Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rq thuto 4 maq. 8-9
  • Diabolose ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Diabolose ke Mang?
  • Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebelang—Satane o Batla ho le Harola!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Satane
    Tsoha!—2013
  • Tseba Sera sa Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Satane ke Mang? Na ke Motho oa Sebele?
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
rq thuto 4 maq. 8-9

Thuto ea 4

Diabolose ke Mang?

Satane Diabolose—o tsoa hokae? (1, 2)

Satane o khelosa batho joang? (3-7)

Ke hobane’ng ha u lokela ho hanela Diabolose? (7)

1. Lentsoe “diabolose” le bolela motho ea bolelang mashano a khopo ka motho e mong. “Satane” e bolela sera kapa mohanyetsi. Ana ke mabitso a filoeng sera se seholo sa Molimo. Qalong, e ne e le lengeloi le phethahetseng leholimong le e-na le Molimo. Leha ho le joalo, hamorao le ile la inahana ka ho fetisisa ’me la batla borapeli boo ka tšoanelo e leng ba Molimo.—Matheu 4:8-10.

2. Lengeloi lena, Satane, le ile la bua le Eva le sebelisa noha. Ka ho mo bolella mashano, le ile la mo etsa hore a se mamele Molimo. Kahoo Satane o ile a hlasela se bitsoang “bobusi” ba Molimo, kapa boemo ba hae joaloka Ea Holimo-limo. Satane o ile a belaella hore na Molimo o busa ka tsela e loketseng le e molemong oa bafo ba Hae. Hape Satane o ile a tsosa pelaelo ka hore na motho leha e le ofe o ne a tla lula a tšepahala ho Molimo. Ka ho etsa sena, Satane o ile a iketsa sera sa Molimo. Ke ka lebaka leo a ileng a bitsoa Satane Diabolose.—Genese 3:1-5; Jobo 1:8-11; Tšenolo 12:9.

3. Satane o leka ho qhekella batho hore ba mo rapele. (2 Bakorinthe 11:3, 14) Tsela e ’ngoe eo a khelosang batho ka eona ke ka bolumeli ba bohata. Haeba bolumeli bo ruta mashano ka Molimo, ha e le hantle bo sebeletsa morero oa Satane. (Johanne 8:44) Batho bao e leng litho tsa malumeli a bohata ba ka ’na ba lumela ka tieo hore ba rapela Molimo oa ’nete. Empa ka sebele ba sebeletsa Satane. Ke eena ‘molimo oa lefatše lena.’—2 Bakorinthe 4:4.

4. Tšebelisano le meea ke tsela e ’ngoe eo Satane a etsang hore batho ba be tlas’a taolo ea hae. Ba ka ’na ba ipiletsa ho meea hore e ba sireletse, ho ntša ba bang kotsi, ho bolela bokamoso esale pele, kapa ho etsa mehlolo. Satane ke matla a khopo a susumetsang mekhoa ena kaofela. Hore re thabise Molimo, re tlameha ho se be le kamano leha e le efe le tšebelisano le meea.—Deuteronoma 18:10-12; Liketso 19:18, 19.

5. Satane o boetse o khelosa batho ka boikhohomoso ba morabe bo feteletseng le borapeli ba mekhatlo ea lipolotiki. Ba bang ba ikutloa hore sechaba sa habo bona kapa morabe o molemo ho feta e meng. Empa sena hase ’nete. (Liketso 10:34, 35) Batho ba bang ba tšepile mekhatlo ea lipolotiki ho rarolla mathata a batho. Ka ho etsa sena, ba hana ’Muso oa Molimo. Ke oona feela tharollo bakeng sa mathata a rōna.—Daniele 2:44.

6. Tsela e ’ngoe eo Satane a khelosang batho ka eona ke ka ho ba leka ka litakatso tsa boetsalibe. Jehova o re bolella hore re qobe mekhoa ea boetsalibe hobane oa tseba hore e tla re ntša kotsi. (Bagalata 6:7, 8) Batho ba bang ba ka ’na ba batla hore u kopanele le bona mekhoeng e joalo. Leha ho le joalo, hopola hore ehlile ke Satane ea batlang hore u etse lintho tsena.—1 Bakorinthe 6:9, 10; 15:33.

7. Satane a ka ’na a sebelisa tlhoriso kapa khanyetso ho etsa hore u tlohele Jehova. Ba bang ba baratuoa ba hao ba ka ’na ba halefa haholo kahobane u ithuta Bibele. Ba bang ba ka ’na ba u soma. Empa ke mang ea u fileng bophelo? Satane o batla ho u tšosa e le hore u tle u khaotse ho ithuta ka Jehova. Se ke ua lumella Satane hore a hlōle! (Matheu 10:34-39; 1 Petrose 5:8, 9) Ka ho hanela Diabolose, u ka thabisa Jehova ’me ua bontša hore u tšehetsa bobusi ba Hae.—Liproverbia 27:11.

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Bolumeli ba bohata, bochaba le tšebelisano le meea li khelosa batho

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Hanela Satane ka ho tsoela pele u ithuta ka Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela