Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 6/15 leq. 31
  • Seo Linonyana li ka re Rutang Sona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo Linonyana li ka re Rutang Sona
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 6/15 leq. 31

Seo Linonyana li ka re Rutang Sona

“TALIMANG linonyana tsa leholimo ka hloko, hobane ha li jale peō leha e le ho kotula kapa ho bokellela matlong a polokelo; ho ntse ho le joalo Ntat’a lōna oa leholimo oa li fepa. Na ha le ba bohlokoa ho li feta?” (Matheu 6:26) Jesu Kreste o buile mantsoe ana thutong e tsejoang haholo eo a faneng ka eona pel’a thaba e ’ngoe e haufi le Leoatle la Galilea. O ne a sa mameloa ke balateli ba hae feela. Ho ne ho le teng bongata bo boholo ba batho ba tsoang likarolong tsohle tsa naha, bao e neng e ka ’na ea e-ba barutuoa ba hae. Ba bangata ba bona e ne e le mafutsana a neng a tlisitse ba kulang hore Jesu a ba folise.—Matheu 4:23–5:2; Luka 6:17-20.

Ha Jesu a qetile ho folisa bohle ba kulang, o ile a natsa litlhoko tsa bona tsa bohlokoa haholo tsa moea. E ’ngoe ea lintho tseo a ileng a li ruta ke thuto e seng e boletsoe.

Khale linonyana tsa leholimo li le teng. Tse ling li ja likokoanyana, tse ling li ja litholoana le peō. Kaha Molimo o etselitse linonyana lijo tse ngata hakana, ha ho pelaelo hore a ka thusa batho ba mo sebeletsang hore ba fumane bohobe ba bona ba letsatsi le letsatsi. Sena a ka ’na a se etsa ka ho ba thusa hore ba fumane mosebetsi e le hore ba fumane chelete ea lijo. Kapa a ka ba atlehisa ha ba itemela lijo. Maemong a tšohanyetso, Molimo a ka susumetsa lipelo tsa baahelani ba mosa le metsoalle hore ba fe bahloki lijo.

Re ka ithuta ho hongata haholo ha re ka sheba ka hloko tsela eo linonyana li phelang ka eona. Molimo o bōpile linonyana ka tsela e hlollang e le hore li ikahele matloana ao li ka hōlisetsang malinyane a tsona ho ’ona. Bona mefuta e ’meli e sa tšoaneng ea matloana ana. Ka letsohong le letšehali ke ntloana ea lekabelane. Le haha sephokong sa lefika kapa leboteng la ntlo. Marulelo a matloana ana ke liphoko tsa mafika kapa, joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong sena, ke marulelo a mohaho. Bokatlaase ba ntloana ena bo hahoa ka lipolokoe tsa seretse, ’me e etsoa hore e tšoane le sekotloloana. Lekabelane le letona le le letšehali a sebetsa ka thata ho bokella lipolokoe tsena tsa seretse ’me a ka ’na a nka nako e fetang khoeli ho haha ntloana ea ’ona. Ka mor’a moo a e aletsa ka joang le masiba. A fepa bana ka bobeli ba ’ona. Tlaase teng re bona ntloana ea thaha e tona. Nonyana ena e khothetseng ea Afrika e haha ntloana ea eona ka joang kapa ka lithutsoana tsa limela tse ling. E ka haha ntloana ka letsatsi le le leng ’me e ka haha a 30 nakong e itseng ea selemo!

Re ithuta eng? Haeba Molimo o fa linonyana bohlale bo bokaalo le thepa e ngata ea ho haha matloana, ha ho pelaelo hore a ka thusa batho ba mo sebeletsang hore ba fumane libaka tsa bolulo. Leha ho le joalo, Jesu o bontšitse hore ho na le ho hong ho hlokahalang haeba re batla hore Jehova Molimo a re thuse ho fumana lintho tsa bophelo tseo re li hlokang. Jesu o ile a tšepisa a re: “Le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” (Matheu 6:33) Mohlomong ua ipotsa, ‘Ebe ho batla ’Muso oa Molimo pele ho hloka hore ke etse eng?’ Lipaki Tsa Jehova, tse abang makasine ena, li ka thabela ho arabela potso ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela