Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 9/1 maq. 2-4
  • Na ho na le ‘Kereke e le ’Ngoe Feela ea ’Nete’?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho na le ‘Kereke e le ’Ngoe Feela ea ’Nete’?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ha e le Hantle Hase Likereke”
  • Na Hoa Tsotelleha Hore na U Kena Kereke Efe?
  • Na Bonngoe ba Bokreste ke Ntho e ka Finyelloang?
    Tsoha!—1991
  • Litebello Tsa Kamoso bakeng sa Boprotestante—Le Uena!
    Tsoha!—1987
  • Ke Hobane’ng ha li Kōpa Tšoarelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Ke Hobane’ng ha Kereke e Lahleheloa ke Tšusumetso?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 9/1 maq. 2-4

Na ho na le ‘Kereke e le ’Ngoe Feela ea ’Nete’?

“FEELA joalokaha ho na le Kreste a le mong, kahoo ho na le ’mele o le mong oa Kreste, Monyaluoa a le mong oa Kreste: ‘Kereke e le ’ngoe ea K’hatholike le ea baapostola.’”—Dominus Iesus.

Ke kamoo mok’hadinale oa Roma e K’hatholike, Joseph Ratzinger, a ileng a bolela thuto ea kereke ea hae kateng ea hore ho lokela ho be ho e-na le kereke e le ’ngoe feela ea ’nete. O itse kereke eo, ke “Kereke e le ’ngoe ea Kreste, e leng Kereke ea K’hatholike.”

“Ha e le Hantle Hase Likereke”

Le hoja Mopapa John Paul II a ile a tsitlella hore tokomane ea Dominus Iesus “ha e na moea oa boiphahamiso kapa ho se hlomphe malumeli a mang,” e ile ea halefisa baeta-pele ba likereke tsa Boprostanta hampe. Ka mohlala, Sebokeng se Akaretsang sa Presbitheri se neng se tšoaretsoe Belfast, Ireland Leboea, ka June 2001, moruti e mong o ile a re, tokomane eo e ngotsoe ke “sehlotšoana se matla Kerekeng ea Roma e K’hatholike . . . se ileng sa tšosoa ke boikutlo bo qaliloeng ke Vatican II ba ho amohela likhopolo tse ncha.”

Robin Eames, Mobishopo Kerekeng ea Ireland eo e leng Moeta-pele sechabeng o ile a re o ne a ka “nyahama habohloko” haeba tokomane eo e ne e le “e neng e etsa hore ho khutleloe monahanong oa pele ho Vatican II.” Ha Eames a hlalosa maikutlo a hae mabapi le polelo ea Vatican ea hore likereke tse qhelelang ka thōko lithuto tse itseng tsa bolumeli ba K’hatholike “ha e le hantle hase Likereke,” o ile a re: “Ho ’na hoo ho tšoana le tlhapa.”

Ke eng e entseng hore ho ngoloe Dominus Iesus? Ho bonahala hore Lekhotla le Busang la Roma e K’hatholike le ile la ferekanngoa ke pono ea hore ’nete ea bolumeli e itšetlehile ka motho ka mong. Ho latela The Irish Times, “ho bitoha ha thuto ea hore malumeli ’ohle aa tšoana—e leng hore malumeli ’ohle a lokile . . . ho ile ha ferekanya Mok’hadinale Ratzinger haholo.” Ho bonahala pono ena e ile ea mo bula molomo hore a ntše maikutlo a hae ka kereke e le ’ngoe ea ’nete.

Na Hoa Tsotelleha Hore na U Kena Kereke Efe?

Ke ’nete hore ho ba bang, “pono ea hore ’nete ea bolumeli e itšetlehile ka motho ka mong” kapa ea hore “malumeli ’ohle aa tšoana” e utloahala e hlakile ebile e rateha ho feta tlhahiso leha e le efe ea hore ho lokela ho be ho e-na le kereke e le ’ngoe feela ea ’nete. Ho bona, bolumeli e lokela ho ba khetho ea motho ka mong feela. Ba re: ‘Qetellong, ha e le hantle ha ho tsotellehe hore na u kena kereke efe.’

Ena e ka bonahala e le pono ea ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe haholoanyane—leha phello e ’ngoe ea eona e bile hore malumeli a tsekolloe ho fihlela ho e-na le a mangata-ngata a sa tšoaneng. Ba bangata ba re, ‘phapang e joalo ea bolumeli ke pontšo feela e lokileng ea tokoloho ea motho.’ Leha ho le joalo, ho latela mongoli Steve Bruce, “ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe bolumeling” ka tsela eo, ha e le hantle ke “ho iphapanyetsa bolumeli.”—A House Divided: Protestantism, Schism, and Secularization.

Joale, pono e nepahetseng ke efe? Na ho na le kereke e le ’ngoe feela ea ’nete? Na ke Kereke ea Roma e K’hatholike feela? Na likereke tse ling Molimo o li amohela ka tsela e tšoanang? Kaha lipotso tsena li ama kamano ea rōna le ’Mōpi oa rōna, ka sebele ke habohlokoa ho tseba kamoo a talimang taba ena kateng. Seo re ka se etsa joang? Ka ho hlahloba Lentsoe le bululetsoeng la Molimo, e leng Bibele. (Liketso 17:11; 2 Timothea 3:16, 17) A re hlahlobeng hore na le re’ng tabeng ena e amanang le kereke e le ’ngoe ea ’nete.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

COVER: Mark Gibson/Index Stock Photography

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela