Ho Ithuta Sephiri sa ho Khotsofala
Lengolong le khothatsang le eang ho Bakreste ba Filipi, moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Maemong afe kapa afe ao ke leng ho ’ona, ke ithutile ho khotsofala. . . . Nthong e ’ngoe le e ’ngoe le maemong ’ohle ke ithutile sephiri sa ho khora hammoho le ho lapa, ho ba le ho hongata haholo le ho hloka.”—Bafilipi 4:11, 12.
Sephiri sa Pauluse sa ho khotsofala e ne e le sefe? Ha re nahana ka litheko tse phahameng tsa lintho le ka maemo a sa tsitsang a moruo mehleng ena ea rōna, ka sebele ho ka ba molemo hore Bakreste ba ’nete ba ithute ho khotsofala e le hore ba ka lula ba tsepamisitse likelello tšebeletsong ea bona ho Molimo.
P EJANA lengolong la hae, Pauluse o ile a bua ka mosebetsi o atlehileng oo a neng a o etsa pele. O ile a re: “Haeba motho leha e le ofe a nahana hore o na le mabaka a ho kholiseha ka nama, ke nahana hore ke joalo haholo: ke le ea bololitsoeng ka letsatsi la borobeli, ke le ea tsoang lesikeng la lelapa la Iseraele, ke le oa moloko oa Benjamine, Moheberu ea tsoetsoeng ke Baheberu; mabapi le molao, ke le Mofarisi; mabapi le cheseho, ke le ea hlorisang phutheho; mabapi le ho loka ho teng ka molao, ke le ea sa kang a tšoauoa phoso.” (Bafilipi 3:4-6) Ho phaella moo, kaha e ne e le Mojuda ea chesehang, Pauluse o ne a fuoe thōmo ke baprista ba ka sehloohong ba Jerusalema ba bile ba mo tšehelitse. Tsena tsohle li ne li ka bolela hore o tla ba le matla le botumo—ho tsa lipolotiki, ho tsa bolumeli, ’me ntle le pelaelo le ho tsa lichelete—tsamaisong eo ea Sejuda.—Liketso 26:10, 12.
Empa ha Pauluse e e-ba mosebeletsi oa Mokreste ea chesehang, lintho li ile tsa fetoha haholo. O ile a ikemisetsa ho tela mosebetsi oa hae o atlehang le lintho tsohle tseo pele li neng li nkoa e le tsa bohlokoa, molemong oa litaba tse molemo. (Bafilipi 3:7, 8) Joale o ne a tla iphelisa ka eng? Na o ne a tla amohela moputso o itseng e le mosebeletsi? O ne a tla fumana lintho tseo a li hlokang joang?
Pauluse o ile a phetha tšebeletso ea hae a sa lefuoe letho. E le hore a se ke a imetsa bao a neng a ba sebeletsa, o ile a ikopanya le Akuila le Prisilla ho etsa litente ha a le Korinthe, ’me a etsa le lintho tse ling bakeng sa ho iphelisa. (Liketso 18:1-3; 1 Bathesalonika 2:9; 2 Bathesalonika 3:8-10) Pauluse o ile a nka maeto a mararo a malelele a boromuoa, a ba a etela le liphutheho tse neng li hloka thuso. Kaha o ne a tšoarehile ka ho feletseng tšebeletsong ea Molimo, o ne a e-na le lintho tse seng kae tse bonahalang. Barab’abo rōna ba ne ba atisa ho hlokomela litlhoko tsa hae. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ka lebaka la maemo a thata, o ne a futsaneha le ho hloka lintho. (2 Bakorinthe 11:27; Bafilipi 4:15-18) Leha ho le joalo, ha ho mohla Pauluse a kileng a belaela ka mathata a hae, ebile o ne a sa honohele seo ba bang ba nang le sona. O ile a ithaopela ho sebetsa ka thata a bile a thabile molemong oa Bakreste-’moho le eena. Ha e le hantle, ke Pauluse ea ileng a qotsa mantsoe a tsebisahalang a Jesu a reng: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” Oo ke mohlala o babatsehang hakaakang ho rōna kaofela!—Liketso 20:33-35.
Se Boleloang ke ho Khotsofala
Ntlha e khōlō e ileng ea tlatsetsa thabong le khotsofalong ea Pauluse ke boikutlo ba hae ba ho khotsofala. Leha ho le joalo, ho khotsofala ho bolela eng? Ka mantsoe a bonolo feela, ho bolela ho khotsofalla lintho tsa motheo. Ntlheng ena, Pauluse o ile a re ho Timothea, molekane oa hae tšebeletsong: “Ka sebele, ke mokhoa oa ho rua ho hoholo, boinehelo bona ba bomolimo hammoho le ho khotsofala. Etsoe ha rea tlisa letho lefatšeng, leha e le hore re ka tloha le letho. Kahoo, ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.”—1 Timothea 6:6-8.
Hlokomela hore Pauluse o ile a amahanya ho khotsofala le boinehelo ba bomolimo. O ile a hlokomela hore thabo ea sebele e tlisoa ke boinehelo ba bomolimo, ka mantsoe a mang, e tlisoa ke ho etelletsa pele tšebeletso ea rōna ho Molimo, eseng lintho tse bonahalang kapa maruo. “Lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso” li ne li mpa li mo thusa feela hore a tsoele pele a hahamalla boinehelo ba bomolimo. Kahoo sephiri sa Pauluse sa ho khotsofala e ne e le ho itšetleha ka Jehova, ho sa tsotellehe hore na maemo e ka ’na ea e-ba afe.
Batho ba bangata kajeno ba tšoenyehile haholo ’me ha baa thaba kaha ha ba tsebe sephiri seo kapa baa se hlokomoloha. Ho e-na le hore ba hlaolele khotsofalo, ba khetha ho tšepa chelete le seo chelete e ka se rekang. Indasteri ea papatso le mecha ea phatlalatso li etsa hore batho ba nahane hore ba ke ke ba thaba ntle le hore ba be le lisebelisoa tsa morao-rao le tse majabajaba—’me ba li fumane hang-hang. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba oela lerabeng la ho lelekisa chelete le lintho tse bonahalang. Ho e-na le hore ba fumane thabo le khotsofalo, “ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong.”—1 Timothea 6:9, 10.
Ba Ithutile Sephiri Seo
Mehleng ee ea kajeno, na ho hlile hoa khoneha hore motho a phele ka boinehelo ba bomolimo le ka khotsofalo ’me a fumane thabo le khotsofalo? E, hoa khoneha. Ha e le hantle, batho ba limilione kajeno ba etsa sona seo. Ba ithutile sephiri sa ho thaba ka lintho tse bonahalang tseo ba nang le tsona. Ke Lipaki Tsa Jehova, tse inehetseng ho Molimo, tse etsang thato ea hae le ho ruta batho hohle ka morero oa hae.
Nka ka mohlala ba ithaopetseng ho koetlisoa le ho romeloa linaheng tseo ba sa li tloaelang e le baromuoa ho ea bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 24:14) Maemo a bophelo linaheng tseo ba romeloang ho tsona e atisa ho ba a sa tsoelang pele joaloka ao ba a tloaetseng. Ka mohlala, mathoasong a 1947, ha baromuoa ba fihla naheng e ’ngoe ea Asia, maputula a ntoa a ne a ntse a setse, ’me e le matlo a seng makae feela a khantšang ka motlakase. Linaheng tse ngata, baromuoa ba ile ba fumana hore liphahlo li hlatsoetsoa lepolankeng kapa majoeng nōkaneng eseng ka mochine oa motlakase o hlatsoang. Empa ba ne ba ile moo ho ea ruta batho ’nete ea Bibele, kahoo ba ile ba ikamahanya le maemo a sebaka ’me ba tšoareha tšebeletsong.
Ba bang ba kenetse tšebeletso ea nako e tletseng kapa ba falletse libakeng tse e-s’o ka li finyelloa ka litaba tse molemo. Adulfo o sebelelitse likarolong tse sa tšoaneng tsa Mexico, e le mosebeletsi oa nako e tletseng ka lilemo tse fetang 50. O re: “Ho tšoana le moapostola Pauluse, ’na le mosali oa ka re ithutile ho ikamahanya le maemo. Ka mohlala, phutheho e ’ngoe eo re ileng ra e etela e ne e le hōle le motse leha e le ofe o moholo kapa ’maraka. Barab’abo rōna ba ne ba khotsofalla hore nako le nako ha ba ja ba je sephaphatha ka likhalika tsa fariki tse nōkiloeng ka letsoai le kofi. Ke sohle seo ba neng ba se ja—liphaphatha tse tharo ka letsatsi. Kahoo re ile ra ithuta ho phela joaloka bara bao babo rōna. Ke thabetse liphihlelo tse ngata tse tšoanang le ena lilemong tsena tse 54 tseo ke sebelelitseng Jehova ka nako e tletseng ka tsona.”
Florentino o hopola kamoo eena le ba lelapa labo ba ileng ba lokela ho ikamahanya kateng le maemo a thata. Ha a pheta tsa bongoaneng ba hae, o re: “Ntate e ne e le mohoebi ea atlehileng. O ne a e-na le litša tse ngata. Ke sa ntse ke hopola k’haontara ea lebenkele la korosari leo re neng re e-na le lona. Ho ne ho e-na le raka e bophara ba lisenthimithara tse 50 ’me e le bolelele ba lisenthimithara tse 20, e e-na le lishelofo tse ’nè. Re ne re kenya chelete ea lintho tse rekisitsoeng ka rakeng eo. E ne e lula e tletse chelete ea tšepe le ea lipampiri qetellong ea letsatsi le leng le le leng.
“Ka tšohanyetso, re ile ra ba le mathata a lichelete ’me ho tloha khoreng ra kolla ntsi hanong. Re ile ra lahleheloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe ha sala ntlo eabo rōna feela. Ho feta moo, moholoane oa ka e mong o ile a hlaheloa ke kotsi e ileng ea mo holofatsa maoto. Lintho li ne li se li sa tšoane le pele. Ka nakoana ke ne ke rekisa litholoana le nama. Ke ne ke boetse ke kotula k’hothone, morara le lesere, ke bile ke kenya letsoho ho nosetseng masimo. Batho ba bang ba ne ba mpitsa makhona-tsohle. ’Mè o ne a atisa ho re tšelisa ka hore re na le ’nete, letlotlo la moea leo e leng ba seng bakae feela ba nang le lona. Kahoo ke ithutile ho ba le ho hongata le ho ba le ho fokolang kapa ho hloka ka ho feletseng. Kaha ke sebelelitse Jehova ka nako e tletseng ka lilemo tse ka bang 25, nka bolela hore letsatsi le letsatsi ke latsoitse tlhohonolofatso ea ho tseba hore ke khethile tsela e molemo ka ho fetisisa bophelong—ea ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng.”
Bibele e re bolella ka ho hlaka hore “boemo ba lefatše lena boa fetoha.” Ka hona, e boetse e re phehella hore: “Ba thabileng ba be joaloka ba sa thabang, le ba rekang ba be joaloka ba se nang letho, le ba sebelisang lefatše ba be joaloka ba sa le sebeliseng ka botlalo.”—1 Bakorinthe 7:29-31.
Ka hona ena ke nako ea hore u hlahlobisise tsela eo u phelang ka eona. Haeba u futsanehile, itebele hore u se ke ua hlonama, kapa hona ho apareloa ke khalefo le mohono. Ka lehlakoreng le leng, ho sa tsotellehe hore na u na le lintho life tse bonahalang, e tla ba bohlale hore u li behe sebakeng se loketseng bophelong e le hore li se ke tsa u laola. Joalokaha moapostola Pauluse a ile a eletsa, ha ua lokela ho beha tšepo ea hao “maruong a sa tsitsang, empa [u] e behe ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele.” Haeba u etsa seo, joale le uena u ka bolela hore u ithutile sephiri sa ho khotsofala.—1 Timothea 6:17-19.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Pauluse o ne a sebetsa ka liatla tsa hae e le hore e se ke ea e-ba moroalo ho ba bang
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Ba likete ba fumana thabo bophelong ba ‘boinehelo ba bomolimo hammoho le ho khotsofala’