Pono ea Bibele
Satane ke Mang? Na ke Motho oa Sebele?
LITSEBI tse ling tsa kajeno li re Satane hase motho oa sebele. Li bolela hore ke motho ea iqapetsoeng ke batho. Ho phehisana khang ka taba ena hase ntho e ncha. Seroki sa lekholong la bo19 la lilemo Charles-Pierre Baudelaire o ile a ngola tjena: “Leqheka le leholo ka ho fetisisa la Diabolose ke la ho re kholisa hore ha a eo.”
Na Satane ke motho oa sebele? Haeba ho joalo, o tsoa hokae? Na ebe ke eena motho ea sa bonahaleng ea bakang mathata a aparetseng lefatše lee la rōna? Haeba ho joalo, u ka qoba tšusumetso ea hae e khopo joang?
Seo Bibele e se Buang
Bibele e hlalosa Satane e le motho oa sebele ea sebakeng sa moea se sa bonahaleng. (Jobo 1:6) E re bolella kamoo a leng lonya a bileng a leng sehlōhō kateng, e re bolella le ka liketso tsa hae tse khopo. (Jobo 1:13-19; 2:7, 8; 2 Timothea 2:26) E bile e tlalehile ka linako tseo ka tsona Satane a neng a buisana le Molimo le tseo ka tsona a neng a buisana le Jesu.—Jobo 1:7-12; Matheu 4:1-11.
Sebōpuoa se khopo hakaale se ne se tsoa kae? Khale haholo pele motho a e-ba teng, Molimo o ile a bōpa Mora oa hae oa “letsibolo,” eo hamorao a ileng a tsejoa e le Jesu. (Bakolose 1:15) Ka mor’a nako, ho ile ha bōptjoa “bara [ba bang] ba Molimo” ba bitsoang mangeloi. (Jobo 38:4-7) Kaofela ha bona ba ne ba phethahetse ba bile ba lokile. Leha ho le joalo, le leng la mangeloi ao le ne le tla fetoha Satane.
Ha aa ka a rehoa lebitso la Satane ha a ne a bōptjoa. Ke lebitso le hlalosang, le bolelang “Mohanyetsi; Sera; Moqosi.” O ile a bitsoa Satane hobane o ile a khetha ho phela ka tsela e khahlanong le Molimo.
Maikutlo a boikhohomoso le a ho qothisana lehlokoa le Molimo a ile a hōla ka hare ho sebōpuoa sena sa moea. O ne a batla hore ba bang ba mo rapele. Ha Mora oa Molimo oa letsibolo, e leng Jesu, a ne a le lefatšeng, Satane o ile a ba a leka ho Mo susumelletsa hore a mo ‘etsetse ketso ea borapeli.’—Matheu 4:9.
Satane “ha aa ka a ema a tiile ’neteng.” (Johanne 8:44) O ile a fana ka maikutlo a hore Molimo ke raleshano, athe ke eena eo e neng e hlile e le raleshano. O ile a bolella Eva hore o ne a ka tšoana le Molimo, empa e ne e le eena ea neng a batla ho tšoana le Molimo. Ka mano o ile a atleha ho phethahatsa takatso ea hae ea boithati. O ile a iketsa ea phahametseng Molimo ho Eva. Ka ho mamela Satane, Eva o ile a amohela Satane joaloka molimo oa hae.—Genese 3:1-7.
Ka ho hlohlelletsa borabele, lengeloi lena leo pele le neng le tšeptjoa le ile la iphetola Satane—mohanyetsi eo e bileng e leng sera sa Molimo le motho. Motho enoa ea khopo o ile a boela a rehoa “Diabolose,” e leng lebitso le bolelang “Moetselletsi.” Hamorao moetsalibe enoa oa pele o ile a hlohlelletsa mangeloi a mang hore a se ke a mamela Molimo le hore a mo tšehetse borabeleng bona ba hae. (Genese 6:1, 2; 1 Petrose 3:19, 20) Mangeloi ana a ile a mpefatsa litaba tsa batho le ho feta. Ka lebaka la hore a ile a latela mekhoa ea boithati ea Satane, “lefatše le ne le tletse pefo.”—Genese 6:11; Matheu 12:24.
Tšusumetso ea Satane e Matla Hakae?
Senokoane se ka ’na sa hlakola likhatiso tsa menoana ea sona moo tlōlo ea molao e etsahetseng teng e le ho leka ho timeletsa mohlala. Leha ho le joalo, ha mapolesa a fihla, aa hlokomela hore haeba ho entsoe tlōlo ea molao, e tlameha ebe senokoane se teng. Satane, eo e leng “’molai” oa ho qala, o leka ho pata mohlala. (Johanne 8:44; Baheberu 2:14) Ha a buisana le Eva, Satane o ile a ipata hore na ke mang ka ho sebelisa noha. Le kajeno o ntse a leka ho ipata. O ‘foufalitse likelello tsa ba sa lumelang’ e le hore a pate hore na tšusumetso ea hae e matla e pharaletse hakae.—2 Bakorinthe 4:4.
Leha ho le joalo, Jesu o ile a bontša hore Satane ke eena senokoane se hlohlelletsang bobolu bo teng lefatšeng lena leo re phelang ho lona. O ile a mo bitsa “’musi oa lefatše lena.” (Johanne 12:31; 16:11) Moapostola Johanne o ngotse tjena: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Satane o atleha ho sebelisa “takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso” ho ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (1 Johanne 2:16; Tšenolo 12:9) Ke eena eo batho ka kakaretso ba mo mamelang.
Joalokaha ho etsahetse ka Eva, ba mamelang Satane, ha e le hantle ba mo etsa molimo oa bona. Ka lebaka leo, Satane ke “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (2 Bakorinthe 4:4) Puso ea hae e bakile lintho tse akhang boikaketsi le mashano, ntoa, ho hlokofatsa batho le tšenyo; tlōlo ea molao, meharo le bobolu.
U ka Qoba ho Susumetsoa ke Eena Joang?
Bibele e eletsa tjena: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele.” Hobane’ng? Hobane “mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Petrose 5:8) Le hoja lengolo lena le etsa hore motho a nahane ka ho teba, hoa khothatsa ho tseba hore ke batho ba sa luleng ba hlaphohetsoe kelellong feela—ba sa luleng ba lebetse—ba tla “qhekelloa ke Satane.”—2 Bakorinthe 2:11.
Ke habohlokoa haholo hore re amohele ’nete ea hore Satane o teng ’me re lumelle Molimo hore a ‘re tiise’ le hore a ‘re matlafatse.’ Ka tsela eo re ka ‘ema khahlanong le [Satane]’ e le hore re be ka lehlakoreng la Molimo.—1 Petrose 5:9, 10.
NA U KILE UA IPOTSA?
◼ Satane o tsoa kae?—Jobo 38:4-7; Johanne 8:44.
◼ Satane o susumetsa lefatše hakae?—Johanne 12:31; 1 Johanne 5:19; Tšenolo 12:9.
◼ Re ka itšireletsa marabeng a khopo a Satane joang?—1 Petrose 5:8-10.
[Litšoantšo tse leqepheng la 12]
Na ebe Satane ke eena motho ea sa bonahaleng ea bakang mathata a aparetseng lefatše lee la rōna?