Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 12/15 maq. 8-13
  • “Atamelang ho Molimo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Atamelang ho Molimo”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Le ’ne le ‘Tsoele Pele le Rua Tsebo’ ka Molimo
  • Bontša Hore U Rata Jehova
  • Iketsetse Setsoalle ka Thapelo
  • Kamoo U ka Atamelang Haufi le Molimo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • “O Tla Atamela ho Lōna”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • “Atamelang ho Molimo ’me o Tla Atamela ho Lona”
    Atamela ho Jehova
  • Kamano ea Hao le Jehova ke ea Sebele Hakae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 12/15 maq. 8-13

“Atamelang ho Molimo”

“Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—JAKOBO 4:8.

1, 2. (a) Ho tloaelehile hore batho ba re’ng? (b) Ke keletso efe eo Jakobo a faneng ka eona, ’me ke hobane’ng ha e ne e hlokahala?

“MOLIMO o na le rōna.” Mantsoe ao a khabisitse liemahale tsa sechaba esita le lijunifomo tsa masole. Mantsoe a reng “Re tšepile Molimo” a ngotsoe licheleteng tsa kajeno tse ngata haholo tsa tšepe le tsa pampiri. Ho tloaelehile hore batho ba bolele hore ba na le kamano e haufi le Molimo. Leha ho le joalo, na ha u lumele hore ho ba le kamano e joalo ho feta ho e bolela kapa ho e ngola?

2 Bibele e bontša hore ke ntho e ka etsahalang ho ba le kamano le Molimo. Leha ho le joalo, ho hlokahala boiteko. Ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba lekholong la pele la lilemo ba matlafatse kamano ea bona le Jehova Molimo. Molebeli oa Mokreste Jakobo o ile a tlameha ho lemosa ba bang ka tloaelo ea bona ea nama le ho silafala moeeng. Keletsong eo o ile a fana ka keletso ena e matla e reng: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:1-12) Jakobo o ne a bolela’ng ha a re “atamelang”?

3, 4. (a) Ho ka etsahala hore ebe babali ba lekholong la pele la lilemo ba Jakobo ba ile ba hopotsoa’ng ka poleloana e reng “atamelang ho Molimo”? (b) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore re ka atamela ho Molimo?

3 Jakobo o ile a bua ntho e neng e ka utloisisoa ke babali ba bangata ba mehleng ea hae. Molao oa Moshe o ile oa fa baprista litaelo tse tobileng tsa kamoo ba neng ba lokela ho “tla,” kapa ho atamela Jehova molemong oa batho ba hae. (Exoda 19:22) Ka hona e tlameha ebe babali ba Jakobo ba ne ba hopolitsoe hore ho atamela Jehova ha hoa lokela ho nkoa habobebe. Jehova o phahame ka ho fetisisa bokahohleng.

4 Ka lehlakoreng le leng, setsebi se seng sa Bibele se re “khothatso ena [e ho Jakobo 4:8] e bontša tšepo e matla.” Jakobo o ne a tseba hore kamehla Jehova o mema ka lerato batho ba sa phethahalang hore ba atamele ho Eena. (2 Likronike 15:2) Sehlabelo sa Jesu se ile sa fana ka monyetla oa ho atamela Jehova ka botlalo. (Baefese 3:11, 12) Kajeno, ba bangata ba filoe monyetla oa ho atamela Molimo! Leha ho le joalo, re ka etsa’ng ho sebelisa monyetla oo o babatsehang? Ka bokhutšoanyane re tla hlahloba litsela tse tharo tseo ka tsona re ka atamelang ho Jehova Molimo.

Le ’ne le ‘Tsoele Pele le Rua Tsebo’ ka Molimo

5, 6. Mohlala oa Samuele e monyenyane o bontša se amehang tabeng ea ‘ho tsoela pele ho rua tsebo’ ka Molimo joang?

5 Ho ea ka Johanne 17:3, Jesu o itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” Libibele tse ngata li fetolela temana ena ka tsela e sa tšoaneng le ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Ho e-na le hore li re “ho tsoela pele ba rua tsebo” ka Molimo, tsona li fetolela leetsi lena e le “ho tseba” Molimo. Leha ho le joalo, litsebi tse ngata li bolela hore moelelo oa lentsoe le sebelisitsoeng Segerikeng sa pele o tebile ho feta moo—ke mohato o sa khaotseng o bileng o ka qetellang ka setsoalle se haufi-ufi.

6 Ho tseba Molimo haufi-ufi e ne e se ntho e ncha mehleng ea Jesu. Ka mohlala, Mangolong a Seheberu, re bala hore ha Samuele e sa le moshanyana, “o ne a e-s’o tsebe Jehova.” (1 Samuele 3:7) Na see se bolela hore Samuele o ne a sa tsebe hakaalo ka Molimo oa hae? Che. Ha ho pelaelo hore batsoali ba hae le baprista ba ne ba mo rutile lintho tse ngata. Leha ho le joalo, ho latela setsebi se seng, lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng temaneng ena le ka “sebelisetsoa setsoalle se haufi-ufi.” Samuele o ne a e-s’o tsebe Jehova haufi-ufi joaloka nakong ea ha a se a sebeletsa e le ’muelli oa Jehova. Ha Samuele a ntse a hōla, o ile a tseba Jehova e le kannete, a ba le kamano e haufi le eena.—1 Samuele 3:19, 20.

7, 8.(a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho khathatsoa matla ke lithuto tse tebileng tsa Bibele? (b) Ke linnete life tse ling tsa Lentsoe la Molimo tse tebileng tseo re lokelang ho ithuta tsona?

7 Na u tsoela pele u rua tsebo ka Jehova e le hore e be motsoalle oa hao ea haufi? E le hore u ka etsa joalo ho hlokahala hore u “hlaolele tabatabelo” ea lijo tsa moea tse fanoang ke Molimo. (1 Petrose 2:2) U se ke ua khotsofalla ho fumana lithuto tsa motheo feela. Etsa boiteko ba ho ithuta lithuto tse ling tsa Bibele tse tebileng. (Baheberu 5:12-14) Na u khathatsoa matla ke lithuto tse joalo, u nka hore li thata? Haeba ho joalo, hopola hore Jehova ke ‘Morupeli e Moholo.’ (Esaia 30:20) O tseba ho fetisetsa linnete tse tebileng likelellong tse sa phethahalang tsa batho. ’Me a ka hlohonolofatsa boiteko ba hao bo tiileng ba ho utloisisa seo a u rutang sona.—Pesaleme ea 25:4.

8 Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe maikutlo a hao mabapi le “lintho tse tebileng tsa Molimo”? (1 Bakorinthe 2:10) Tsena hase litaba tse tenang tse kang tseo baruti ba phehisanang khang ka tsona. Ke lithuto tse nang le molemo tse ka re rutang lintho tsa bohlokoa mabapi le kelello le pelo ea Ntate oa rōna ea lerato. Ka mohlala, thekollo, ‘sephiri se halalelang’ le lilekane tse fapaneng tseo Jehova a li sebelisitseng ho hlohonolofatsa batho ba hae le ho phetha merero ea hae—ke litaba tse thabisang le tse putsang ha motho a etsa lipatlisiso le ho ithuta ka tsona.—1 Bakorinthe 2:7.

9, 10.(a) Ke hobane’ng ha boikhohomoso bo le kotsi, ’me re tla thusoa ke’ng ho bo qoba? (b) Tabeng ea tsebo ka Jehova, ke hobane’ng ha re lokela ho ikokobetsa?

9 Ha u ntse u hōla tsebong ea linnete tse tebileng tsa moea, hlokomela kotsi e ka bakoang ke tsebo—e leng boikhohomoso. (1 Bakorinthe 8:1) Boikhohomoso bo kotsi, kaha bo arola batho ho Molimo. (Liproverbia 16:5; Jakobo 4:6) Hopola hore ha ho motho ea lokelang ho ikhohomosa ka lebaka la tsebo eo a nang le eona. Ka mohlala, nahana ka mantsoe a kenyelletso ea buka e babatsang khatelo-pele eo batho ba e entseng saenseng morao tjena: “Ha re ntse re ithuta haholo, re fumana hore tsebo ea rōna ea fokola. . . . Sohle seo re ithutileng sona hase letho ha se bapisoa le seo e leng hona re tla ithuta sona.” Boikokobetso bo joalo boa babatseha. Joale, ha re tla tsebong ea bohlokoahali—e leng tsebo ka Jehova Molimo—re na le lebaka le leholo le ho feta la hore re ikokobetse kamehla. Hobane’ng?

10 Hlokomela tse ling tsa lintho tseo Bibele e li buang ka Jehova. “Menahano ea hao e tebile haholo.” (Pesaleme ea 92:5) “Kutloisiso ea [Jehova] e ke ke ea lokolisoa.” (Pesaleme ea 147:5) “Kutloisiso ea [Jehova] e ke ke ea batlisisoa.” (Esaia 40:28) “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo!” (Baroma 11:33) Ho hlakile hore le ka mohla re ke ke ra tseba sohle ka Jehova. (Moeklesia 3:11) O re rutile lintho tse ngata tse babatsehang, leha ho le joalo, kamehla ho ntse ho e-na le tsebo e pharaletseng eo re ka ithutang ho eona. Na re fumana see se thabisa ebile se etsa hore re ikokobetse? Ka hona, ha re ntse re ithuta, e se eka re ka sebelisa tsebo ea rōna ho re thusa hore re atamele ho Jehova le ho thusa ba bang hore ba etse joalo—le ka mohla re se ke ra e sebelisetsa ho iphahamisetsa ba bang.—Matheu 23:12; Luka 9:48.

Bontša Hore U Rata Jehova

11, 12. (a) Tsebo eo re tsoelang pele ho e rua ka Jehova e lokela ho re ama joang? (b) Ke’ng se rerang hore na lerato la motho ho Molimo ke la sebele?

11 Ka ho loketseng, moapostola Pauluse o ile a hokahanya tsebo le lerato. O ile a ngola a re: “Sena ke seo ke tsoelang pele ho se rapella, hore lerato la lōna le ka ata ka ho eketsehileng ka tsebo e nepahetseng le temoho e feletseng.” (Bafilipi 1:9) Ho e-na le ho etsa hore re ikhohomose ka boikakaso, linnete tsohle tsa bohlokoa tseo re ithutang tsona ka Jehova le ka merero ea hae li lokela ho eketsa lerato la rōna ho Ntate oa rōna oa leholimo.

12 Ha e le hantle, ba bangata ba bolelang hore ba rata Molimo, ha ba mo rate e le kannete. Ho ka etsahala hore ebe ka botšepehi lipelo tsa bona lia ba susumetsa. Maikutlo a joalo a matle e bile aa babatseha, hafeela a lumellana le tsebo e nepahetseng. Empa ha e le ’ona feela ha aa lekana ho bontša lerato la ’nete ho Molimo. Hobane’ng? Hlokomela kamoo Lentsoe la Molimo le hlalosang lerato la ’nete kateng: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae.” (1 Johanne 5:3) Kahoo, ho rata Jehova ke ha sebele hafeela ho tsamaea le liketso tse bontšang kutlo.

13. Ho tšaba Molimo ho tla re thusa joang ho bontša hore re rata Jehova?

13 Ho tšaba Molimo ho tla re thusa hore re mamele Jehova. Tšabo ena e matla le tlhompho e tebileng bakeng sa Jehova e tlisoa ke ho tsoela pele re rua tsebo ka eena, re ithuta ka khalalelo ea hae, khanya ea hae, matla a hae, toka ea hae, bohlale ba hae le lerato la hae, tse se nang moeli. Tšabo e joalo ke ea bohlokoa hore re atamele ho eena. Ha e le hantle, hlokomela seo Pesaleme ea 25:14 e se bolelang: “Kamano e haufi-ufi le Jehova ke ea ba mo tšabang.” Kahoo, haeba re e-na le tšabo e molemo ea hore re se ke ra halefisa Ntate oa rōna oa leholimo, re ka atamela ho eena. Ho tšaba Molimo ho tla re thusa hore re ele hloko keletso e tlalehiloeng ho Liproverbia 3:6: “U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” See se bolela’ng?

14, 15. (a) Tse ling tsa liqeto tseo re lokelang ho li etsa letsatsi le leng le le leng ke life? (b) Re ka etsa liqeto joang ka tsela e bontšang hore re tšaba Molimo?

14 U tlameha ho etsa liqeto letsatsi le leng le le leng, tse khōlō le tse nyenyane. Ka mohlala, u qoqa ka’ng le basebetsi-’moho le uena, le bao u kenang sekolo le bona hammoho le baahelani? (Luka 6:45) Na u tla sebetsa ka thata mesebetsing eo u lokelang ho e etsa, kapa u tla etsa hlaahlaafethe mosebetsi ha o etsetsoe makhethe? (Bakolose 3:23) Na u tla khema le batho ba sa tsotelleng Jehova kapa ba sa mo rateng, kapa u tla rata ho matlafatsa kamano ea hao le batho ba sekametseng linthong tsa moea? (Liproverbia 13:20) U tla etsa’ng, le linthong tse nyenyane, ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso oa Molimo? (Matheu 6:33) Haeba u sebelisa melao-motheo ea Mangolo e kang e boletsoeng mona ha u etsa liqeto letsatsi le leng le le leng, ka sebele u tla be u ela Jehova hloko “litseleng tsohle tsa hao.”

15 Ha e le hantle, qetong e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang, u lokela ho ipotsa: ‘Jehova o batla ha ke etsa’ng? O tla thabisoa ke ha ke etsa’ng?’ (Liproverbia 27:11) Ho bontša hore re tšaba Molimo ka tsela ena ke tsela e molemo ea ho bontša hore re rata Jehova. Ho tšaba Molimo ho tla boela ho re susumetse hore re lule re hloekile—moeeng, boitšoarong le ’meleng. Hopola hore temaneng eona eo ho eona Jakobo a khothalletsang Bakreste hore ba ‘atamele ho Molimo,’ o boetse oa khothatsa o re: “Hloekisang matsoho a lōna, lōna baetsalibe, ’me le hloekise lipelo tsa lōna, lōna ba hlōlehang ho etsa qeto.”—Jakobo 4:8.

16. Ha re fa Jehova, ke’ng seo re ke keng ra se phetha, leha ho le joalo, ke’ng seo re ka atlehang ho se etsa kamehla?

16 Ha e le hantle, ho bontša hore re rata Jehova hase feela ho qoba bobe. Lerato le boetse le re susumelletsa ho etsa se nepahetseng. Ka mohlala, re ikutloa joang ka lintho tse ngata tseo Jehova a re fileng tsona? Jakobo o ile a ngola a re: “Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo, kaha e theoha ho Ntate oa maseli a leholimo.” (Jakobo 1:17) Ke ’nete hore ha re fa Jehova matlotlo a rōna ha re mo ruise kaha o se a ntse a e-na le lintho tsohle. (Pesaleme ea 50:12) ’Me ha re fa Jehova nako ea rōna le matla a rōna, ha re mo etsetse seo a ke keng a se khona. Esita leha re ne re ka hana ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, o ne a ka etsa hore majoe a bue! Joale ke hobane’ng ha re fa Jehova matlotlo a rōna, nako ea rōna le matla a rōna? Lebaka le ka sehloohong ke hore ka ho etsa joalo re bontša hore re mo rata ka pelo eohle, moea oohle, kelello eohle le matla ’ohle.—Mareka 12:29, 30.

17. Ke’ng se ka re susumetsang hore re fe Jehova re nyakaletse?

17 Ha re fa Jehova, re lokela ho mo fa ka thabo, “kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” (2 Bakorinthe 9:7) Molao-motheo o tlalehiloeng ho Deuteronoma 16:17 o ka re thusa hore re fane re nyakaletse: “Mpho ea letsoho la e mong le e mong e lokela ho lekana le tlhohonolofatso eo Jehova Molimo oa hao a u fileng eona.” Ha re nahana hore na Jehova o bile seatla se bulehileng hakaakang ho rōna, re ikutloa re rata ho mo fa re nyakaletse. Ho fana ho joalo hoa mo thabisa, feela joalokaha mpho e nyenyane ea ngoana ea ratoang e thabisa motsoali. Ha re bontša lerato la rōna ka tsela ena, re tla atamela ho Jehova.

Iketsetse Setsoalle ka Thapelo

18. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho nahana hore na re ka ntlafatsa lithapelo tsa rōna joang?

18 Ha re rapela boinotšing re fumana monyetla oa bohlokoa oa ho buisana le Ntate oa rōna oa leholimo re mo phetlela sefuba. (Bafilipi 4:6) Kaha thapelo ke mokhoa oa bohlokoa oa ho atamela Molimo, ke habohlokoa ho imamela le ho nahana hore na lithapelo tsa rōna ke tsa mofuta ofe. Ha lia lokela ho etsoa ka bokheleke empa li lokela ho etsoa ka botšepehi ho tloha pelong. Re ka ntlafatsa lithapelo tsa rōna joang?

19, 20. Ke hobane’ng ha re lokela ho thuisa pele re rapela, ’me ke lintho life tse loketseng tseo re ka thuisang ka tsona?

19 Re ka ’na ra leka ho thuisa pele re rapela. Haeba re thuisa esale pele, lithapelo tsa rōna e ka ba tse tobileng le tse utloahalang, ka hona re ka qoba ho ’na re pheta-pheta lipolelo tse tloaelehileng. (Liproverbia 15:28, 29) Mohlomong ho ka thusa ho nahanisisa ka litaba tsa sehlooho tseo Jesu a buileng ka tsona thapelong ea hae ea mohlala ebe re nahana hore na li amana joang le maemo a rōna. (Matheu 6:9-13) Ka mohlala, re ka ipotsa hore na re ka etsa eng e fokolang ho phetha thato ea Jehova mona lefatšeng. Na re ka bolella Jehova takatso ea rōna ea hore a re sebelise ka hohle kamoo a ratang kateng ’me re kōpe hore a re thuse ho phetha kabelo efe kapa efe eo a re fileng eona? Na re imetsoe ke ho ngongoreha ka lintho tseo re li hlokang? Ho hlokahala hore re tšoareloe libe life, hona ke bo-mang bao ho hlokahalang hore re ba tšoarele haholoanyane? Re khathatsoa ke liteko life, ’me na rea elelloa hore ho potlakile hore re fumane tšireletso ea Jehova ho tsona?

20 Ntle ho moo, re ka nahana ka batho bao re ba tsebang ba nang le mathata a itseng ba hlokang thuso ea Jehova ka ho khethehileng. (2 Bakorinthe 1:11) Leha ho le joalo, ha rea lokela ho lebala ho leboha. Ka sebele haeba re ipha nako ea ho nahana ka sena, re tla ba le mabaka a ho leboha Jehova le ho mo rorisa letsatsi le leng le le leng ka lebaka la molemo oa hae o moholo. (Deuteronoma 8:10; Luka 10:21) Ho etsa sena ho na le molemo o mong—ho ka re thusa hore re be le pono e nepahetseng le e bontšang kananelo bophelong.

21. Re ka ithuta mehlala efe ea Mangolo e ka re thusang ha re rapela Jehova?

21 Ho ithuta le hona ho ka ntlafatsa lithapelo tsa rōna. Ka Lentsoeng la Molimo ho tlalehiloe lithapelo tseo re ka li etsisang tsa banna le basali ba tšepahalang. Ka mohlala, haeba re tobane le bothata bo boholo bo re tšoenyang le bo re tšosang hore na ho tla etsahala eng ka rōna kapa ka baratuoa ba rōna, re ka ’na ra bala thapelo eo Jakobo a ileng a e etsa pele a kopana le mor’abo ea tletseng boiphetetso, Esau. (Genese 32:9-12) Kapa re ka ithuta thapelo e ileng ea etsoa ke Morena Asa ha lebotho la Baethiopia ba ka bang milione le ne le sokela batho ba Molimo. (2 Likronike 14:11, 12) Haeba re tšoenngoa ke bothata bo ka ’nang ba tlisetsa lebitso la Jehova thohako, joale re ka ’na ra nahana ka thapelo ea Elia ka pel’a barapeli ba Baale Thabeng ea Karmele, joalokaha re ka nahana ka thapelo ea Nehemia mabapi le boemo bo utloisang bohloko ba Jerusalema. (1 Marena 18:36, 37; Nehemia 1:4-11) Ho bala le ho thuisa ka lithapelo tse joalo ho ka matlafatsa tumelo ea rōna ha ba ha re hlomella hore na re ka rapela Jehova joang ka mathata a re imelang.

22. Temana ea selemo ea 2003 e re’ng, ’me selemong see kaofela re ka ipotsa’ng?

22 Ka sebele, ha ho ntho e hlomphehang, kapa pakane e molemo ho feta ea ho ela hloko keletso ea Jakobo ea hore re ‘atamele ho Molimo.’ (Jakobo 4:8) E se eka re ka etsa joalo ka ho tsoela pele tsebong ea rōna ka Molimo, ka ho batla ho bontša hore re mo rata ka ho eketsehileng le ka ho ntlafatsa katamelano ea rōna le eena lithapelong tsa rōna. Selemong sa 2003, ha re ntse re hopotse Jakobo 4:8 joalokaha e le temana ea selemo, a re tsoeleng pele ho itlhahloba hore na ka sebele re atamela ho Jehova. Re re’ng ka mantsoe a qetellang a temana ee? Jehova “o tla atamela ho lōna” joang, ’me a tlise melemo efe? Sehlooho se latelang se tla tšohla taba ena.

Na Ua Hopola?

• Ke hobane’ng ha ho atamela ho Jehova e le ntho eo re ka e nkang ka botebo?

• Ke lipakane life tseo re ka ipehelang tsona mabapi le ho tsoela pele re rua tsebo ka Jehova?

• Re ka bontša joang hore re rata Jehova e le kannete?

• Re ka iketsetsa setsoalle se seholoanyane le Jehova ka thapelo joang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

Temana ea selemo ea 2003 e tla ba: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—Jakobo 4:8.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ha Samuele a ntse a hōla, o ile a tseba Jehova haufi-ufi

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Thapelo eo Elia a ileng a e etsa Thabeng ea Karmele ke mohlala o motle ho rōna

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela