Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 9/15 maq. 8-9
  • Pele le ka Morao—Kamoo Bibele e Fetotseng Monna Enoa Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pele le ka Morao—Kamoo Bibele e Fetotseng Monna Enoa Kateng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Lentsoe la Molimo Lea Phela’
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • ‘Lentsoe la Molimo Lea Phela ’me le Fana ka Matla’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Bophelo bo Senyehile, Bophelo bo Lahlehile
    Tsoha!—1999
  • “Atamelang ho Molimo”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 9/15 maq. 8-9

“Atamelang ho Molimo, ’me o Tla Atamela ho Lōna”

Pele le ka Morao—Kamoo Bibele e Fetotseng Monna Enoa Kateng

ROLF-MICHAEL o ne a phelela ’mino. O ne a lemaletse lithethefatsi. Ha a ntse a hōla Jeremane, o ne a noa joala haholo a bile a itšebelisetsa LSD, k’hok’heine, hashish le lithethefatsi tse ling tse fetolang kelello a sa tšabe letho.

Ha a ntse a leka ho mokola lithethefatsi naheng e ’ngoe ea Afrika, Rolf-Michael o ile a tšoaroa ’me a qeta likhoeli tse 13 chankaneng. Nako eo a e qetileng chankaneng e ile ea mo thusa hore a nahane ka morero oa sebele oa bophelo.

Rolf-Michael le mosali oa hae Ursula, ba feletsoe ke tšepo, ba ile ba batla morero oa bophelo le ’nete. Ho sa tsotellehe ho soetsoa ke likereke tseo ho thoe’ng ke tsa Bokreste, ba ne ba e-na le takatso e matla ea ho batla ho tseba Molimo. Ba ne ba e-na le lipotso empa ha ba aa ka ba fumana likarabo tse khotsofatsang malumeling a fapa-fapaneng. Ho feta moo, malumeli ana ha aa ka a ba susumetsa ka matla hore ba fetole bophelo ba bona.

Qetellong Rolf-Michael le Ursula ba ile ba kopana le Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a ho qala ho ithuta Bibele, Rolf-Michael o ile a angoa maikutlo ka ho tebileng ke keletso ena: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) O ne a ikemiselitse ho ‘lahla botho ba khale bo lumellanang le tsela ea hae ea pele ea boitšoaro le ho apara botho bo bocha, bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.’—Baefese 4:22-24.

Rolf-Michael o ne a ka apara botho bo bocha joang? O ile a bontšoa ka Bibeleng hore “ka tsebo e nepahetseng” botho bo ka “nchafatsoa ho ea ka setšoantšo sa Ea bo bōpileng,” e leng Jehova Molimo.—Bakolose 3:9-11.

Ha a ntse a tsoela pele ho rua tsebo e nepahetseng, Rolf-Michael o ile a batla tsela ea ho lumellanya bophelo ba hae le melao-motheo ea Lentsoe la Molimo. (Johanne 17:3) Ho ne ho le thata ho khaotsa ho sebelisa lithethefatsi, empa Rolf-Michael o ile a bona bohlokoa ba ho atamela Jehova ka thapelo le ho bona thuso ea hae. (1 Johanne 5:14, 15) O ile a boela a fumana thuso ka ho tloaelana le bao e neng e se e ntse e le Lipaki Tsa Jehova, tse sebetsang ka thata ho etsa thato ea Molimo.

Ho tseba hore lefatše lea feta le hore ba etsang thato ea Molimo ba tla hlola ka ho sa feleng ho ile ha boela ha thusa Rolf-Michael. Ho ile ha mo nolofalletsa ho khetha tlhohonolofatso ea ka ho sa feleng ea ho ba le kamano e haufi le Jehova, Molimo ea lerato, ho e-na le ho khetha ho rata lefatše le fetang. (1 Johanne 2:15-17) Rolf-Michael o ile a angoa maikutlo ka ho tebileng ke mantsoe a Liproverbia 27:11 a reng: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.” O bua a tletse kananelo o re: “Temana ena e bontša botebo ba lerato la Jehova, kaha o fa batho monyetla oa ho thabisa pelo ea hae.”

Batho ba bangata ho tšoana le Rolf-Michael, mosali oa hae le bana ba bona ba bararo, le bona ba ruile molemo ka ho latela melao-motheo ea Bibele. Batho ba joalo ba teng ka har’a liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Ka bomalimabe, linaheng tse ling Lipaki li qosoa ka bohata ka hore ke sehlopha sa bokhelohi se kotsi se qhalang malapa. Se etsahaletseng Rolf-Michael se shanofatsa taba eo.—Baheberu 4:12.

Rolf-Michael o re Matheu 6:33, e re khothalletsang ho etelletsa lintho tsa moea pele, e ‘tataisa lelapa la hae’, e ba bontša tsela e loketseng. Eena le lelapa la hae ba leboha Jehova ka ho tebileng ka bophelo bo thabileng ba lelapa boo ba bo thabelang e le Bakreste. Ba lumellana le mantsoe a mopesaleme ea ileng a bina a re: “Ke tla buseletsa eng ho Jehova bakeng sa melemo eohle ea hae ho ’na?”—Pesaleme ea 116:12.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

Molimo o fa batho monyetla oa ho thabisa pelo ea hae

[Lebokose le leqepheng la 9]

Melao-motheo ea Bibele ea Sebetsa

Melao-motheo e meng ea Bibele e susumelitseng ba bangata ho tlohela temalo e bolaeang ke ena:

“Lōna ba ratang Jehova, hloeang se sebe.” (Pesaleme ea 97:10) Ha motho a qeta ho kholisoa hore mekhoa ea hae e bolaeang e mebe ’me a hlaoletse ho e hloea ka ho tebileng, o fumana ho le bonolo ho etsa se thabisang Molimo.

“Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Hore motho a hane lithethefatsi le lintho tse ling tse bakang bokhoba, o lokela ho khetha metsoalle ea hae ka hloko. Ho ba le botsoalle le Bakreste ba tla mo tšehetsa qetong ea hae ho bohlokoa e le kannete.

“Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:6, 7) Ha ho letho le ka bapisoang le khotso e joalo ea pelo le kelello. Ebile ho itšetleha ka Molimo ka thapelo ho ka thusa motho ho tobana ka katleho le mathata a bophelo ntle le ho retelehela lithethefatsing tse etsang motho lekhoba.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela