LITEMANA TSA BIBELE LIA HLALOSOA
Genese 1:26—“A re Etse Motho ea Tšoanang le Rona”
“Eaba Molimo o re: ‘A re etse motho ea tšoanang le rona ’me a laole litlhapi tsa leoatle, libopuoa tse fofang, liphoofolo tse ruuoang le phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang lefatšeng.’”—Genese 1:26, Bibele Phetolelo ea Lefatše le Lecha.
“Molimo oa ntoo re: ‘A re etseng motho ka setšoantšo sa rona le ka ho tšoana ha rona ’me a buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le makhomo, le lefatše lohle, le lihahabi tsohle tse hahabang lefatšeng.’”—Genese 1:26, Bibele ea Sesotho.
Genese 1:26 e Bolela Eng?
Batho ba entsoe ba tšoana le Molimo, ’me ba khona ho bontša makhabane a tšoanang le ao Molimo a nang le ona, joaloka lerato, kutloelo-bohloko le toka. Ke kahoo batho ba ka khonang ho etsisa Molimo.
“Eaba Molimo o re: ‘A re etse motho ea tšoanang le rona.’” Pele Jehova Molimoa a bopa batho kapa ntho leha e le efe e ’ngoe, o ile a bopa lengeloi le matla le ileng la tsebahala e le Jesu. Ka Jesu, “lintho tse ling tsohle tse leholimong le lefatšeng li ile tsa boptjoa.” (Bakolose 1:16) Jesu o na le botho bo tšoanang le ba Jehova, ke kahoo ‘a tšoanang le Molimo ea sa bonahaleng.’ (Bakolose 1:15) Ke kahoo, Molimo a neng a ka re ho Jesu: “A re etse motho ea tšoanang le rona.”
“A laole litlhapi tsa leoatle, libopuoa tse fofang, liphoofolo tse ruuoang . . . lefatšeng.” Molimo ha a bopa liphoofolo hore li tšoane le eena. Ha li a boptjoa li na le litšobotsi tseo batho ba bang le tsona, joaloka ho ba le letsoalo le ho bontša lerato. Leha ho le joalo, Molimo o ntse a tsotella liphoofolo. Ke kahoo, a ileng a laela batho hore ba “laole” liphoofolo ’me taelo ena e ka boetse ea bolela ho li “busa” kapa ho li “hlokomela.” Jehova o ne a fa batho boikarabelo ba ho hlokomela liphoofolo. (Pesaleme ea 8:6-8; Liproverbia 12:10) Jehova o lebeletse hore batho ba hlokomele lefatše le lintho tsohle tse phelang ho lona.
Litemana Tse Potolohileng Genese 1:26
Likhaolo tse peli tse qalang tsa Genese li hlalosa kamoo ho ileng ha boptjoa bokahohle le polanete eo re phelang ho eona le kamoo bophelo bo ileng ba e-ba teng lefatšeng. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e bopileng ea hlolla, empa batho baa ikhetha har’a lintho tsohle tseo a li bopileng lefatšeng. Ha Molimo a qeta ho bopa, o ile “a bona hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng e molemo haholo.”—Genese 1:31.
Shebella video ena e khutšoanyane e buang ka tlaleho ea popo e hlahang ho Genese.
Maikutlo a fosahetseng Genese 1:26
Maikutlo a fosahetseng: Molimo o na le ’mele o tšoanang le oa rona.
’Nete: ‘Molimo ke Moea’—sena se bolela hore Molimo o lula sebakeng seo batho ba ke keng ba khona ho se bona. (Johanne 4:24) Le hoja Bibele e bua ka Molimo a na le sefahleho, matsoho, pelo le tse ling, e mpa e etsa joalo ho re hlalosetsa ka Molimo ka tsela eo re le batho re ka e utloisisang.—Exoda 15:6; 1 Petrose 3:12.
Maikutlo a fosahetseng: Genese 1:26 e fana ka bopaki ba hore Jesu ke Molimo.
’Nete: Molimo ke ntate, Jesu ke mora, ha se motho a le mong. Jesu o ile a ruta hore Molimo o moholo ho eena. (Johanne 14:28) E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng, shebella video ea Na Jesu Kreste ke Molimo? Kapa u bale sehlooho se reng “Ke Hobane’ng ha Jesu a Bitsoa Mora oa Molimo?”
Shebella video ena e khutšoanyane e bontšang kakaretso ea buka ea Genese.
a Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Bala sehlooho se re’ng “Jehova ke Mang?”