Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Jehova o ne a bua ka mang ha a ne a re “e mong oa rōna” ho Genese 3:22?
Kamoo ho bonahalang kateng, Jehova Molimo o ne a bua ka eena ka boeena le Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši ha a ne a re: “Motho o fetohile ea tšoanang le e mong oa rōna ka ho tseba botle le bobe.” (Genese 3:22) A re hlahlobeng lebaka la seo.
Jehova o ile a bua mantsoe ana ka mor’a ho ahlola batho ba babeli ba pele. Ba bang ba ’nile ba nahana hore mantsoe a reng “e mong oa rōna” ke polelo e ka bongateng e bontšang bophahamo e sebelisoang ke marena a lichaba tse ling ha a bua le batho ba ’ona, joalokaha a ka re “ha rea thaba” empa morena a bua ka eena le ho se thabe ha hae. Leha ho le joalo, mabapi le Genese 1:26 le 3:22, setsebi sa Bibele Donald E. Gowan se re: “[Testamenteng ea Khale] ha ho na bopaki bo tšehetsang boholo ba litlhaloso tse reng: ‘rōna’ ke lentsoe le ka bongateng le bontšang bophahamo . . . kapa le bontšang hore ho ameha batho ba fetang a le mong bao e leng karolo ea Boraro-bo-bong. . . . Litlhalosong tsena ha ho le e ’ngoe e bonahalang e lumellana le 3:22, e buang ka ‘e mong oa rōna.’”
Na ho ka etsahala hore ebe Jehova o ne a bua ka Satane Diabolose, ea neng a se a qalile ho iketsetsa qeto ka “botle le bobe” le ea neng a ile a susumetsa batho ba pele ho etsa se tšoanang? Seo ha se utloahale. Mona Jehova o sebelisitse polelo e reng “e mong oa rōna.” Satane o ne a se a le sieo har’a sehlopha sa mangeloi a tšepahalang a Jehova, kahoo o ne a ke ke a akarelletsoa har’a ba neng ba le ka lehlakoreng la Jehova.
Na Molimo o ne a bua ka mangeloi a tšepahalang? Re ke ke ra tiisa hore ho joalo. Leha ho le joalo, ho tšoana ha lipolelo tse sebelisitsoeng ho Genese 1:26 le 3:22 ho re fa leseli. Ho Genese 1:26, re bala hore Jehova o ile a re: “A re etse motho ka setšoantšo sa rōna, ho ea ka sebōpeho sa rōna.” O ne a lebisitse mantsoe aa ho mang? Ha moapostola Pauluse a bua ka sebōpuoa sa moea seo ebileng motho ea phethahetseng Jesu, o ile a re: “Ke setšoantšo sa Molimo ea sa bonahaleng, letsibolo la pōpo eohle; hobane lintho tse ling tsohle tse maholimong le tse lefatšeng li ile tsa bōptjoa ho sebelisoa eena.” (Bakolose 1:15, 16) E, ho bonahala e le ntho e utloahalang hore ho Genese 1:26, Jehova o ne a bua le Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, “mosebetsi ea hloahloa,” ea neng a le mabapa le eena ha ho ne ho bōptjoa maholimo le lefatše. (Liproverbia 8:22-31) Polelo e tšoanang e ho Genese 3:22 e fana ka maikutlo a hore Jehova o ne a boetse a bua le ea haufi haholo le eena, Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši.
Ho totobetse hore Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši o ne a tseba “botle le bobe.” Ka lebaka la ho sebelisana ha hae haufi-ufi le Jehova ka nako e telele, ka sebele o ile a ithuta hantle monahano oa Ntat’ae, melao-motheo le litekanyetso tsa hae. A kholisehile hore Mora oa hae o ne a tseba lintho tsena ebile a li tšepahalla, ho ka etsahala hore ebe Jehova o ile a mo fa bolokolohi bo itseng ba ho sebetsa litaba ka boeena ntle ho ho rerisana le Eena ka ho toba tabeng ka ’ngoe. Kahoo ho fihlela bohōleng bona Mora o ne a tla be a khona a bile a fuoe matla a ho etsa qeto ka se setle le se sebe. Leha ho le joalo, ho fapana le Satane, Adama le Eva, Jesu ha aa ka a iketsetsa tekanyetso ea se setle le se sebe e khahlanong le ea Jehova.