Karolo 5
Bophelo bo na le Morero o Hlollang
1, 2. Re ka bolela joang hore Molimo oa re tsotella, ’me re lokela ho retelehela hokae bakeng sa likarabelo lipotsong tsa bophelo?
1 Tsela eo lefatše le lintho tsa lona tse phelang li entsoeng ka eona e bontša hore ’Mōpi oa tsona ke Molimo ea lerato ea hlileng a tsotellang. ’Me Lentsoe la hae, Bibele, le bontša hore oa tsotella; le re fa likarabelo tse molemohali mabapi le lipotso tsena: Ke hobane’ng ha re le moo lefatšeng? le, Re ea hokae?
2 Ho hlokahala hore re batlisise likarabelo tseo ka Bibeleng. Lentsoe la Molimo le re: “Ha le ka ’na la ’matla, o tla ’ne a fumanoe ke lōna; ’me ha le ka mo furalla, o tla le furalla le eena.” (2 Likronike 15:2) Kahoo, ho batlisisa ka Lentsoeng la Molimo ho senola eng ka morero oa hae bakeng sa rōna?
Lebaka Leo Molimo a Bōpileng Batho
3. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bōpa lefatše?
3 Bibele e bontša hore Molimo o ile a lokisetsa lefatše haholo-holo a nahanne ka batho. Mabapi le lefatše Esaia 45:18 e bolela hore Molimo ‘ha a ka a le bōpela lefeela empa o le bōpetse hore le ahuoe.’ ’Me o ile a lokisetsa lefatše le e-na le sohle seo batho ba neng ba tla se hloka, eseng hore feela ba phele, empa hore ba thabele bophelo ka botlalo.—Genese, likhaolo 1 le 2.
4. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bōpa batho ba pele?
4 Ka Lentsoeng la hae, Molimo o bolela ka ho bōpa batho ba pele, Adama le Eva, ’me o senola seo a neng a se nahanne bakeng sa lelapa la batho. O itse: “A re [etse] motho ka setšoantšo sa rōna le ka ho tšoana ha rōna, ’me a buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le makhomo, le lefatše lohle, le lihahabi tsohle tse hahabang lefatšeng.” (Genese 1:26) Batho ba ne ba lokela ho hlokomela “lefatše lohle” le liphoofolo tsa lona.
5. Batho ba pele ba ile ba behoa hokae?
5 Molimo o ile a etsa tšimo e khōlō, e kang serapa sa lifate sebakeng se bitsoang Edene, se leng Bochabela bo Hare. Eaba “o nka motho, a ’mea tšimong ea Edene, ho e lema le ho e lebela.” E ne e le paradeise e neng e e-na le sohle seo batho ba pele ba neng ba tla se hloka bakeng sa ho ja. ’Me se ne se akareletsa “lifate tsohle tse khahlisang mahlo, tse monate ha li jeoa,” hammoho le limela tse ling le mefuta e mengata e thahasellisang ea liphoofolo.—Genese 2:7-9, 15.
6. Batho ba ile ba bōptjoa ba e-na le litšoaneleho life tsa kelello le tsa ’mele?
6 ’Mele ea batho ba pele e ne e bōpiloe e phethahetse, kahoo ba ne ba ke ke ba kula, ba tsofala, kapa ba shoa. Hape ba ne ba filoe litšoaneleho tse ling, tse kang boikhethelo. Tsela eo ba neng ba entsoe ka eona e hlalosoa ho Genese 1:27: “Eaba Molimo o etsa motho ka setšoantšo sa oona; oa mo etsa ka setšoantšo sa Molimo. Oa ba etsa e le e motona le e motšehali.” Kaha re bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo, ha rea ka ra fuoa feela litšoaneleho tsa ’mele le tsa kelello empa hape le litšobotsi tsa boitšoaro le tsa moea, ’me li tlameha ho khotsofatsoa e le hore re ka thaba kannete. Molimo o ne a tla lokisetsa mokhoa oa ho khotsofatsa litlhoko tseo hammoho le tlhoko ea lijo, metsi, le moea. Joalokaha Jesu Kreste a boletse, “motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.”—Mattheu 4:4.
7. Batho ba pele ba babeli ba ile ba fuoa taelo efe?
7 Ho feta moo, Molimo o ile a fa batho ba babeli ba pele taelo e tsotehang ha ba ntse ba le Edene: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng.” (Genese 1:28) Kahoo ba ne ba tla khona ho ikatisa le ho ba le bana ba phethahetseng. ’Me ha batho ba ntse ba eketseha, ba ne ba tla ba le mosebetsi o thabisang oa ho atolosa meeli ea sebaka sa pele sa Edene se kang serapa sa lifate, sa paradeise. Qetellong, lefatše lohle le ne le tla etsoa paradeise, e ahiloeng ke batho ba phethahetseng, ba thabileng ba neng ba tla phela ka ho sa feleng. Bibele e re bolella hore ka mor’a hore a hlahise sena sohle, “Molimo oa bona tsohle tseo o li entseng hoba li molemo haholo.”—Genese 1:31; bona le Pesaleme ea 118:17.
8. Batho ba ne ba lokela ho hlokomela lefatše joang?
8 Ho hlakile hore batho ba ne ba tla sebelisa lefatše le tlas’a taolo molemong oa bona. Empa sena se ne se lokela ho etsoa ka tsela e nang le boikarabelo. Batho e ne e lokela ho ba bahlokomeli ba nang le tlhompho ba lefatše, eseng basenyi ba lona. Ho senngoa ha lefatše hoo re ho bonang kajeno ho khahlanong le thato ea Molimo, ’me ba kopanelang ho hona ba khahlanong le morero oa bophelo lefatšeng. Ba tla lokela ho lefa bakeng sa hoo, hobane Bibele e bolela hore Molimo o tla “senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.
E Ntse e le Morero oa Molimo
9. Ke hobane’ng ha re kholisehile hore morero oa Molimo o tla phethahatsoa?
9 Ka hona, ho tloha qalong e ne e le morero oa Molimo hore lelapa le phethahetseng la batho le lule lefatšeng ka ho sa feleng paradeiseng. ’Me e sa ntse e le morero oa hae! Morero oo o ke ke oa nyopa. Bibele e re: “Jehova oa makhotla o hlapantse, a re: Ruri, see ke se hopotseng, se tla etsahala; le see ke se rerileng, se tla hlaha.” “Ke boletse, ’me ke tla etsa; ke rerile, ’me ke tla phetha.”—Esaia 14:24; 46:11.
10, 11. Jesu, Petrose, le mopesaleme Davida ba buile joang ka Paradeise?
10 Jesu Kreste o buile ka morero oa Molimo oa ho tsosolosa paradeise lefatšeng ha a bolella monna e mong ea neng a batla ho ba le tšepo ka nako e tlang: “U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:43, NW) Moapostola Petrose le eena o buile ka lefatše le lecha le tlang ha a bolela tjena esale pele: “Re lebeletse, ka pallo ea [Molimo], maholimo a macha [tokisetso e ncha ea puso e busang ho tsoa leholimong] le lefatše le lecha [mokhatlo o mocha oa lefatše] moo ho loka ho ikahetseng teng.”—2 Petrose 3:13.
11 Mopesaleme Davida le eena o ngotse ka lefatše le lecha le tlang le hore na le ne le tla tšoarella halelele hakae. O boletse tjena esale pele: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Ke kahoo Jesu a tšepisitseng: “Ho thabile ba nang le botho bo bonolo, kaha ba tla ja lefa la lefatše.”—Mattheu 5:5, NW.
12, 13. Akaretsa morero oa Molimo o hlollang bakeng sa batho.
12 Eo ke tebello e hlollang hakaakang, ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise le se nang bokhopo, tlōlo ea molao, ho kula, masoabi, le bohloko bohle! Bukeng ea ho qetela ea Bibele, Lentsoe la Molimo la boprofeta le akaretsa morero ona o hlollang ha le re: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” Ea phaella: “Joale ea lutseng teroneng a re: Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha. A ntoo re ho ’na: Ngola; hobane lipolelo tseo li tiile; ke tsa ’nete.”—Tšenolo 21:4, 5.
13 E, Molimo o nahanne ka morero o hlollang. E tla ba lefatše le lecha la ho loka, paradeise ea ka ho sa feleng, e boletsoeng esale pele ke Ea ka etsang seo a se tšepisang le ea tla fela a se etse, hobane ‘mantsoe a hae a tiile ke a ’nete.’
[Litšoantšo tse leqepheng la 20, 21]
Molimo o ne a rerile hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Oo e ntse e le morero oa hae
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Mong’a ntlo a ka bitsa bahiri ba senyang ntlo hore ba ikarabelle