Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 11/15 maq. 4-7
  • U ka Lumela Hore ho Tla ba le Lefatše la Paradeise

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Lumela Hore ho Tla ba le Lefatše la Paradeise
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Eng se Bakang Pherekano?
  • Bibele e Re’ng?
  • Na Lintho Tse Bonahalang li Mpe ka Tlhaho?
  • Ke Hobane’ng ha ba Bang ba E-ea Leholimong?
  • Morero oa Molimo oa Pele o Tla Phethahala
  • Lebaka leo ka Lona ba Bang ba Tsoetsoeng Hape
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Ke Hobane’ng ha Bophelo bo Bonahala Eka ha bo na Morero?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Paradeise eo Bibele e Buang ka Eona e Hokae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 11/15 maq. 4-7

U ka Lumela Hore ho Tla ba le Lefatše la Paradeise

HO THEOSA le histori, batho ba limilione ba ’nile ba lumela hore qetellong ba tla tloha lefatšeng ebe ba ea leholimong. Ba bang ba ’nile ba nahana hore ha ho mohla ’Mōpi oa rōna a ileng a rera hore lefatše lena e be lehae la rōna la kamehla. Ba itšoarang ka thata-thata ba feteletsa taba ena haholoanyane. Boholo ba bona bo nka hore lefatše le lintho tsohle tse bonahalang le lebe—le sitisa batho ho khotsofala e le kannete moeeng le hore ba be haufi le Molimo.

E tlameha ebe ba ileng ba qapa maikutlo a ka holimo ba ne ba sa lemohe seo Molimo a ileng a se bua ka lefatše la paradeise kapa ba ile ba se hlokomoloha ka boomo. Ha e le hantle, kajeno batho ba bangata ha ba thahaselle ho hlahloba seo Molimo a ileng a bululela batho hore ba se tlalehe ka taba ena ka Lentsoeng la hae, e leng Bibele. (2 Timothea 3:16, 17) Empa na ha ho bohlale hore re tšepe Lentsoe la Molimo ho e-na le ho amohela likhopolo tsa batho? (Baroma 3:4) Ha e le hantle, ke habohlokoa hore re etse joalo, kaha Bibele e re lemosa hore sebōpuoa se seng se matla, se sebe ebile e le se sa bonahaleng, se foufalitse batho moeeng ’me hona joale se ntse se ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’—Tšenolo 12:9; 2 Bakorinthe 4:4.

Ke Eng se Bakang Pherekano?

Maikutlo a loantšanang a mabapi le moea a ferekantse batho tabeng ea hore na morero oa Molimo ka lefatše ke ofe. Batho ba bangata ba lumela hore re na le moea o sa shoeng—ntho e ’ngoe e arohaneng le ’mele le e salang e phela ha motho a e-shoa. Ba bang ba lumela hore moea o ile oa e-ba teng pele ho bōptjoa ’mele oa motho. Ho latela buka e ’ngoe, rafilosofi oa Mogerike Plato o ne a nahana hore moea “o kentsoe litlamong ka har’a ’mele e le kotlo bakeng sa libe tseo o ileng oa li etsa ha o ntse o le leholimong.” Ka ho tšoanang, moruti oa lekholong la boraro la lilemo ea bitsoang Origen o ile a re: “’Meea e entse sebe [leholimong] pele e kopanngoa le ’mele,” ’me e ile ea “kenngoa chankaneng [’meleng eo e lefatšeng] e le kotlo bakeng sa libe tsa eona.” ’Me batho ba limilione ba lumela hore lefatše ke feela sebaka seo ho etsetsoang teko ho sona ha motho a le leetong la ho ea leholimong.

Ho boetse ho na le maikutlo a sa tšoaneng mabapi le se etsahalang ka moea ha motho a e-shoa. Ho latela buka ea History of Western Philosophy, Baegepeta ba ile ba qapa maikutlo a hore “meea ea bafu e theohela sebakeng sa meea e shoeleng.” Hamorao bo-rafilosofi ba ile ba beha lebaka la hore meea ea bafu ha ea theohela sebakeng se lefifi sa meea e shoeleng empa e hlile e nyolohetse sebakeng se phahameng sa moea. Ho boleloa hore rafilosofi oa Mogerike ea bitsoang Socrates o ne a lumela hore ha motho a e-shoa moea “o ea sebakeng se sa bonahaleng . . . ebe o phela moo le melimo ka ho sa feleng.”

Bibele e Re’ng?

Ha ho moo Lentsoe le bululetsoeng la Molimo, Bibele, le bolelang hore batho ba na le meea e sa shoeng. Ipalle tlaleho eo ho Genese 2:7. E re: “Jehova Molimo a etsa motho ka lerōle la lefatše ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” Polelo ena e hlakile ’me ea utloahala. Ha Molimo a ne a bōpa motho oa pele, e leng Adama, ha Aa ka a kenya ka ho eena metsoako ea ntho e ’ngoe e se nang bophelo. Ho joalo hobane Bibele e re “motho ea e-ba moea o phelang.” Motho ha ea ka ea e-ba ntlo eo moea o lulang ka ho eona. E ile ea e-ba moea.

Ha Jehova a bōpa lefatše le batho, ho hang o ne a sa rera hore motho o lokela ho shoa. Morero oa Molimo e ne e le hore batho ba ka phela ka ho sa feleng lefatšeng maemong a Paradeise. Adama o ile a shoa hobane feela a sa ka a mamela molao oa Molimo. (Genese 2:8, 15-17; 3:1-6; Esaia 45:18) Ha motho oa pele a e-shoa, na o ile a ea sebakeng se itseng sa moea? Che! Kaha Adama e ne e le moea, o ile a khutlela lerōleng le sa pheleng leo a ileng a bōptjoa ka lona.—Genese 3:17-19.

Kaofela re futsitse sebe le lefu ho ntat’a rōna moholo Adama. (Baroma 5:12) Lefu lena ke ho se hlole motho a e-ba teng, feela joalokaha ho ile ha etsahala ka Adama. (Pesaleme ea 146:3, 4) Ha e le hantle, libukeng tsohle tsa eona tse 66, ha ho mohla Bibele e amahanyang lentsoe “moea” le lipoleloana tse reng ‘ho se shoe’ kapa ‘ka ho sa feleng.’ Ho fapana le seo, Mangolo a bolela ka ho hlaka hore moea—e leng motho—oa shoa. Moea oa shoa.—Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4.

Na Lintho Tse Bonahalang li Mpe ka Tlhaho?

Ho thoe’ng ka khopolo ea hore lintho tse bonahalang, ho akarelletsa le lefatše, li mpe? Batho ba neng ba e-na le pono ena ke batšehetsi ba Bomani, e leng mokhatlo oa bolumeli o ileng oa thehoa Persia lekholong la boraro la lilemo C.E. ke motho ea bitsoang Mani. The New Encyclopædia Britannica e re: “Bomani bo bile teng ka lebaka la mahlomola a hlahelang motho ka tlhaho.” Mani o ne a lumela hore ho ba motho ke “ntho eo e seng ea tlhaho, e sa mamelleheng le e mpe ka ho fetisisa.” O ne a boetse a e-na le maikutlo a hore tsela feela ea ho tsoa ‘mahlomoleng’ ana ke hore moea o tsoe ka har’a ’mele, o tlohe lefatšeng lena ’me o fumane bophelo ba moea lefatšeng la moea.

Ho fapana le moo, Bibele e re bolella hore ponong ea Molimo “ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng” ha a ne a bōpa lefatše le batho “e ne e le molemo haholo.” (Genese 1:31) Nakong eo, ho ne ho se na tšitiso pakeng tsa batho le Molimo. Adama le Eva ba ne ba thabela kamano e haufi le Jehova, joalokaha motho ea phethahetseng Jesu Kreste a ile a thabela kamano e haufi le Ntat’ae oa leholimo.—Matheu 3:17.

Hoja batsoali ba rōna ba pele, e leng Adama le Eva, ba ne ba sa ka ba nka tsela e isang sebeng, ba ka be ba ile ba e-ba le kamano e haufi le Jehova Molimo ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Ba qalile bophelo Paradeiseng, hobane Mangolo aa re bolella a re: “Jehova Molimo a lema serapa Edene, ka nģ’a bochabela, ’me moo a beha motho eo a mo entseng.” (Genese 2:8) Eva o ile a bōpeloa hona serapeng seo sa paradeise. Hoja Adama le Eva ba se ke ba etsa sebe, bona le bana ba bona ba phethahetseng ba ka be ba ile ba sebetsa hammoho ka thabo ho fihlela lefatše lohle e e-ba paradeise. (Genese 2:21; 3:23, 24) Lefatše la Paradeise e ka be e ile ea e-ba lehae la motho ka ho sa feleng.

Ke Hobane’ng ha ba Bang ba E-ea Leholimong?

U ka ’na ua re, ‘empa ho na le moo Bibele e buang ka batho ba eang leholimong, na ha ho joalo?’ E, ho joalo. Ka mor’a hore Adama a etse sebe, Jehova o ile a rera ho hloma ’Muso oa leholimo oo ho oona bana ba bang ba Adama ba neng ba tla “busa e le marena holim’a lefatše” le Jesu Kreste. (Tšenolo 5:10; Baroma 8:17) Ba ne ba tla tsosetsoa bophelong ba ho se shoe leholimong. Ha ba feletse ba 144 000, ’me ba pele e bile barutuoa ba tšepahalang ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo.—Luka 12:32; 1 Bakorinthe 15:42-44; Tšenolo 14:1-5.

Leha ho le joalo, morero oa pele oa Molimo e ne e se hore batho ba lokileng ba tlohe lefatšeng ebe ba ea leholimong. Ha e le hantle, ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a re: “Ha ho motho ea nyolohetseng leholimong haese ea theohileng leholimong, Mor’a motho.” (Johanne 3:13) Ka “Mor’a motho,” e leng Jesu Kreste, Molimo o ile a lokisetsa thekollo e etsang hore ba bontšang tumelo sehlabelong sa Jesu ba fumane bophelo bo sa feleng. (Baroma 5:8) Empa batho ba joalo ba limilione ba tla phela hokae ka ho sa feleng?

Morero oa Molimo oa Pele o Tla Phethahala

Le hoja Molimo a ile a rera hore a nke ba bang molokong oa batho hore ba e’o sebeletsa e le babusi-’moho le Jesu Kreste ’Musong oa leholimo, sena ha se bolele hore batho bohle ba molemo ba ea leholimong. Jehova o ile a bōpa lefatše lena hore e be lehae la batho la Paradeise. Haufinyane, Molimo o tla phethahatsa morero oo oa pele.—Matheu 6:9, 10.

Ha Jesu Kreste le babusi-’moho le eena ba busa leholimong, ho tla rena khotso le thabo lefatšeng lohle. (Pesaleme ea 37:9-11) Batho ba khopolong ea Molimo ba tla tsosoa ’me ba tla thabela bophelo bo phethahetseng. (Liketso 24:15) Ka ho tšepahala ha bona ho Molimo, batho ba mamelang ba tla fuoa seo batsoali ba rōna ba pele ba ileng ba se lahla—e leng bophelo bo sa feleng boo ho bona motho a tla beng a phethahetse lefatšeng la paradeise.—Tšenolo 21:3, 4.

Ha ho mohla Jehova Molimo a hlōlehang ho etsa seo a se rerileng. Ka moprofeta oa hae Esaia, Jehova o ile a re: “Joalokaha pula e tšolohang, le lehloa, li theoha maholimong ’me li sa khutlele sebakeng seo, ntle le hore li nosetse lefatše ’me li etse hore le be le lihlahisoa ’me le hlomele, ’me mojali a fumane peō le ea jang a fumane bohobe, le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka le tla ba joalo. Le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:10, 11.

Bukeng ea Bibele ea Esaia, re bontšoa esale pele hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng la Paradeise. Ha ho moahi oa Paradeiseng ea tla re, “Kea kula.” (Esaia 33:24) Liphoofolo li ke ke tsa ntša batho kotsi. (Esaia 11:6-9) Batho ba tla haha matlo a matle ’me ba lule ho ’ona, ba tla lema ’me ba je hore ba khotsofale. (Esaia 65:21-25) Ho feta moo, Molimo “o tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.”—Esaia 25:8.

Haufinyane batho ba mamelang ba tla phela tlas’a maemo a babatsehang haholo. Ba “tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me [ba] be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Baroma 8:21) E tla ba ho babatsehang hakaakang ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le tšepisitsoeng la Paradeise! (Luka 23:43) U ka phela Paradeiseng eo haeba hona joale u nka khato ea ho sebelisa tsebo e nepahetseng ea Mangolo ’me u bontša tumelo ho Jehova Molimo le Jesu Kreste. ’Me hona joale u ka kholiseha hore hoa utloahala ho lumela hore ho tla ba le lefatše la paradeise.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Adama le Eva ba ne ba etselitsoe hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Lefatšeng la Paradeise  . . .

ba tla haha matlo

ba tla lema lirapa tsa morara

ba tla hlohonolofatsoa ke Jehova

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

U.S. Fish & Wildlife Service, Washington, D.C./NASA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela