Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 5/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Ho Folisoa Moshanyana ea Nang le Modemona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ho Folisoa Moshanyana ea Nang le Modemona
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ho Kula Kelellong—Ha ho Hlorisa Mokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 5/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na ha Mokreste a utloa mantsoe, see se bolela hore o hlasetsoe ke bademona?

Che. Le hoja ho ’nile ha boleloa hore bademona ba iponahatsa ka tsela eo, batho ba bangata ba utloang mantsoe kapa ba hlaheloang ke lintho tse ling tse sa hlaloseheng, tse ferekanyang, ba fumane ka mor’a lipatlisiso hore baa kula.

Esita le lekholong la pele la lilemo, ka ho totobetseng ho ne ho hlokomeloa hore ka linako tse ling litlhaselo tsa bademona li ne li hlahisa liphello tse tšoanang le tse hlahisoang ke ho kula. Ho Matheu 17:14-18, re bala ka moshanyana ea ileng a folisoa ke Jesu. Le hoja moshanyana enoa a ne a bontša matšoao a tebileng a sethoathoa, ha e le hantle mahlomola a hae a ne a bakoa ke modemona. Leha ho le joalo, ketsahalong ea pejana, ha matšoele a batho ba kulang a ne a tlisitsoe ho Jesu hore a a folise, har’a ’ona ho ne ho e-na le ba bang ‘ba neng ba na le bademona le ba tšoeroeng ke sethoathoa.’ (Matheu 4:24) Ka ho hlakileng, ho ne ho hlokomeloa hore batho ba bang ba neng ba tšoeroe ke sethoathoa ba ne ba sa hlaseloa ke bademona. Ba ne ba kula.

Ho boleloa hore batho ba fapaneng hlooho, e leng lefu leo hangata le phekoloang ka meriana, ba utloa mantsoe kapa ba ba le matšoao a mang a ka ’nang a bonahala a sa tloaeleha.a Mafu a mang a ka ’na a baka pherekano ea kelello eo ba bang ka phoso ba ka nahanang hore e bakoa ke bademona. Kahoo, le hoja motho ea bolelang hore o utloa mantsoe kapa ea nang le lintho tse ling tse ferekanyang a ke ke a qhelela thōko hore o hlaseloa ke bademona, ka sebele o lokela ho khothalletsoa hore a etse lipatlisiso ho fumana hore na ebe ha a kule.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona “Ho Utloisisa ho Kula Kelellong,” makasineng ea habo Molula-Qhooa ea Tsoha! ea September 8, 1986.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela