Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 11/15 leq. 26
  • “Lentsoe la Molimo le Hlile le Matla Haholo!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Lentsoe la Molimo le Hlile le Matla Haholo!”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Almanaka ea 2011 e Buella Borapeli ba Lelapa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 11/15 leq. 26

“Lentsoe la Molimo le Hlile le Matla Haholo!”

“LENTSOE la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” (Baheberu 4:12) Ha Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 2003 e bontša ka bopaki ba matla a Lentsoe la Molimo a ke keng a sitoa ke letho, e ile ea hlahisa lipale tsa bophelo tse tšeletseng tse tsoang lefatšeng ka bophara. Tlas’a sehlooho se reng “Pele le ka Morao,” almanaka eo e ile ea bontša kamoo mosebetsi oa ho ruta oa Lipaki Tsa Jehova o thusang batho ho ntlafatsa boitšoaro ba bona kateng, ho tlohela mekhoa ea bophelo e kotsi, ho ntlafatsa bophelo ba malapa a bona le ho hōlisa kamano ea bona le Molimo.

Ho amohetsoe mangolo a ’maloa a ananelang almanaka ea 2003. A mang a oona a fana ka litlhaloso tsena:

“Almanaka ena e fa Bakreste ba ’nete bopaki ba hore ho na le ba bang bao, joaloka bona, ba ’nileng ba tlameha ho loana ntoa e thata bakeng sa tumelo. Hona joale ba ka sheba litšoantšo tseo e le lintho tse ba hopotsang liphetoho tseo ba bang ba li entseng.”—Steven, oa United States.

“Ka sebele ke ile ka ikutloa ke rata ho le ngolla mantsoe a seng makae ho le tsebisa kamoo almanaka ea 2003 e ileng ea nkama pelo kateng. Le ka mohla almanaka ha e e-s’o nkame joalo. Litlaleho tsa lipale tsena tsa bophelo e tla ba karolo ea lintho tseo ke li bolokang ka mokotlaneng oa ka oa tšimo e le hore nka bontša batho mehlala eo e leng bopaki bo tsotehang ba hore na Bibele e ka ba le tšusumetso ea mofuta ofe bathong.”—Marc, oa Belgium.

Almanaka ena e ile ea nkama haholo. Ke ile ka ameha maikutlo ha ke bala le ho bona kamoo Jehova a fetotseng batho bana kateng. Ka hona, e ntšusumellelitse ho tsoela pele ke fetola bophelo ba ka. Hona joale ke ikutloa ke le karolo ea mokhatlo oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara ho feta kamoo nkileng ka ikutloa kateng pele ho mona.”—Mary, oa United States.

“Boemo ba moea ba matšoele bo sa thabiseng bo ile ba ama Jesu ka ho teba. Rea leboha ha e le mona le etsisitse Kreste ka ho hlahisa lipale tsa bophelo tse almanakeng ea rōna ea 2003. Le ka mohla ha ke e-so lle ka lebaka la almanaka.”—Cassandra, oa United States.

“Ha ke le lilemo li 11, ke ile ka qala ho tsuba; hamorao ka sebelisa lithethefatsi. Ka makhetlo ke ’nile ka nahana ho ipolaea. Ha ke qala ho tseba Jehova, ke ile ka thusoa ho tlohela mekhoa eo. Almanaka ena e bohlokoa haholo ho ’na. Mehlala ea bara le barali beso ba lefatšeng ka bophara ea ’matlafatsa. Hona joale kea tseba hore ha ke mong ntoeng ena le hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ho rata Jehova le ho mo sebeletsa ka pelo eohle.”—Margaret, oa Poland.

“Kannete Lentsoe la Molimo le hlile le matla haholo! Ha ke fumana almanaka ea 2003, ke ile ka loanela ho ithiba meokho. Liphihlelo tsena hammoho le litšoantšo tsa tsona, li tiisa tumelo haholo.”—Darlene, oa United States.

“Tsela eo batho bana ba neng ba phela ka eona pele, e tšoana hantle le eo ke neng ke phela ka eona. Jehova o mphile matla a ho tlohela mekhoa e mebe eo ho neng ho bonahala ho le thata ho e hlōla. Ke le leboha haholo ka lipale tsena tsa se hlileng se etsahetseng bophelong.”—William, oa United States.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela