Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Bakreste ba lokela ho talima ho sebelisa majoe a tsoalo joang?
Litsong tse ling, majoe a tsoalo a amahanngoa le khoeli eo motho a tsoetsoeng ka eona. Hore na Mokreste o tla roala reng e nang le mofuta o itseng oa lehakoe ke qeto eo a lokelang ho iketsetsa eona. (Bagalata 6:5) Hore a fihlele qeto eo, ho na le lintlha tsa bohlokoa tseo a lokelang ho nahana ka tsona.
Encyclopaedia Britannica e bolela hore lejoe la tsoalo ke “lehakoe le amahanngoang le letsatsi leo motho a tsoetsoeng ka lona, leo ka tloaelo ho nahanoang hore ha motho a le roetse le tla mo tlisetsa mahlohonolo kapa bophelo bo botle.” Buka ena e eketsa ka ho re: “Ka nako e telele, linohe tsa linaleli li ’nile tsa bolela hore mahakoe a itseng a na le matla a phahametseng tlhaho.”
Mehleng ea khale ka ho khetheha, batho ba bangata ba ne ba lumela hore lejoe la tsoalo le tlisetsa motho ea le roetseng lehlohonolo. Na Mokreste oa ’nete o lumela ntho ee? Che, kaha oa hlokomela hore Jehova o ile a nyatsa ba ileng ba mo furalla le ba neng ba tšepile “molimo oa Mahlohonolo.”—Esaia 65:11.
Mehleng e Bohareng, linohe li ne li khetha lehakoe bakeng sa khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ea selemo. Li ne li khothalletsa batho ho roala mahakoe a likhoeli tseo ba tsoetsoeng ka tsona, ho nahanoa hore a tla sireletsa motho ea a roetseng hore a se ke a hlaheloa ke kotsi. Empa ho ea ka Mangolo, ho ne ho tla be ho fosahetse hore Bakreste ba latele keletso ea linohe, hobane Bibele ea li nyatsa.—Deuteronoma 18:9-12.
Hape e ne e tla ba ho sa lokelang hore Bakreste ba nke hore ha reng e e-na le lejoe la tsoalo ke ea bohlokoa ka ho khethehileng. Lipaki Tsa Jehova ha li keteke matsatsi a tsoalo. Lebaka ke hobane mekete e joalo e tlotla motho ka ho feteletseng ’me matsatsi a tsoalo a tlalehiloeng ka Bibeleng ke feela a babusi ba neng ba sa sebeletse Molimo.—Genese 40:20; Matheu 14:6-10.
Batho ba bang ba nahana hore ho roala reng e nang le lejoe la tsoalo ho na le tšusumetso e ntle bothong ba ea e roetseng. Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ha ba lumele taba ena hobane ba elelloa hore “botho bo bocha” bo aparoa ka tšusumetso ea moea o halalelang oa Molimo le ka ho sebelisa melao-motheo ea Mangolo.—Baefese 4:22-24.
Taba ea bohlokoa haholo ke hore na ke eng se susumetsang motho hore a e roale. Mokreste a ka ’na a ipotsa lipotso tsena ha a lokela ho etsa qeto ea hore na o tla roala reng e nang le lejoe la tsoalo kapa che: ‘Na ke batla ho roala reng ee hobane feela e nkhahlile, le hoja e e-na le lejoe le amahanngoang le tsoalo ea ka? Kapa na ke susumelitsoe ke litumela-khoela tsa batho ba itseng tseo ba li amahanyang le lejoe lee?’
Mokreste o lokela ho hlahloba pelo ea hae e le hore a ka hlokomela hore na o susumetsoa ke eng. Mangolo a re: “Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao, kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.” (Liproverbia 4:23) Ha Mokreste ka mong a etsa qeto malebana le majoe a tsoalo, o lokela ho nahana hore na o susumetsoa ke eng le hore na tsela ea hae e ka ’na ea e-ba le liphello life ho eena le ho ba bang.—Baroma 14:13.