Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 12/15 leq. 30
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Eng Seo Jehova a se Lebeletseng ho Rōna?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Basali ba Ileng ba Thabisa Pelo ea Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Bahlanka ba Jehova ba na le Tšepo ea Sebele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Re Tla Tsamaea ka Lebitso la Jehova ka ho sa Feleng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 12/15 leq. 30

Na U sa Hopola?

Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

• Buka ea Mikea e na le likhaolo tse kae, e ngotsoe neng, hona boemo bo ne bo le joang ka nako eo?

Buka ea Mikea e na le likhaolo tse supileng. Moprofeta Mikea o ngotse buka ena lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., ka nako eo ka eona sechaba sa Molimo sa selekane se neng se se se arohile likoto tse peli—sa Iseraele le sa Juda.—8/15, leqepheng la 9.

• Ho ea ka Mikea 6:8, Molimo o batla hore re etse’ng?

Re lokela ho ‘sebelisa toka.’ Tsela eo Molimo a etsang lintho ka eona ke eona tekanyetso ea toka, kahoo re lokela ho tšehetsa melao-motheo ea hae ea botšepehi. O re bolella hore re “rate mosa.” Bakreste ba bontšitse mosa o lerato ka ho phallela batho ba hlokang thuso, joalokaha ba etsa ha ho hlahile likoluoa. Hore re ‘inyenyefatse ha re tsamaea’ le Jehova, re lokela ho tseba mefokolo ea rōna ’me re itšetlehe ka eena.—8/15, leqepheng la 20-2.

• Haeba Mokreste a feletsoe ke mosebetsi, ho ka ’na ha hlokahala hore a etse’ng?

Ho ka ba bohlale hore motho a hlahlobe bocha mokhoa oa hae oa bophelo. Motho a ka ’na a nolofatsa bophelo ba hae ka ho fallela ntlong e nyenyane kapa a tlose lintho tse bonahalang tse sa hlokahaleng. Ka sebele, ke habohlokoa hore re khaotse ho tšoenyeha ka litlhoko tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi, re tšepe hore Molimo a ka re thusa hore re fumane lintho tseo re li hlokang. (Matheu 6:33, 34)—9/1, leqepheng la 14-15.

• Re lokela ho hopola eng ha re fana kapa ha re amohela limpho tsa lechato?

Limpho tse turang haholo ha li hlokahale, ebile ha rea lokela ho li lebella. Boikutlo ba pelo ba motho ea fanang ke bona ba bohlokoa ka ho fetisisa. (Luka 21:1-4) Hase ho bontša mosa ho bolella ba teng hore na mpho e tsoa ho mang. Ho etsa joalo hoa soabisa. (Matheu 6:3)—9/1, leqepheng la 29.

• Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela re sa phetse?

Ho rapela kamehla ho ka tiisa kamano ea rōna le Molimo ’me ha re thusa ho tobana le liteko tse matla. Lithapelo tsa rōna li ka ’na tsa e-ba khutšoanyane kapa tsa e-ba telele, ho itšetlehile ka seo re se hlokang le ka maemo. Thapelo e matlafatsa tumelo e bile e re thusa ho sebetsana le mathata.—9/15, leqepheng la 15-18.

• Re lokela ho utloisisa 1 Bakorinthe 15:29 joang, eo ho ea ka liphetolelo tse ling e fetoletsoeng e le ‘ho kolobelletsoa bafu’?

Moapostola Pauluse o ne a bolela hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba kolobelletsoa, kapa ba qoelisetsoa ho phela bophelo bo tla fella ka hore ba shoe ba tšepahala joaloka Kreste. Ka mor’a moo, ba tsosetsoa bophelong ba moea joaloka Kreste.—10/1, leqepheng la 29.

• Re tseba joang hore ho ba Mokreste ha ho akarelletse feela ho qoba liphoso tse boletsoeng ho 1 Bakorinthe 6:9-11?

Moapostola Pauluse ha aa ka a bua feela ka liphoso tse kang bohlola, borapeli ba litšoantšo le botahoa. Ha a bontša hore ho ka ’na ha hlokahala liphetoho tse eketsehileng, temaneng e latelang o ile a tsoela pele a re: “Lintho tsohle li lumelloa ke molao bakeng sa ka; empa hase lintho tsohle tse molemo.”—10/15, leqepheng la 18-19.

• Basali ba bang ba mehleng ea boholo-holo ba ileng ba thabisa pelo ea Molimo ke bo-mang?

Ba akarelletsa babelehisi ba kang Shifra le Pua, ba neng ba ke ke ba mamela Faro ka ho bolaea bana ba batona ba qetang ho hlaha ba Baiseraele. (Exoda 1:15-20) Letekatse la Mokanana, Rahaba, le ile la sireletsa lihloela tse peli tsa Baiseraele. (Joshua 2:1-13; 6:22, 23) Abigaile o ile a bontša ho ba le kelello ka ho pholosa bophelo le ho sireletsa Davida hore a se ke a ba le molato oa mali. (1 Samuele 25:2-35) Ke mehlala ho basali ba kajeno.—11/1, leqepheng la 8-11.

• Ho tlile joang hore ‘linaleli tsa leholimo li loantše’ Sisera, joalokaha ho tlalehiloe ho Baahloli 5:20?

Batho ba bang ba nka hore polelo ena e bua ka thuso e tsoang ho Molimo. Ba bang ba bolela hore e ka ’na eaba ho buuoa ka thuso ea mangeloi, kapa hore ho ile ha theoha majoe a tsoang lipolaneteng tse ling, kapa hore Sisera o ile a itšetleha ka bonohe ba linaleli. Kaha Bibele ha ea re fa lintlha tse qaqileng ka taba ena, re lokela ho utloisisa polelo eo e le e bontšang hore Molimo o ile a namolela lebotho la Baiseraele ka tsela e itseng.—11/15, leqepheng la 30.

• Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba ntse ba ipolela hore ba lumela ho Molimo ha ho se tsotelle bolumeli le ho iphapanyetsa bona ho bonahala e le kobo-anela?

Batho ba bang ba ea kerekeng hobane ba batla ho ba le khotso ea kelello. Ba bang ba na le tšepo ea hore ba tla phela ka ho sa feleng ka mor’a lefu, ha ba bang ba e-na le tšepo ea hore ba tla phela hantle, ba tla rua le ho atleha. Libakeng tse ling, batho ba batla ho felisa tlala ea moea e bakiloeng ke ha butle-butle menahano ea bok’hapitale e nkela mekhoa le menahano ea Bokomonisi sebaka. Ho tseba mabaka a joalo ho ka thusa Mokreste hore a qalise meqoqo ea bohlokoa.—12/1, leqepheng la 3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela