Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 6/15 leq. 30
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebelang—Satane o Batla ho le Harola!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Tseba Sera sa Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Satane
    Tsoha!—2013
  • Satane ke Mang? Na ke Motho oa Sebele?
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 6/15 leq. 30

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na Satane Diabolose o khona ho bona se ka kelellong ea motho?

Le hoja re ke ke ra tiisa ka ho feletseng, ho bonahala Satane le bademona ba hae ba sa khone ho bona se ka likelellong tsa rōna.

Nahana ka mabitso a hlalosang Satane. O bitsoa Satane (Mohanyetsi), Diabolose (Moetselletsi), Noha (e leng ho bolelang ntho e le ’ngoe le Mothetsi), Moleki le Raleshano. (Jobo 1:6; Matheu 4:3; Johanne 8:44; 2 Bakorinthe 11:3; Tšenolo 12:9) Ha ho le le leng la mabitso ana a mo hlalosang le bontšang hore Satane o khona ho bona se ka kelellong ea motho.

Leha ho le joalo, Jehova Molimo eena o hlalosoa ka tsela e fapaneng e le “ea hlahlobang lipelo.” (Liproverbia 17:3; 1 Samuele 16:7; 1 Likronike 29:17) Baheberu 4:13 e re: “Ha ho pōpo e sa bonahaleng mahlong a hae [Jehova], empa lintho tsohle li hlobotse ’me li pepesitsoe phatlalatsa mahlong a eo re nang le boikarabello ho eena.” Ha ho makatse hore ebe Jehova o file Mora oa hae, Jesu, matla a ho hlahloba lipelo. Jesu ea tsositsoeng bafung o ile a re: “Ke ’na ea phenyang liphio le lipelo, ’me ke tla le fa ka bomong ho ea ka liketso tsa lōna.”—Tšenolo 2:23.

Bibele ha e bolele hore Satane o na le matla a ho phenya lipelo le likelello tsa batho. Taba ena ke ea bohlokoa, kaha moapostola Pauluse o re tiisetsa hore Bakreste ‘ba tseba merero ea [Satane].’ (2 Bakorinthe 2:11) Kahoo ha rea lokela ho tšoha hore Satane o na le matla a itseng a fetang a tloaelehileng a re siretseng ka ho feletseng.

Leha ho le joalo, sena hase bolele hore Sera sa rōna se ke ke sa hlokomela mefokolo ea rōna. Satane o qetile makholo a lilemo a ithuta tsela eo batho ba itšoarang ka eona. Ha ho hlokahale hore a bone se ka likelellong tsa rōna e le hore a ka hlokomela mekhoa ea boitšoaro eo re e latelang, hore a bone hore na re rata boithabiso ba mofuta ofe, kapa ho mamela lintho tseo re buang ka tsona le lintho tse ling tse kang tseo. Ponahalo ea rōna ea sefahleho le ea ’mele e ka boetse ea fana ka leseli la hore na re nahana’ng le hore na re ikutloa joang.

Leha ho le joalo, ka kakaretso Satane o sebelisa maqheka a tšoanang le ao a ileng a a sebelisa serapeng sa Edene—e leng ho bua mashano, ho qhekella le ho fana ka boitsebiso bo fosahetseng. (Genese 3:1-5) Le hoja ho sa hlokahale hore Bakreste ba tšohe hore Satane o tla bona se ka likelellong tsa bona, ba na le lebaka le utloahalang la ho ameha ka mehopolo eo Satane a ka ’nang a leka ho e kenya likelellong tsa bona. O batla hore Bakreste e be “ba bolileng kelellong le ba tlatlapuoeng ’nete.” (1 Timothea 6:5) Ha ho makatse hore ebe lefatše la Satane le hlahisitse lethala la boitsebiso le boithabiso bo litšila. E le hore Bakreste ba eme ba tiile khahlanong le tlhaselo ena e mabifi, ba lokela ho sireletsa likelello tsa bona ka ho roala “helmete ea poloko.” (Baefese 6:17) Ba etsa sena ka ho tlatsa likelello tsa bona ka linnete tsa Bibele le ka ho qoba ho ikamahanya ka ho sa hlokahaleng le mekhoa e litšila ea lefatše la Satane.

Satane ke sera se tšabehang. Empa ha rea lokela ho tšaba Satane kapa bademona ba hae hoo re tlakaselang. Jakobo 4:7 ea re tiisetsa: “Le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.” Haeba re latela keletso ena, le rōna joaloka Jesu, re tla khona ho phatlalatsa hore Satane ha a na moo a re tšoereng teng.—Johanne 14:30.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela