“O Tla Atamela ho Lōna”
“[Molimo ha a] hōle le e mong le e mong oa rōna.”—LIKETSO 17:27.
1, 2. (a) Ha re lahlela mahlo leholimong le tletseng linaleli, re ka ’na ra ipotsa potso efe ka ’Mōpi? (b) Bibele e re tiisetsa joang hore batho ke ba bohlokoa mahlong a Jehova?
NA U kile ua lahlela mahlo leholimong le tletseng linaleli bosiung bo elileng ’me ua hlolloa haholo? Boieane ba linaleli le bophara ba sepakapaka li etsa hore u hlolloe. Bokahohleng bona bo boholo, lefatše ke lethebanyana feela. Na see se bolela hore ’Mōpi “Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle,” o phahame haholo hoo a ke keng a ameha ka batho kapa o hōle haholo ’me ba ke ke ba mo batla e le hore ba mo tsebe?—Pesaleme ea 83:18.
2 Bibele e re tiisetsa hore batho ke ba bohlokoa mahlong a Jehova. Ha e le hantle Lentsoe la Molimo le re khothalletsa hore re mo batle, le re: ‘Ha a hōle le e mong le e mong oa rōna.’ (Liketso 17:27; 1 Likronike 28:9) Ka sebele, haeba re nka mehato ea ho atamela ho Molimo, o tla re thusa boitekong ba rōna. Ka tsela efe? Mantsoe a temana ea rōna ea selemo ea 2003 a re fa karabo e thabisang: “O tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) A re hlahlobeng a mang a mahlohonolo ao Jehova a a tšollelang ho ba haufi le eena.
Mpho e Khethehileng e Tsoang ho Jehova
3. Ke mpho efe eo Jehova a e fang ba atamelang ho eena?
3 Taba ea pele, bahlanka ba Jehova ba na le mpho ea bohlokoa eo Jehova a e boloketseng batho ba hae. Matla ’ohle, leruo le thuto tsa tsamaiso ena ea lintho li ke ke tsa re fa mpho ena. Ke mpho e khethehileng, eo Jehova a e fang feela ba haufi le eena. Ke efe? Lentsoe la Molimo le re: “Haeba . . . u bitsa temoho, haeba u ntse u [e] batla joaloka silevera, ’me u ntse u [e] batlisisa joaloka matlotlo a patiloeng, tabeng eo u tla utloisisa ho tšaba Jehova, ’me u tla fumana tsebo ea Molimo. Etsoe Jehova o fana ka bohlale.” (Liproverbia 2:3-6) Nahana ha batho ba sa phethahalang ba se ba fumana “tsebo ea Molimo”! Mpho eo—e leng tsebo e fumanoang Lentsoeng la Molimo—e tšoantšoa le “matlotlo a patiloeng.” Hobane’ng?
4, 5. Ke hobane’ng ha “tsebo ea Molimo” e ka tšoantšoa le “matlotlo a patiloeng”? Etsa mohlala.
4 Har’a tse ling, tsebo ea Molimo ke ea bohlokoa ka ho fetisisa. O mong oa meputso ea eona ea bohlokoa ke tšepo ea bophelo bo sa feleng. (Johanne 17:3) Empa tsebo ena e entša bophelo ba rōna esita le hona joale. Ka mohlala, ka lebaka la ho ithuta Lentsoe la Molimo ka hloko re fumane likarabo lipotsong tsa bohlokoa tse kang: Lebitso la Molimo ke mang? (Pesaleme ea 83:18) Ha e le hantle, ho etsahala’ng ka bafu? (Moeklesia 9:5, 10) Morero oa Molimo ke ofe ka lefatše le batho? (Esaia 45:18) Hape re tseba hore tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela ke ho sebelisa keletso e bohlale ea Bibele. (Esaia 30:20, 21; 48:17, 18) Kahoo, re na le tataiso e molemo e re thusang ho loana ka katleho le matšoenyeho a bophelo le ho phela ka tsela e tlisang thabo ea ’nete le khotsofalo. Ka holim’a tsohle, ho ithuta Lentsoe la Molimo ho re thusitse ho tseba litšoaneleho tse babatsehang tsa Jehova le ho atamela ho eena. Ke’ng ea bohlokoa ho feta ho ba le kamano e haufi le Jehova e thehiloeng ‘tsebong ea Molimo’?
5 Ho na le lebaka le leng leo ka lona tsebo ea Molimo e ka tšoantšoang le “matlotlo a patiloeng.” Joaloka matlotlo a mangata, le eona e fumaneha seoelo lefatšeng lena. Ho baahi ba lefatše ba limilione tse likete tse tšeletseng, ba ka bang limilione tse tšeletseng ke barapeli ba Jehova ba fumaneng “tsebo ea Molimo,” e leng hoo e ka bang motho a le mong ho ba 1 000. Ho bontša hore na ho tseba ’nete ea Lentsoe la Molimo ke letlotlo le fumanehang seoelo hakaakang, nahana ka potso e le ’ngoe feela ea Bibele: Ho etsahala’ng ha batho ba e-shoa? Mangolo a re tsebisa hore moea oa shoa le hore bafu ha ba tsebe letho. (Ezekiele 18:4) Leha ho le joalo, tumelo e fosahetseng ea hore ka hare ho motho ho na le ntho e tsoelang pele e phela ha a se a shoele e amoheloa ke malumeli a mangata a lefatše. Ke thuto ea motheo malumeling a Bokreste-’mōtoana. E boetse e atile Bobuddheng, Bohindung, Boislamong, Bojaineng, Bojudeng, Boshintong, Bosikheng le Botaong. Nahana feela—batho ba limilione tse likete ba khelositsoe ke thuto ena e le ’ngoe ea bohata!
6, 7. (a) Ke bo-mang feela ba ka fumanang “tsebo ea Molimo”? (b) Ke mohlala ofe o bontšang hore Jehova o entse hore re lemohe seo “ba bohlale le ba nang le kelello” ba sa se tsebeng?
6 Ke hobane’ng ha e se batho ba bangata ba fumaneng “tsebo ea Molimo”? Hobane ntle ho thuso ea hae, re ke ke ra utloisisa ka botlalo se boleloang ke Lentsoe la Molimo. Hopola hore tsebo ena ke mpho. Jehova o e fa feela ba ikemiselitseng ho batlisisa ka Lentsoeng la hae ka botšepehi le ka boikokobetso. Ho ka ’na ha etsahala hore ebe ha ba “bohlale ka tsela ea nama.” (1 Bakorinthe 1:26) Ba bangata har’a bona ho ka etsahala hore ba nkoe e le “ba sa rutehang le ba tloaelehileng” ho ea ka litekanyetso tsa lefatše. (Liketso 4:13) Empa, seo hase sa bohlokoa. Jehova o re putsa ka “tsebo ea Molimo” ka lebaka la seo lipelo tsa rōna li leng sona.
7 Nahana ka mohlala ona. Litsebi tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana li ngotse libuka tse ngata tse hlalosang Bibele. Libuka tse joalo li ka ’na tsa hlalosa semelo sa lintho, mantsoe a Seheberu le a Segerike le lintho tse ling. Ka thuto e ngata eo li nang le eona, na ka sebele litsebi li fumane “tsebo ea Molimo”? Na ebe li utloisisa sehlooho sa Bibele ka ho hlaka—e leng ho tlosa qoso bobusing ba Jehova ka ’Muso oa hae oa leholimo? Na lia tseba hore Jehova Molimo hase karolo ea Boraro-bo-bong? Rōna rea tseba. Hobane’ng? Hobane Jehova o entse hore re lemohe lintho tsa ’nete tsa moea tseo ba bangata “ba bohlale le ba nang le kelello” ba sa li tsebeng. (Matheu 11:25) Jehova o putsa ba atametseng ho eena hakaakang!
“Jehova o Lebela Bohle ba mo Ratang”
8, 9. (a) Davida o hlalositse tlhohonolofatso e ’ngoe ea ba atamelang ho Jehova joang? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba hloka tšireletso ea Molimo?
8 Ba atametseng ho Jehova ba thabela tlhohonolofatso e ’ngoe—e leng ho sireletsoa ke Eena. Mopesaleme Davida ea ileng a feta litsietsing tse ngata o ile a ngola, a re: “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena, bohle ba ipiletsang ho eena ka ’nete. O tla khotsofatsa takatso ea ba mo tšabang, o tla utloa mohoo oa bona o kōpang thuso, ’me o tla ba pholosa. Jehova o lebela bohle ba mo ratang.” (Pesaleme ea 145:18-20) E, Jehova o haufi le ba mo ratang kahoo a ka utloa ka potlako mehoo ea bona ha ba kōpa thuso.
9 Ke hobane’ng ha re hloka tšireletso ea Molimo? Ntle le ho utloa liphello tsa ho phela ‘linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ Bakreste ba ’nete ba hlaseloa ka ho khetheha ke Sera se seholo sa Jehova e leng Satane Diabolose. (2 Timothea 3:1) Sera sena se maqiti se ikemiselitse ho re “harola.” (1 Petrose 5:8) Satane oa re hlorisa, oa re hatella ebile oa re leka. O boetse o sheba litšekamelo tsa kelello le tsa pelo tseo a ka li sebelisang. O na le pakane eo a e habileng: e leng ho fokolisa tumelo ea rōna le ho senya bomoea ba rōna. (Tšenolo 12:12, 17) Kaha re na le sera se matla haholo seo re loanang le sona, na ha ho re khothatse ho tseba hore “Jehova o lebela bohle ba mo ratang”?
10. (a) Jehova o lebela batho ba hae joang? (b) Tšireletso ea bohlokoa ka ho fetisisa ke efe, hona hobane’ng?
10 Empa Jehova o lebela batho ba hae joang? Tšepiso ea hore o tla re sireletsa ha e bolele hore ha re sa tla ba le mathata tsamaisong ena; hape ha e bolele hore o tlamehile ho etsa mehlolo molemong oa rōna. Ho sa tsotellehe seo, Jehova o sireletsa batho ba hae nameng e le sehlopha. Ha e le hantle, a ke ke a lumella Diabolose hore a felise barapeli ba ’nete lefatšeng! (2 Petrose 2:9) Ka holim’a tsohle, Jehova o re sireletsa moeeng. O re fa seo re se hlokang hore re mamelle liteko le ho sireletsa kamano ea rōna le eena. Qetellong, ho sireletsoa moeeng ke tšireletso ea bohlokoa ka ho fetisisa. Hobane’ng? Hobane ha re e-na le kamano le Jehova, ha ho letho—esita le lefu—le ka re ntšang kotsi ka ho sa feleng.—Matheu 10:28.
11. Jehova o fane ka litokisetso life ho sireletsa batho ba hae moeeng?
11 Jehova o entse litokisetso tse ngata tsa ho sireletsa moeeng ba atametseng ho eena. Lentsoeng la hae, Bibele, o re fa bohlale ba ho sebetsana ka katleho le liteko tse sa tšoaneng. (Jakobo 1:2-5) Ho sebelisa keletso e thusang e fumanoang ka Mangolong, ke tšireletso. Ntle ho moo, Jehova o “fana ka moea o halalelang . . . ho ba mo kōpang.” (Luka 11:13) Moea ona ke matla a maholo ka ho fetisisa bokahohleng, kahoo, ka sebele o ka re thusa ho tobana ka katleho le teko efe kapa efe e ka re oelang. Ka Kreste, Jehova o fana ka “limpho tseo e leng banna.” (Baefese 4:8) Banna bana ba nang le litšoaneleho tsa moea ba leka ho bonahatsa qenehelo e tebileng ea Jehova ha ba thusa barapeli-’moho le bona.—Jakobo 5:14, 15.
12, 13. (a) Jehova o sebelisa’ng ho re fa lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng? (b) U ikutloa joang ka litokisetso tsa Jehova tse bolokang bomoea ba rōna?
12 Jehova o fane ka ho hong hape ho re sireletsang: e leng lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng. (Matheu 24:45) Jehova o re fa seo re se hlokang ka nako eo re se hlokang ka eona ka lingoliloeng, ho akarelletsa le koranta ea Molula-Qhooa le Tsoha!, esita le liboka, likopano tse khōlō le tse nyenyane. Na u hopola lekhetlo leo ka lona u ileng ua utloa ntho e ileng ea u ama maikutlo, ea u matlafatsa kapa ea u tšelisa sebokeng sa Bokreste, kopanong e khōlō kapa e nyenyane? Na u kile ua bala sehlooho ho e ’ngoe ea likoranta tse boletsoeng ka holimo ’me ua ikutloa hore e ngoletsoe uena?
13 Sebetsa se sebetsang haholo sa Satane ke ho nyahama, ’me hoa re ama. Oa tseba hore ha re nyahama ka nako e telele re tla felloa ke matla, ebile re tla hlaseloa habonolo. (Liproverbia 24:10) Kaha Satane o leka ho sebelisa maikutlo a ho nyahama, re hloka thuso. Nako le nako makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! li hatisa lihlooho tse re thusang ho loantša ho nyahama. Ha a bua ka se seng sa lihlooho tseo, morali e mong oabo rōna oa Mokreste o ile a ngola, a re: “Ke bala sehlooho seo hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng, ’me meokho e sa ntsane e keleketla. Ke beha makasine eo pel’a bethe e le hore nka e bala neng le neng ha ke utloa ke nyahama. Ka lihlooho tse kang sena, ke utloa Jehova a nkopa ka liatla tsa hae tse sireletsang.”a Na ha re lebohe Jehova hore ebe o re fa lijo tsa moea tse nakong? Hopola hore litokisetso tsa hae tse bolokang bomoea ba rōna ke bopaki ba hore o haufi le rōna, ’me o re sirelelitse ka tlhokomelo.
Ho Bua le “Ea Utloang Thapelo”
14, 15. (a) Ke tlhohonolofatso efe eo Jehova a e fang ba mo atamelang? (b) Ke hobane’ng ha ho bua le Jehova ka bolokolohi ka thapelo e le mpho e babatsehang?
14 Na u hlokometse hore ha batho ba fumana matla le bolaoli, hangata ha ba sa atameleha ho bafo ba bona? Na Jehova Molimo le eena o joalo? Na le eena o phahame hoo a ke keng a natsa seo batho feela ba mo bolellang sona? Ha a joalo ho hang! Tlhohonolofatso e ’ngoe eo Jehova a e fang ba mo atamelang ke mpho ea thapelo. Ho bua ka bolokolohi le “Ea Utloang thapelo” ke mpho e babatsehang e le kannete. (Pesaleme ea 65:2) Hobane’ng?
15 Ka mohlala: Motsamaisi oa feme e khōlō o na le mesebetsi e mengata. O etsa qeto hore na ke mesebetsi efe e tla etsoa ke eena ka ho toba le e tla etsoa ke ba bang. Ka ho tšoanang, Morena ’Musi oa bokahohle a ka khetha ho etsa qeto ea hore na ke lintho life tse tla etsoa ke eena le hore na ke life tse tla etsoa ke ba bang. Nahana ka sohle seo Jehova a se fileng Mora oa hae ea ratoang, Jesu, hore a se etse. Mora o filoe “matla a ho ahlola.” (Johanne 5:27) Mangeloi a ‘behiloe tlas’a hae.’ (1 Petrose 3:22) Jesu o filoe moea o halalelang o matla oa Jehova hore a o sebelise habonolo ho mo thusa hore a etelle pele barutuoa ba hae lefatšeng. (Johanne 15:26; 16:7) Ke kahoo Jesu a neng a ka re: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” (Matheu 28:18) Empa tabeng ea lithapelo tsa rōna, Jehova o ikhethetse hore li mameloe ke eena ka ho toba. Ke ka lebaka leo Bibele e re laetseng ho lebisa lithapelo tsa rōna ho Jehova feela, ka lebitso la Jesu.—Pesaleme ea 69:13; Johanne 14:6, 13.
16. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore ehlile Jehova o mamela lithapelo tsa rōna?
16 Na ehlile Jehova o mamela lithapelo tsa rōna? Haeba a ne a sa thahaselle kapa a sa tsotelle, o ne a ke ke a re khothalletsa hore re ‘phehelle thapelong’ kapa hore re lahlele meroalo ea rōna le matšoenyeho a rōna ho eena. (Baroma 12:12; Pesaleme ea 55:22; 1 Petrose 5:7) Bahlanka ba tšepahalang ba mehleng ea Bibele ba ne ba kholisehile ka ho feletseng hore Jehova o mamela thapelo. (1 Johanne 5:14) Ka hona, mopesaleme Davida o ile a re: “[Jehova] o utloa lentsoe la ka.” (Pesaleme ea 55:17) Le rōna re na le mabaka a utloahalang a ho kholiseha hore Jehova o haufi, o ikemiselitse ho utloa sohle seo re se nahanang le se re amang.
Jehova o Putsa Bahlanka ba Hae
17, 18. (a) Jehova o ikutloa joang ka tšebeletso e etsoang ka botšepehi ke libōpuoa tsa hae tse bohlale? (b) Hlalosa kamoo Liproverbia 19:17 e bontšang kateng hore Jehova o lemoha mohau oo re o etsetsang ba bang.
17 Boemo ba Jehova e le ’Musi oa Bokahohle ha bo angoe ke seo batho feela ba ka se etsang kapa ba ka hanang ho se etsa. Ho sa tsotellehe seo, Jehova ke Molimo ea nang le kananelo. Ha e le hantle, o nka tšebeletso ea libōpuoa tsa hae tse tšepahalang le tse bohlale e le ea bohlokoa, ebile oa e ananela. (Pesaleme ea 147:11) Ka lebaka leo, ona ke molemo o mong o thabeloang ke ba atametseng ho Jehova: O putsa bahlanka ba hae.—Baheberu 11:6.
18 Bibele e bontša ka ho hlaka hore Jehova o nka seo barapeli ba hae ba se etsang e le sa bohlokoa. Ka mohlala, rea bala: “Ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova, ’me O tla mo buseletsa tšoaro ea hae.” (Liproverbia 19:17) Molao oa Moshe o ile oa bontša hore Jehova o nahanela ba tlaase ka mohau. (Levitike 14:21; 19:15) Jehova o ikutloa joang ha re etsisa mohau oa hae ha re sebelisana le ba tlaase? Ha re fa ba tlaase, re sa lebella hore ba re buseletse, Jehova o nka sena e le ho Mo alima. Jehova o tšepisa hore o tla re buseletsa ka ho re fa mohau le litlhohonolofatso. (Liproverbia 10:22; Matheu 6:3, 4; Luka 14:12-14) E, Jehova o ameha maikutlo haeba re bontša kutloelo-bohloko ho morapeli-’moho le rōna ea hlokang. Re motlotlo hakaakang ho tseba hore Ntate oa rōna oa leholimo o lemoha mohau oo re o etsetsang ba bang!—Matheu 5:7.
19. (a) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o ananela seo re se etsang mosebetsing oa ho bolela le oa ho etsa barutuoa? (b) Jehova o putsa tšebeletso e etsoang bakeng sa ho tšehetsa ’Muso oa hae joang?
19 Haholo-holo Jehova o ananela seo re se etsang molemong oa ’Muso oa hae. Ha re atamela ho Jehova, ho ke ke ha e-ba thata hore re batle ho sebelisa nako ea rōna, matla a rōna le matlotlo a rōna hore re kopanele ka hohle kamoo re ka khonang mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa. (Matheu 28:19, 20) Ka linako tse ling, re ka ’na ra bona eka re etsa ho honyenyane haholo. Lipelo tsa rōna tse sa phethahalang li ka ba tsa etsa hore re ipotse hore na ebe Jehova o thabela boiteko ba rōna. (1 Johanne 3:19, 20) Empa Jehova o nka mpho e ’ngoe le e ’ngoe e le ea bohlokoa ho sa tsotellehe hore na e nyenyane hakae, hafeela e tloha pelong e susumetsoang ke lerato. (Mareka 12:41-44) Bibele ea re tiisetsa e re: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.” (Baheberu 6:10) Ka sebele, Jehova o hopola esita le tšebeletso e nyenyane ka ho fetisisa e etsoang ho tšehetsa ’Muso oa hae ebile oa e putsa. Ntle ho litlhohonolofatso tse enneng tsa moea hona joale, re ka lebella bophelo bo thabileng lefatšeng le lecha le tlang moo Jehova a tla fana ka seatla se bulehileng ’me a khotsofatse takatso e lokileng ea bohle ba atamelang ho eena!—Pesaleme ea 145:16; 2 Petrose 3:13.
20. Selemong sa 2003, re ka hopola mantsoe a temana ea rōna ea selemo joang, ’me liphello e tla ba life?
20 Selemong sa 2003, a re ipotseng hore na ebe re etsa boiteko bo tsoelang pele ba ho atamela ho Ntate oa rōna oa leholimo. Haeba re etsa joalo, re ka kholiseha hore o tla etsa seo a se tšepisitseng. Etsoe, ‘Molimo a ke ke a bua leshano.’ (Tite 1:2) Haeba u atamela ho eena, le eena o tla atamela ho uena. (Jakobo 4:8) Liphello e tla ba life? E tla ba mahlohonolo a enneng hona joale le tebello ea ho ’na re atamela ho Jehova ka ho sa feleng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ana ke maikutlo a hae ka mor’a ho bala sehlooho se reng “Jehova o Moholo ho Feta Lipelo Tsa Rōna,” Molula-Qhooeng oa May 1, 2000, leqepheng la 28-31.
Na Ua Hopola?
• Ke mpho efe eo Jehova a e fang ba atamelang ho eena?
• Ke litokisetso life tseo Jehova a li entseng ho sireletsa batho ba hae moeeng?
• Ke hobane’ng ha ho bua le Jehova ka bolokolohi ka thapelo e le mpho e babatsehang?
• Bibele e bontša joang hore Jehova o ananela tšebeletso e etsoang ka botšepehi ea libōpuoa tsa hae tse bohlale?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Jehova o entse hore re lemohe lintho tsa ’nete tsa moea
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Jehova o re sireletsa moeeng
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Jehova o haufi, o ikemiselitse ho utloa lithapelo tsohle tsa rōna