Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 5/1 leq. 32
  • “E-bang le Letsoalo le Molemo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “E-bang le Letsoalo le Molemo”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 5/1 leq. 32

“E-bang le Letsoalo le Molemo”

HANGATA batho ba utloa keletso e reng: “Letsoalo ke molisa oa motho.” Empa e le hore matsoalo a rōna e be molisa ea tšepahalang, a lokela ho koetlisoa ka tsela e hloahloa ho khetha se setle ho se sebe, ’me re lokela ho ba hlokolosi hore na a re lebisa hokae.

Nahana ka phihlelo ea monna e mong ea bitsoang Zakiase, e tlalehiloeng ka Bibeleng. Zakiase, ea neng a lula Jeriko, e ne e le ’mokelli oa lekhetho ea ka sehloohong e bile e le morui. O ile a lumela hore o ne a fumana leruo la hae ka ho hanyapetsa—a tloaetse ho sotla batho ba bang. Na letsoalo la Zakiase le ne le mo ja ka lebaka la liketso tsa hae tse sa lokang? Haeba le ne le mo ja, e tlameha ebe o ne a le hlokomoloha.—Luka 19:1-7.

Leha ho le joalo, ho ile ha hlaha boemo bo ileng ba etsa hore Zakiase a hlahlobe litsela tsa hae. Jesu o ile a ea Jeriko. Monna e mokhutšoanyane Zakiase o ne a batla ho mo bona, empa o ne a sitoa ho mo bona ka lebaka la letšoele. Kahoo a mathela pele eaba o hloa sefate e le hore a mo bone hantle. Ka lebaka la ho angoa ka ho tebileng ke thahasello ea Zakiase, Jesu o ile a mo bolella hore o rata ho mo etela lapeng. Zakiase o ile a amohela ka thabo moeti enoa oa hae ea khethehileng.

Seo Zakiase a ileng a se bona le ho se utloa ha a ntse a e-na le Jesu, se ile sa mo ama pelo hoo a ileng a fetola litsela tsa hae. O ile a bua phatlalatsa a re: “Bona! Morena, halofo ea lintho tsa ka, ke e fa mafutsana, ’me eng kapa eng eo ke ileng ka e nka ho mang kapa mang ka ho hanyapetsa ka qoso ea bohata ke e busetsa hane.”—Luka 19:8.

Letsoalo la Zakiase le ile la mo ruta ho hong ’me o ile a le mamela le ho etsa seo le mo bolellang sona. Liphello e ile ea e-ba tse ntle haholo. Ak’u nahane kamoo Zakiase a ileng a ikutloa kateng ha Jesu a re: “Letsatsing lena poloko e tlile ntlong ena”!—Luka 19:9.

Oo ke mohlala o khothatsang hakaakang! O bontša hore re ka fetola tsela leha e le efe eo re neng re phela ka eona. Joaloka Zakiase, re ka falimehela mantsoe a Jesu—a tlalehiloeng ka Bibeleng—’me ra ntlafatsa ho lemoha ha rōna se setle le se sebe. Joale, re ka ba “le letsoalo le molemo,” joalokaha moapostola Petrose a ile a re phehella. Re ka mamela matsoalo a rōna a koetlisitsoeng le ho etsa se lokileng.—1 Petrose 3:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela