Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 8/1 leq. 30
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Phekola Moshanyana ea Nang le Modemona
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ho Folisoa Moshanyana ea Nang le Modemona
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ho Folisoa Moshanyana ea Nang le Modemona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 8/1 leq. 30

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ho latela Matheu 17:20, baapostola ba ile ba hlōleha ho phekola moshanyana ea mahlomoleng ‘ka lebaka la tumelo ea bona e nyenyane.’ Leha ho le joalo, ho Mareka 9:29, ho hlōleha ha bona ho amahanngoa le hore thapelo ea hlokahala. Ke hobane’ng ha ho fanoe ka mabaka a fapaneng litlalehong tse fapaneng tsa Kosepele?

Ha e le hantle, litlaleho tsena tse peli lia tlatsana, ha li hohlane. Pele, hlahloba Matheu 17:14-20. Monna e mong o ile a tlaleha hore mora oa hae o ne a tšoeroe ke sethoathoa le hore barutuoa ba Jesu ba hlōlehile ho phekola moshanyana eo. Joale Jesu o ile a phekola moshanyana eo ka ho leleka modemona ea neng a mo hlokofatsa. Barutuoa ba ile ba botsa hore na ke hobane’ng ha ba hlōlehile ho leleka modemona eo. Ho latela tlaleho ea Matheu, Jesu o ile a arabela: “Ka lebaka la tumelo ea lōna e nyenyane. Etsoe kannete ke re ho lōna, Haeba le e-na le tumelo e boholo ba thollo ea mosetareta, le tla re ho thaba ena, ‘Tloha mona u ee mane,’ ’me e tla tloha, ’me ha ho letho leo le se nang ho khona ho le etsa.”

Joale phetla Mareka 9:14-29, moo re fumanang boitsebiso bo eketsehileng. Ka mohlala, Mareka 9:17 e fana ka boitsebiso ba hore ketsahalong ena, tlhaselo ena ea sethoathoa e ne e bakoa ke moea o mobe. Ke habohlokoa ho hlokomela hore ho na le moo Bibele e reng Jesu o ile a phekola batho ba nang le sethoathoa le ba hlasetsoeng ke bademona. (Matheu 4:24) Boemong bona bo ikhethang, tlhaselo e ne e bakoa ke “moea o sa khoneng ho bua le oo e leng tsebe-tutu,” e leng moea o khopo o boleloang ke ngaka Luka. (Luka 9:39; Bakolose 4:14) Ho Mareka 9:18, hlokomela polelo e reng, “Kae kapa kae moo [modemona] o mo tšoarang teng.” Kahoo, modemona o ne o sa lule o hlōpha moshanyana eo, e ne e le ka linako tse ling feela o neng o mo hlōpha. Leha ho le joalo, barutuoa ba ile ba hlōleha ho leleka modemona e le hore ka ho etsa joalo, ba phekole moshanyana eo. Ha ba botsa lebaka, Jesu o ile a araba: “Mofuta ona o ke ke oa tsoa ka ntho leha e le efe haese ka thapelo.”

Leha ho le joalo, ho bala ka hloko tlaleho ea Mareka ho bontša hore ha ho na khohlano ho se tlalehiloeng ke Matheu. Ho Mareka 9:19, re bala hore Jesu o ile a utloisoa bohloko ke ho hloka tumelo ha moloko oo. ’Me temaneng ea 23, ho tlalehiloe hore o ile a bolella ntate oa moshanyana eo: “Lintho tsohle li ka etsahala ho motho haeba motho a e-na le tumelo.” Kahoo, Mareka le eena o hatisa bohlokoa ba tumelo. E mpa feela e le hore temaneng ea 29, Mareka o fana ka boitsebiso bo eketsehileng. Mareka o eketsa ka seo Jesu a ileng a se bolela ka thapelo, e leng se neng se sa kenyelletsoa ke Matheu kapa Luka.

Joale re ka re’ng? Liketsahalong tse ling, baapostola ba 12 le barutuoa ba 70 ba ile ba leleka meea e khopo. (Mareka 3:15; 6:13; Luka 10:17) Empa ketsahalong ena barutuoa ba ile ba sitoa ho leleka modemona. Hobane’ng? Haeba re kopanya boitsebiso bo boletsoeng litlalehong tse sa tšoaneng, re tlameha ho etsa qeto ea hore ba ne ba sa itokisetsa boemo lekhetlong lena. Mohlomong karolo e ’ngoe ea bothata e ne e le mofuta o amehang oa modemona, kaha ho bonahala hore e ka ’na eaba bademona ba na le botho bo fapaneng, lithahasello esita le bokhoni. Ka ho khetheha, thuso ea Molimo e ne e hloka tumelo e matla ka ho khethehileng le thapelo e tiileng bakeng sa modemona enoa. Ho hlakile hore Jesu o ne a e-na le tumelo e joalo. O ne a boetse a tšehelitsoe ke Ntate oa hae, Moutloi oa thapelo. (Pesaleme ea 65:2, NW) Hase feela hore Jesu o ne a ka khona ho phekola moshanyana eo ea neng a le mahlomoleng ka hore a leleke modemona eo, empa o hlile a ho etsa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela