Tsela eo re ka Bang le Lerato la ’Nete ka Eona
“Lerato ke makhona-tsohle bophelong; lerato ke bophelo.”—Living to Purpose, ea Joseph Johnson, 1871.
MOTHO o ithuta joang ho bontša lerato? Na ke ka ho ithuta kelello ea motho? Na ke ka ho bala libuka tsa likeletso? Na ke ka ho shebella libaesekopo tsa marato? Le letho. Batho ba qala ho ithuta ho bontša lerato ha ba bona mohlala oa batsoali ba bona ’me ba koetlisoa ke batsoali ho le bontša. Bana ba tla ithuta se boleloang ke lerato haeba, moo ho nang le boikutlo bo mofuthu, ba bona batsoali ba bona ba ba fepa le ho ba sireletsa, ba buisana le bona ’me ba ba rata ka botebo. Ba boetse ba ithuta ho bontša lerato ha batsoali ba bona ba ba ruta ho boloka melao-motheo e molemo ea se nepahetseng le se fosahetseng.
Lerato la ’nete hase boikutlo feela bo sa reng letho. Ka linako tsohle le thusa ba bang, esita le haeba ka nako eo ba sa bone bohlokoa ba lona ka ho feletseng, e leng seo hangata se etsahalang ho bana ha ba fuoa taeo e lerato. Mohlala o phethahetseng oa ea bontšang lerato le se nang boithati ke oa ’Mōpi ka boeena. Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Mora oa ka, u se ke ua nyenyefatsa taeo e tsoang ho Jehova, kapa ua felloa ke matla ha u khalemeloa ke eena; kaha Jehova o laea eo a mo ratang.”—Baheberu 12:5, 6.
Batsoali, le ka etsisa Jehova joang ka ho bontša lerato ho litho tsa malapa a lōna? Hona mohlala oo le o behang kamanong ea lōna le le monna le mosali ke oa bohlokoa hakae?
Ruta Lerato ka ho Beha Mohlala
Haeba u monna, na u ananela mosali oa hao, u mo nka e le oa bohlokoa ka ho fetisisa ’me u mo bontša tlhompho le tlōtlo? Haeba u mosali, na u rata monna ua hao le ho mo tšehetsa? Bibele e bolela hore monna le mosali ba lokela ho ratana le ho hlomphana. (Baefese 5:28; Tite 2:4) Ha ba etsa joalo, bana ba bona ba tla bona ka ho toba hore na lerato la Bokreste ke eng. Ee e ka ba thuto e matla le ea bohlokoa hakaakang!
Batsoali ba boetse ba khothalletsa lerato ka lapeng ha ba sebelisa melao e phahameng ka lapeng linthong tse kang boithabiso, boitšoaro, lipakane le lintho tse tlang pele bophelong. Lefatšeng lohle, batho ba lemohile hore Bibele e ba thusa haholo ho beheng melao e joalo e tataisang malapa, ’me bona ka bobona ke bopaki ba hore ka sebele Bibele ‘e bululetsoe ke Molimo ’me e molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.’ (2 Timothea 3:16) Ka sebele, batho ba bangata ba nka melao ea boitšoaro le tataiso bophelong e fumanoang Thutong ea Thabeng feela, e le e phahameng ka ho fetisisa.—Matheu, khaolo ea 5 ho ea ho 7.
Ha lelapa lohle le batla tataiso ho Molimo ’me le sebelisa melao ea hae, e mong le e mong o ikutloa a sireletsehile haholoanyane ’me sena se ka etsa hore bana ba rate le ho hlompha batsoali ba bona haholoanyane. Ka lehlakoreng le leng, lelapeng le se nang molao, le behang melao e sa nepahalang kapa e sa tieang, bana ba ka ’na ba khena, ba halefa ’me ea e-ba marabele.—Baroma 2:21; Bakolose 3:21.
Ho thoe’ng ka batsoali ba se nang balekane? Na ho hang ba ke ke ba khona ho ruta bana ba bona ho bontša lerato? Che, hase hore ba ke ke ba khona. Le hoja ho le molemo ka ho fetisisa ho ba le ’mè le ntate ba sebelisanang hammoho, ha ho shejoa se ’nileng sa etsahala, ho bonahetse hore boleng ba likamano tsa lelapa bo ka koala sekheo sa motsoali ea leng sieo, ho isa bohōleng bo itseng. Haeba u motsoali ea se nang molekane, loanela ho sebelisa melao-motheo ea Bibele lapeng la hao. E, maele a mang a re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao”—ho kopanyelletsa le tsela ea botsoali.—Liproverbia 3:5, 6; Jakobo 1:5.
Bacha ba bangata ba molemo ba hōlisitsoe ke motsoali ea se nang molekane ’me hona joale ba sebeletsa Molimo ka botšepehi liphuthehong tse likete tsa Bakreste tsa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle. Bona ke bopaki ba hore le batsoali ba se nang balekane ba ka atleha ho ruta bana ba bona lerato.
Kamoo Bohle ba ka Etsang Hore ba be le Lerato Kateng
Bibele e ile ea bolela esale pele hore “matsatsing a ho qetela” “lerato la tlhaho” le tla haella, e leng, ho se be teng ha kamano e mofuthu ea tlhaho eo ka tloaelo litho tsa lelapa li bang le eona. (2 Timothea 3:1, 3) Leha ho le joalo, esita le bao mohlomong ba hōletseng moo ho neng ho se na boikutlo bo mofuthu ba ka ithuta ho ba le lerato. Joang? Ka ho ithuta ho Jehova, eena Mohloli oa lerato le ea bontšang lerato le boikutlo bo mofuthu ho bohle ba retelehelang ho eena ka lipelo tsohle. (1 Johanne 4:7, 8) Mopesaleme e mong o ile a re: “Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.”—Pesaleme ea 27:10.
Jehova o re bontša lerato ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng. Li akarelletsa keletso e kang ea ntate e fanoang ka Bibele, ka thuso ea moea o halalelang le ka ho tšehetsoa ka mofuthu ke mokhatlo oa Bokreste oa bara ba motho. (Pesaleme ea 119:97-105; Luka 11:13; Baheberu 10:24, 25) Nahana kamoo litsela tsena tse tharo li ka u thusang kateng hore u rate Molimo le moahelani haholoanyane.
Keletso e Bululetsoeng e Kang ea Ntate
E le hore re be le kamano e mofuthu le motho e mong, re lokela ho tseba motho eo hantle. Ka ho itšenola ka Bibeleng, Jehova o re mema hore re atamele ho eena. Leha ho le joalo, ho bala Bibele feela ha hoa lekana. Re lokela ho sebelisa seo e re rutang sona ’me re fumane melemo e tlisoang ke ho etsa joalo. (Pesaleme ea 19:7-10) Esaia 48:17 e re: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” E, Jehova, mothofatso oa lerato, o re ruta hore re itsoele molemo—eseng hobane a batla ho re tima bolokolohi ka ho re behela melao e sa hlokahaleng le litaelo.
Hape tsebo e nepahetseng ea Bibele e re thusa hore re rate batho ba bang haholoanyane. Lebaka ke hore ’nete ea Bibele e re ruta hore na Molimo o talima batho joang ’me e re bontša melao-motheo e lokelang ho laola tsela eo re tšoarang ba bang ka eona. Re e-na le boitsebiso bona, re na le lebaka le matla la hore re rate batho ba bang. Moapostola Pauluse o ile a re: “Sena ke seo ke tsoelang pele ho se rapella, hore lerato la lōna le ka ata ka ho eketsehileng ka tsebo e nepahetseng le temoho e feletseng.”—Bafilipi 1:9.
Ho bontša kamoo lerato le ka laoloang ka ho loketseng kateng ke “tsebo e nepahetseng,” nahana ka ’nete ea motheo e boletsoeng ho Liketso 10:34, 35, e reng: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” Haeba Molimo a ahlola batho ka liketso tsa bona tse lokileng le ka tšabo eo ba nang le eona ho eena, eseng ka bochaba ba bona kapa morabe, na ha rea lokela ho se bontše leeme joalo ho batho ba bang?—Liketso 17:26, 27; 1 Johanne 4:7-11, 20, 21.
Lerato—Tholoana ea Moea oa Molimo
Feela joalokaha pula e nang ka nako e loketseng serapeng sa lifate tsa litholoana e tlisa chai, moea oa Molimo o ka etsa hore batho ba lipelo li ntle ba be le litšoaneleho tseo Bibele e reng ke “litholoana tsa moea.” (Bagalata 5:22, 23) Tholoana e hlaheletseng ho tsona ke lerato. (1 Bakorinthe 13:13) Empa re ka fumana moea oa Molimo joang? Tsela ea bohlokoa ke ka thapelo. Haeba re rapella moea oa Molimo, o tla re fa oona. (Luka 11:9-13) Na u tsoela pele ho ‘’na u’ rapella moea o halalelang? Haeba u etsa joalo, litholoana tsa oona tsa bohlokoa, tse kopanyelletsang lerato, li lokela ho bonahala haholoanyane bophelong ba hao.
Leha ho le joalo, ho na le moea o mong o khahlanong le moea oa Molimo. Bibele e re ke “moea oa lefatše.” (1 Bakorinthe 2:12; Baefese 2:2) Ke tšusumetso e mpe, ’me e tsoa ho Satane Diabolose, “’musi oa lefatše lena” la batho ba ikarotseng ho Molimo. (Johanne 12:31) Joaloka moea o tsosang lerōle le o fefolang lithōle, “moea oa lefatše” o tsosa litakatso tse kotsi tse senyang lerato le tse khotsofatsang mefokolo ea nama.—Bagalata 5:19-21.
Batho ba kenoa ke moea ona o mobe ha ba lumella hore ba susumetsoe ke monahano oa ho rata lintho tse bonahalang, oa boithati, pefo, le pono e khopameng le e sothehileng ea lerato e atileng haholo lefatšeng. Haeba u batla hore lerato la hao la ’nete le eketsehe, u lokela ho loantša moea oa lefatše ka tieo. (Jakobo 4:7) Leha ho le joalo, u se ke ua tšepa matla a hao; kōpa thuso ea Jehova. Moea oa hae—e leng o matla ka ho fetisisa pōpong eohle—o ka u matlafatsa ’me oa etsa hore u atlehe.—Pesaleme ea 121:2.
Ithute Lerato Mokhatlong oa Bokreste oa Bara ba Motho
Feela joalokaha bana ba ithuta ho bontša lerato ka ho le bona ka lapeng, kaofela ha rōna—ba banyenyane le ba baholo—re ka eketsa lerato la rōna ka ho kopanela le Bakreste ba bang. (Johanne 13:34, 35) Ka sebele, o mong oa mesebetsi e ka sehloohong ea phutheho ea Bokreste ke ho etsa hore ho be le moea oa ho ‘susumelletsana leratong le mesebetsing e metle.’—Baheberu 10:24.
Lerato le joalo le ananeloa ka ho khetheha ke bao e ka ’nang eaba ba ‘sohlokehile ’me ba qhalakane’ lefatšeng lena le se nang lerato leo re phelang ho lona. (Matheu 9:36) Ho bonahetse hore ha motho a ka bontšoa lerato ha a se a hōlile, seo se ka mo thusa hore a hlōle mathata a bakiloeng ke ho hōla a sa bontšoe lerato. Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore Bakreste bohle ba inehetseng ba amohele ka liatla tse peli ba bacha ba qalang ho kopanela le bona!
“Lerato ha le Fele le ka Mohla”
Bibele e re “lerato ha le fele le ka mohla.” (1 Bakorinthe 13:8) Joang? Moapostola Pauluse o re: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. Lerato ha le boulele, ha le ithorise, ha le ikhohomose, ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe. Ha le boloke tlaleho ea bobe.” (1 Bakorinthe 13:4, 5) Ho hlakile hore lerato lena hase khopolo feela e inahaneloang kapa boikutlo bo sa tebang. Ho e-na le hoo—ba le bontšang ba ela hloko hape baa tseba hore bophelo bo re hlahisetsa lintho tse re soetsang le tse re utloisang bohloko, empa ha ba lumelle hore lintho tsena li etse hore ba se ke ba rata batho ba bang. Ka sebele lerato le joalo ke “tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—Bakolose 3:12-14.
Nahana ka mohlala oa ngoananyana oa Mokreste ea lilemo li 17 oa Korea. Ha a qala ho sebeletsa Jehova Molimo, lelapa labo le ile la mo hanyetsa ’me o ile a lokela ho tloha habo. Leha ho le joalo, ho e-na le ho halefa, o ile a rapella taba ena, a lumella hore Lentsoe la Molimo le moea oa Hae li tataise tsela eo a nahanang ka eona. Ka mor’a moo, o ile a ngolla lelapa labo khafetsa, ’me seo a neng a ngola ka sona haholo ke hore o ne a e-na le boikutlo bo tiileng bo mofuthu ka bona. Ka lebaka la sena, baholoane ba hae ba babeli ba ile ba qala ho ithuta Bibele ’me hona joale ke Bakreste ba inehetseng. ’Mè oa hae le moena oa hae le bona ba ile ba amohela ’nete ea Bibele. Qetellong, ntat’ae, ea neng a ’nile a mo hanyetsa ka matla, o ile a fetola maikutlo. Ngoanana enoa oa Paki oa ngola, o re: “Kaofela re nyalane le Bakreste, ’me hona joale lelapeng leso ho na le barapeli ba kopaneng ba 23.” Lerato le ile la hlōla ka ho babatsehang hakaakang!
Na u batla ho ba le lerato la ’nete le ho thusa ba bang hore ba be le lona? Haeba ho joalo, retelehela ho Jehova, Mohloli oa tšoaneleho ena e babatsehang. E, tebisetsa Lentsoe la hae pelong, rapella moea o halalelang ’me u kopanele kamehla le mokhatlo oa Bokreste oa bara ba motho. (Esaia 11:9; Matheu 5:5) Ho thoba pelo hakaakang ho tseba hore haufinyane bohle ba khopo ba tla fela, ’me ho sale feela ba bontšang lerato la ’nete la Bokreste! Ka sebele, lerato ke senotlolo sa thabo le bophelo.—Pesaleme ea 37:10, 11; 1 Johanne 3:14.
[Litšoantšo tse leqepheng la 6]
Thapelo le ho ithuta Lentsoe la Molimo li tla re thusa ho ba le lerato la ’nete