Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/13 maq. 6-7
  • Satane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Satane
  • Tsoha!—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Satane ke motho oa sebele?
  • Satane o lula hokae?
  • Na Satane a ka ntša batho kotsi kapa a ba laola?
  • Lebelang—Satane o Batla ho le Harola!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Satane ke Mang? Na ke Motho oa Sebele?
    Tsoha!—2007
  • Babusi Sebakeng sa Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Na Satane e Mpa e le Feela Tšoantšetso ea Bobe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 6/13 maq. 6-7

PONO EA BIBELE

Satane

Na Satane ke motho oa sebele?

‘Noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’—Tšenolo 12:9.

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bang ba lumela hore Satane Diabolose hase motho, empa e le bokhopo bo ka har’a motho.

SEO BIBELE E SE BUANG

Satane ke motho oa sebele. Ke lengeloi la lerabele, sebōpuoa sa moea se khahlanong le Molimo. Bibele e re Satane ke “’musi oa lefatše lena.” (Johanne 12:31) O sebelisa “lipontšo tsa leshano” le “thetso” ho finyella merero ea hae.—2 Bathesalonika 2:9, 10.

Bibele e tlalehile puisano eo Satane a ileng a ba le eona le Molimo leholimong. Haeba Satane e ne e le bokhopo bo ka har’a motho, ke joang Molimo ea phethahetseng le ea hlokang sekoli a neng a ka buisana le karolo e khopo e ka hare ho eena? (Deuteronoma 32:4; Jobo 2:1-6) Hoa hlaka hore Satane ke motho oa sebele eseng feela mothofatso oa bokhopo.

KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO TSEBA KA TABA EE?

Mabaka a Satane a hore a batle hore u lumele hore hase motho oa sebele a tšoana le a senokoane se sa batleng ho tsejoa e le hore se tsoele pele ho tlōla molao. E le hore u ka itšireletsa khahlanong le Satane, ho hlokahala hore u lumele hore o teng.

Satane o lula hokae?

“Ho malimabe lefatše . . . hobane Diabolose o theohetse ho lōna.”—Tšenolo 12:12.

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bangata ba lumela hore Satane o lula liheleng har’a mpa ea lefatše. Ba bang ba lumela hore o lula ka har’a batho ba khopo.

SEO BIBELE E SE BUANG

Satane ke sebōpuoa sa moea, kahoo o lula sebakeng se sa bonahaleng. Ka nakoana Satane o ile a lumelloa ho solla ka boithatelo moo Molimo le mangeloi a tšepahalang a lulang teng. (Jobo 1:6) Leha ho le joalo, hona joale o lelekiloe pel’a Molimo, ’me eena hammoho le libōpuoa tse ling tsa moea tse khopo ba theoletsoe lefatšeng.​—Tšenolo 12:12.

Na see se bolela hore Satane o lula sebakeng se le seng feela lefatšeng? Ka mohlala, e ka ’na eaba u kile ua bala moo ho thoeng motse oa boholo-holo oa Pergame ke “moo Satane a lulang teng.” (Tšenolo 2:13) Ha e le hantle, poleloana eo e ne e bolela hore ke moo borapeli ba bosatane bo neng bo atile teng. Satane ha a na sebaka seo a lulang ho sona ka ho khetheha mona lefatšeng. Ho e-na le hoo, Bibele e re, “mebuso eohle ea lefatše leo ho ahiloeng ho lona” ke ea hae.​—Luka 4:5, 6.

Na Satane a ka ntša batho kotsi kapa a ba laola?

“Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.”​—1 Johanne 5:19.

SEO BIBELE E SE BUANG

Batho ba bangata ba ineheletse tšusumetso e khelosang ea Satane, ’me ka lebaka leo, ba tlas’a taolo ea hae. (2 Bakorinthe 11:14) Taba ena e re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha batho ba hlōlehile ho ntlafatsa maemo a lefatše.

Bibele e boetse e na le litlaleho tsa moo Satane le mangeloi a mang a marabele ba ileng ba laola batho le ho ba ntša kotsi.​—Matheu 12:22; 17:15-18; Mareka 5:2-5.

SEO U KA SE ETSANG

U se ke ua tšaba matla a Satane. E le hore u seke ua susumetsoa kapa ua laoloa ke Satane, u lokela ho ithuta kamoo a qhekellang batho e le hore u ‘tsebe merero ea hae.’ (2 Bakorinthe 2:11) Ha u bala Bibele, u ka fumana tsebo ea bohlokoa ka maqheka a Satane ’me ka hona ua qoba ho ba phofu ea hae.

Lahla lintho tsohle tse amanang le ho sebelisana le bademona. (Liketso 19:19) Tsona li akarelletsa lithatho, lingoliloeng, livideo, ’mino le mananeo a k’homphieutha a khothalletsang tšebelisano le meea kapa bonohe.

Bibele e re: “Le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.” (Jakobo 4:7) Ka ho mamela keletso e bohlale ea Bibele, u ka itšireletsa khahlanong le maqiti a khopo a Satane.​—Baefese 6:11-18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela