Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 7/15 maq. 4-7
  • Babusi Sebakeng sa Moea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Babusi Sebakeng sa Moea
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motho oa Sebele ea Hanyetsang Molimo
  • Lebaka Leo Satane a Lumelletsoeng ho Busa
  • Nako ea Satane ha e Sale e Kae!
  • Ho Thaba Tlas’a Puso ea ’Muso
  • Lebelang—Satane o Batla ho le Harola!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Satane Diabolose
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Satane
    Tsoha!—2013
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 7/15 maq. 4-7

Babusi Sebakeng sa Moea

KE MANG ea busang lefatše? Na ho na le mofuta o itseng oa bolebeli o phahametseng motho? Kapa na Molimo o tlohelletse batho hore ba ikhoantlelle? E le ho leka ho fumana likarabo tsa lipotso tsena, a re qaleng ka ho nahana ka ketsahalo e ileng ea etsahala nakong ea tšebeletso ea lefatšeng ea Jesu Kreste.

Nakoana kamor’a hore a kolobetsoe, Jesu o ile a lekoa ke sebōpuoa se sa bonahaleng sa moea se bitsoang Satane Diabolose. Ha e qotsa e ’ngoe ea liteko tseo, Bibele e re: ‘Diabolose a boela a nkela [Jesu] thabeng e telele haholo, a ’montša mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona.’ (Mattheu 4:8) Eaba Satane o bolella Jesu: “Ke tla u nea borena [matla a ho laela, NW] boo bohle, le khanya ea mebuso eo, etsoe ke li neiloe, ’me ke li nea eo ke ratang ho mo nea. ’Me joale, uena, ha u khumama pel’a ka, tsohle e tla ba tsa hao.”—Luka 4:6, 7.

Satane o ile a ipolela hore o na le matla a ho laela holim’a mebuso eohle, kapa lipuso tsa lefatše lena. Na Jesu o ile a hana polelo eo? Che. Ha e le hantle, o ile a tiisa polelo eo ketsahalong e ’ngoe ka ho bua ka Satane e le “morena oa lefatše lena.”—Johanne 14:30.

Ho latela Bibele, Satane ke lengeloi le khopo le nang le matla a maholo. Moapostola oa Mokreste Pauluse o amahanya Satane le “meea e bolotsana” ’me o re ke “marena a lefifi la lefatše lena.” (Ba-Efese 6:11, 12) Ho feta moo, moapostola Johanne o boletse hore “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Johanne 5:19) Buka ea Bibele ea Tšenolo e bolela hore Satane ke ea “thetsang lefatše kaofela.” (Tšenolo 12:9) Ka puo ea tšoantšetso, Tšenolo e boetse e hlalosa Satane joaloka drakone e fang tsamaiso ea lefatše ea lipolotiki “matla a eona, le terone ea eona, le borena bo boholo.”—Tšenolo 13:2.

Liketsahalo tsa lefatše le tsona li tiisa hore ho na le matla a bobe a sebetsang, a laolang batho ho ba ntša kotsi. Lebaka le leng le etsang hore lipuso tsa batho li hlōlehe ho tlisa khotso ke lefe? Ke eng hape e neng e ka etsa hore batho ba hloeane le ho bolaeana? E nyarositsoe ke polao e sehlōhō le lefu ntoeng ea lehae, paki e ’ngoe e boneng ka mahlo e ile ea re: “Ha ke tsebe hore na ho tlile joang hore sena se etsahale. Ke ho fetang lehloeo. Ke moea o mobe o sebelisang batho bana hore ba bolaeane.”

Motho oa Sebele ea Hanyetsang Molimo

Kajeno, ba bangata ha ba lumele hore Satane Diabolose o teng. Leha ho le joalo, hase mohopolo feela oa bobe bo ka ho batho, joalokaha ba bang ba lumela. Bibele hammoho le liketsahalo tsa lefatše li bontša hore ke motho oa sebele. Ho feta moo, Satane o hanyetsa Jehova Molimo ka ho feletseng. Ho hlakile hore Satane ha a lekane le Molimo. Kaha Jehova ke ’Mōpi ea matla ’ohle, ke eena ’Musi ea tšoanelehang holim’a pōpo eohle.—Tšenolo 4:11.

Molimo ha a ka ba a bōpa sebōpuoa se khopo se mo hanyetsang. Ho e-na le hoo, e mong oa ‘bara ba Molimo’ ba mangeloi o ile a ba le takatso ea boithati ea ho ikhapela borapeli boo ka tšoanelo e leng ba Jehova. (Jobo 38:7; Jakobo 1:14, 15) Takatso ena e ile ea etsa hore a qalise tsela ea borabele khahlanong le Molimo. Ka ho rabela, sebōpuoa sena sa moea sa iketsa Satane (e bolelang “mohanyetsi”) le Diabolose (e bolelang “moetselletsi”). Ha u nahana ka sena sohle, u ka ’na ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha Satane a lumelletsoe ho busa lefatše.

Lebaka Leo Satane a Lumelletsoeng ho Busa

Na u hopola seo Satane a ileng a se bolella Jesu mabapi le bobusi ba lefatše? Satane o ile a re: ‘Ke tla u nea borena boo bohle etsoe ke bo neiloe.’ (Luka 4:6) Polelo eo e bontša hore ke ka tumello ea Molimo feela Satane Diabolose a sebelisang matla a ho laela. Empa ke hobane’ng ha Molimo a mamella Satane?

Karabo ea potso eo e amana le liketsahalo tse bileng tšimong ea Edene, moo Satane a ileng a qala mosebetsi oa hae e le ’musi oa lefatše. Mono Satane o ile a fana ka maikutlo a hore Molimo o ne a busa ka tsela e mpe ka ho hanela monna oa pele le mosali, Adama le Eva se seng se molemo. Ho ea ka Satane, ha ba ne ba ka ja tholoana e hanetsoeng ke Molimo, ba ne ba tla tsoa litlamong. Adama le Eva ba ne ba tla lokoloha ’me ba se hlole ba itšetleha ka Jehova. Ba ne ba tla tšoana le Molimo ka boeena!—Genese 2:16, 17; 3:1-5.

Ka ho bua leshano ka tsela ena ’me a khelosa Eva ’me a mo sebelisa ho susumelletsa Adama ho tlōla molao oa Molimo, Satane o ile a beha lelapa la pele la motho tlas’a boeta-pele ba hae le taolo. Ka hona, Diabolose o ile a fetoha molimo oa bona, ea khahlanong le Jehova. Leha ho le joalo, ho e-na le ho tsoa litlamong, Adama le Eva e ile ea e-ba makhoba a Satane, a sebe le a lefu.—Ba-Roma 6:16; Ba-Heberu 2:14, 15.

Tumellanong le toka ea hae e phethahetseng, Jehova a ka be a ile a timetsa Satane le balateli ba hae ba babeli ba bacha hang-hang. (Deuteronoma 32:4) Leha ho le joalo, tseko ea se nepahetseng le se fosahetseng e ne e ameha. Satane o ne a ile a phephetsa ho loka ha tsela eo Jehova a busang ka eona. Molimo, ka bohlale ba hae, o ile a lumella hore nako e fete e le hore ho ne ho ka pakoa hore ho ipusa ntle le eena ho tlisa koluoa. Jehova o ile a lumella marabele ao hore a tsoele pele a phela ka nakoana, a lumella Adama le Eva ho ba le bana.—Genese 3:14-19.

Le hoja boholo ba bana ba Adama ba sa ikokobelletsa bobusi ba Jehova, litšebelisano tsa Molimo le barapeli ba Hae li bontšitse boholo ba bona. Ho hlokomela ka ho loketseng matla a ho laela a Jehova ho tlisa thabo le tšireletseho tsa ’nete. Ka lehlakoreng le leng, puso ea motho tlas’a tšusumetso ea Satane e felletse ka mahlomola-pelo le ho hloka tšireletseho. E, ‘batho ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’ (Moeklesia 8:9) Batho ha baa fumana tšireletseho ea sebele le thabo ea ka ho sa feleng tlas’a puso ea motho lefatšeng lena le rapaletseng ka tlas’a matla a Satane. Leha ho le joalo, ho na le lebaka le utloahalang la hore boemo bo tla loka lefatšeng.

Nako ea Satane ha e Sale e Kae!

Tšusumetso ea Satane holim’a lefatše ke ea nakoana. Jehova a ke ke a mamella puso ea Satane ho-ea-ho-ile! Haufinyane Diabolose o tla felloa ke matla. ’Musi e mocha o tla laola lefatše, morena ea lokileng ea khethiloeng ke Molimo ka boeena. Morena eo ke Jesu Kreste. Mabapi le ho beoa ha hae teroneng leholimong, Tšenolo e re: “Mebuso ea lefatše e fetohile ’muso oa Morena [Jehova] oa rōna le oa Kreste oa hae.” (Tšenolo 11:15) Tatellano ea liketsahalo tsa Bibele ho ea ka nako ea tsona, hammoho le phethahatso ea boprofeta ba Mangolo, li paka hore ketsahalo ena e etsahetse ka selemo sa 1914.—Mattheu 24:3, 6, 7.

Bibele e boetse e hlalosa se ileng sa etsahala nakoana kamor’a hore Jesu a behoe teroneng. E re: “Ntoa ea e-ba teng leholimong, Mikaele [Jesu Kreste] le mangeloi a hae a loantša drakone [Satane Diabolose]. Drakone ea loana, e e-na le mangeloi a eona; empa ha ba ka ba hlōla, ’me ha ba ka ba hlola ba e-ba le litulo leholimong. ’Me drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela, ea liheloa; ea lahleloa ntle, ea liheloa lefatšeng, le mangeloi a eona.”—Tšenolo 12:7-9.

Liphello tsa ho lelekoa ha Satane leholimong e ne e tla ba life? Ba leholimong ba ne ba tla thaba, empa ho thoe’ng ka baahi ba lefatše? Tšenolo 12:12 e re: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” Ka sebele, ho lahleloa ha Satane kantle ho leholimo ho tlisitse bomalimabe lefatšeng. The Columbia History of the World e-ea tlaleha: “Tlokotsi e khōlō ea Ntoa ea Lilemo Tse ’Nè ea 1914-1918 . . . e ile ea bontša lefatše la Bophirimela hore le ke ke la sireletsa tsoelo-pele bothotong ba lona kapa tšusumetsong ea lona e mpe. Moea oo oa Bophirimela ho hang ha o hlile ha o e-s’o hlaphoheloe ho robokeloeng hoo.”

Bomalimabe ba moloko ona bo tšoailoe ka ho fetang hōle moea o robokeletsoeng. Jesu o ile a profeta: ‘Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong; litlala li tla ba teng, le litšisinyeho tsa lefatše ka ’nģa tse ngata.’ O ile a boela a bolela esale pele ka mafu a akaretsang. (Mattheu 24:7, 8; Luka 21:11) Ho feta moo, Bibele e re “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ea lintho ea Satane, ba bangata e ne e tla ba “baithati, le ba ratang chelete, . . . ba sa utloeng batsoali, . . . ba sa bulehelang tumellano leha e le efe.” Batho e ne e boetse e tla ba “barati ba menyaka ho e-na le ho rata Molimo.”—2 Timothea 3:1-5, NW.

Lintoa, mafu a akaretsang, likhaello tsa lijo, litšisinyeho tsa lefatše le ho hlepha ha boitšoaro—lintho tsena kaofela li etsahetse ka tekanyo eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng ho tloha ka 1914, joalokaha Bibele e ile ea bolela esale pele. Li bontša hore sera se halefileng sa Molimo le batho—Satane Diabolose—se lelekiloe leholimong ’me joale khalefo ea sona e lekanyelitsoe sebakeng sa lefatšeng. Empa Bibele e boetse e bontša hore Satane a ke ke a hlola a lumelloa ho sebetsa ka nako e telele. O saletsoe ke ‘nako e seng kae’ feela ho fihlela Armageddone, ha Molimo a felisa tsamaiso ea lefatše e laoloang ke Satane.

Ho tla etsahala eng ka Satane? Moapostola Johanne o ile a ngola: “Ka ntoo bona lengeloi le leng le theoha leholimong, le tšoere senotlolo sa sekoti le lehlaahlela le leholo letsohong la lona. La tšoara drakone, noha ea khale, e leng Diabolose le Satane, ’me la e holehela lilemo tse sekete. La e akhela sekoting, la e koalla teng, ’me la tiisa holim’a sona.” (Tšenolo 20:1-3) Moloko o utloang bohloko oa batho o tla imoloha hakaakang!

Ho Thaba Tlas’a Puso ea ’Muso

Ha Satane a suthile tseleng, ’Muso oa Molimo tlas’a Jesu Kreste o tla laola litaba tsa moloko oa batho ka botlalo. Ho e-na le ho ba le lipuso tse ngata lefatšeng, ke puso e le ’ngoe feela ea leholimo e tla sala e busa holim’a polanete eohle. Ntoa e tla ba ntho ea nako e fetileng, ’me khotso e tla rena hohle. Tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo, bohle ba tla lula hammoho ka boena bo lerato.—Pesaleme ea 72:7, 8; 133:1; Daniele 2:44.

Jesu o tla ipaka e le ’musi oa mofuta ofe? Ha a ne a le lefatšeng, o ile a bonahatsa lerato le tebileng ho batho. Ka kutloelo-bohloko Jesu o ile a fa ba lapileng lijo. O ile a folisa ba kulang ’me a etsa hore lifofu li bone, limumu li bue, le litho tsa ’mele ea lihlotsa li nchafale. Jesu o bile a tsosa le bafu! (Mattheu 15:30-38; Mareka 1:34; Luka 7:11-17) Mehlolo eo e ne e le selelekela sa lintho tse tsotehang tseo a tla li etsa ha e le Morena. E tla ba ho hlollang hakaakang ho ba le ’musi ea molemo joalo!

Mahlohonolo a sa feleng a tla fumanoa ke bao ba ileng ba ikokobelletsa borena ba Jehova. Mangolo aa tšepisa: “Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joalo ka khama, leleme la semumu le tla bina.” (Esaia 35:5, 6) Ha moapostola Johanne a supa pele letsatsing leo le leholo, o ile a ngola: “Ka utloa lentsoe le phahameng le e-tsoa teroneng, le re: Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.

Maemo ana a thabisang a fanoang ke borena ba Jehova Molimo ka Mora oa hae, Jesu Kreste, a tla re tšelisa haholo mahlomoleng leha e le afe ao e ka ’nang eaba re bile ho ’ona tsamaisong ena ea hona joale e busoang ke Satane Diabolose. Lefatšeng le lecha la Molimo le tšepisitsoeng, batho ba ke ke ba ipotsa, ‘Ha e le hantle ke mang ea busang?’ (2 Petrose 3:13) Moloko oa batho o utloang o tla thaba ’me o sireletsehe lefatšeng le tlas’a puso ea Babusi ba lerato ba sebakeng sa moea, Jehova le Kreste. Ke hobane’ng ha u sa amohele tšepo ea ho ba har’a bafo ba bona?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Moloko oa batho o tla sireletseha lefatšeng le tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

NASA photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela