelong ba hao. Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno li tla thabela ho u thusa mahala ka thuto e joalo, ebile e le ka nako e u loketseng. Re kōpa hore u se ke ua tsila-tsila ho iteanya le tsona kapa ho ngolla bahatisi ba makasine ena.

Ha u qalisa ho ithuta Bibele, u lokela ho elelloa hore Satane a ka ’na a sebelisa khanyetso kapa mahloriso hore a u tlohelise ho ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo. Baratuoa ba bang ba hao ba ka ’na ba u halefela hobane u ithuta Bibele. Ba ka u halefela hobane ba sa tsebe linnete tse thabisang tse ka Bibeleng. Ba bang ba ka ’na ba u soma. Empa na Molimo o tla thaba ha u hlōloa ke likhatello tseo? Diabolose o batla ho u nyahamisa e le hore u tlohele ho ithuta ka Molimo oa ’nete. Na ho na le lebaka la hore u lumelle Satane hore a hlōle? (Matheu 10:34-39) Ha u mo kolote letho. Jehova ke eena ea u fileng bophelo. Kahoo, ikemisetse hore u tla hanyetsa Diabolose ’me u ‘thabise pelo ea Jehova.’—Liproverbia 27:11.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ba ileng ba fetoha Bakreste ba ile ba chesa libuka tsa bona tsa tšebelisano le meea

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Etsa qeto e tiileng ea ho ithuta Bibele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela