Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 8/15 maq. 19-24
  • Ke Eng Seo Jehova a se Lebeletseng ho Rōna?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng Seo Jehova a se Lebeletseng ho Rōna?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela eo Molimo a Tšoarang Batho ba Hae ka Eona
  • Re Lokela ho Sebelisa Toka
  • Batho ba Utloa “Lentsoe la Jehova” Joang?
  • Re Lokela ho Rata Mosa
  • Inyenyefatse ha U Tsamaea le Molimo
  • Ho ba le Boikutlo ba ho Leta ho Tlisa Litlhohonolofatso
  • Re Tla Tsamaea ka Lebitso la Jehova ka ho sa Feleng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Bahlanka ba Jehova ba na le Tšepo ea Sebele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Buka ea Bibele ea 33—Mikea
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Nkang Baprofeta e le Mohlala—Mikea
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 8/15 maq. 19-24

Ke Eng Seo Jehova a se Lebeletseng ho Rōna?

“Jehova o batla eng ho uena haese hore u sebelise toka u rate mosa ’me u inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao?”—MIKEA 6:8.

1, 2. Ke hobane’ng ha bahlanka ba bang ba Jehova ba ka ’na ba nyahama, empa ba lokela ho khothatsoa ke eng?

VERA ke Mokreste ea tšepahalang ea ka bang lilemo li 75 ’me o haelloa ke bophelo. O re: “Ka linako tse ling, ke ee ke shebe ka ntle ka fensetere ke bone bara le barali beso ba Bakreste ba paka ka ntlo le ntlo. Ke ee ke sekise meokho kaha ke ee be ke batla ho tsamaea le bona, empa ho kula ho khina tšebeletso ea ka ho Jehova.”

2 Na u kile ua ikutloa ka tsela eo? Ke ’nete hore bohle ba ratang Jehova ba lakatsa ho tsamaea ka lebitso la hae le ho finyella litlhokahalo tsa hae. Empa ho thoe’ng haeba re fokolloa ke bophelo, re se re hōlile, kapa re e-na le boikarabelo ba lelapa? Re ka ’na ra ikutloa re batla re nyahama kaha maemo a joalo a ka ’na a re sitisa ho etsa sohle seo lipelo tsa rōna li labalabelang ho se etsa tšebeletsong ea Molimo. Haeba re le boemong bona, e ka ’na ea e-ba ho khothatsang haholo ho tšohla Mikea khaolo ea 6 le ea 7. Likhaolo tsena li bontša hore seo Jehova a se hlokang ke se utloahalang le se ka finyelloang.

Tsela eo Molimo a Tšoarang Batho ba Hae ka Eona

3. Jehova o tšoara Baiseraele ba marabele joang?

3 A re qaleng ka ho hlahloba Mikea 6:3-5 ’me re hlokomele tsela eo Jehova a tšoarang batho ba hae ka eona. Hopola hore Baiseraele e ne e le marabele mehleng ea Mikea. Leha ho le joalo, Jehova o ba bitsa ka qenehelo, ka mantsoe a reng, “Lōna sechaba sa ka.” Oa ipiletsa: “Lōna sechaba sa ka, ka kōpo, hopolang.” Jehova ha a ba qose ka bohale, empa o leka ho ba finyella lipelo ka ho botsa, “Ke entse’ng ho lōna?” Ebile o ba khothalletsa hore ba ‘pake khahlanong’ le eena.

4. Mohlala oa Molimo oa qenehelo o lokela ho re ama joang?

4 Molimo o behela e mong le e mong oa rōna mohlala o ikhethang hakaakang! Esita le Baiseraele le Bajuda ba marabele ba mehleng ea Mikea, ka qenehelo o ile a ba bitsa “sechaba sa ka” ’me ha a bua le bona o ile a re “ka kōpo.” Ka hona, ka sebele re lokela ho bontša qenehelo le mosa ha re sebetsana le litho tsa phutheho. Ke ’nete hore ba bang ke bao ho ka ’nang ha e-ba thata ho sebelisana le bona, kapa mohlomong ke ba fokolang moeeng. Leha ho le joalo, haeba ba rata Jehova, re batla ho ba thusa le ho ba bontša qenehelo.

5. Ntlha ea motheo e hlahisoang ho Mikea 6:6, 7 ke efe?

5 Joale a re lebiseng tlhokomelo ho Mikea 6:6, 7. Mikea o botsa letoto la lipotso, o re: “Ke tla khahlanyetsa Jehova ka eng? Ke tla inamela Molimo ea leng phahameng ka eng? Na ke tla mo khahlanyetsa ka linyehelo tse feletseng tsa secheso, ka manamane a nang le selemo? Na Jehova o tla khahloa ke likete tsa lipheleu, ke mashome a likete a melapo e phoroselang ea oli? Na ke tla fana ka mora oa ka oa letsibolo bakeng sa bofetoheli ba ka, litholoana tsa mpa ea ka bakeng sa sebe sa moea oa ka?” Che, ha ho khonehe ho khahlisa Jehova ka “likete tsa lipheleu, [ka] mashome a likete a melapo e phoroselang ea oli.” Empa ho na le ho hong ho tla mo khahlisa. Ke eng?

Re Lokela ho Sebelisa Toka

6. Lintho tse tharo tseo Molimo a li hlokang tse boletsoeng ho Mikea 6:8 ke life?

6 Ho Mikea 6:8, re ithuta seo Jehova a se lebeletseng ho rōna. Mikea oa botsa: “Jehova o batla eng ho uena haese hore u sebelise toka u rate mosa ’me u inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao?” Litlhokahalo tsena tse tharo li akarelletsa tsela eo re ikutloang ka eona, eo re nahanang ka eona le eo re itšoarang ka eona. Re lokela ho ikutloa re tlameha ho bontša litšobotsi tsena, re nahane kamoo re ka li bonahatsang kateng ebe re nka khato ea ho li bonahatsa. A re tšohleng litlhokahalo tsena tse tharo ka bonngoe.

7, 8. (a) ‘Ho sebelisa toka’ ho bolela’ng? (b) Ke ho hloka toka hofe ho jeleng setsi mehleng ea Mikea?

7 ‘Ho sebelisa toka’ ho bolela ho etsa se nepahetseng. Tsela eo Molimo a etsang lintho ka eona ke eona tekanyetso ea toka. Leha ho le joalo, batho ba mehleng ea Mikea ha ba sebelise toka empa ba sebelisa ho hloka toka. Ka litsela life? Hlahloba Mikea 6:10. Qetellong ea temana eo, bahoebi ba hlalosoa ba sebelisa “tekanyo ea efa e nyenyane,” ke hore ba sebelisa e nyenyane haholo. Temana ea 11 e phaella ka hore ba sebelisa “majoe a ho bekha a thetsang.” ’Me ho ea ka temana ea 12, “maleme a bona ke a qhekellang.” Kahoo, tekanyo ea bohata, majoe a ho bekha a thetsang le lipuo tsa bohata li jele setsi tsamaisong ea khoebo mehleng ea Mikea.

8 Mekhoa ena ea ho hloka toka ha e felle khoebong feela. E boetse e jele setsi ka makhotleng. Mikea 7:3 e bontša hore “khosana e kōpa ho hong, ’me ea ahlolang o etsa joalo bakeng sa moputso.” Baahloli ba fuoa tjotjo e le hore ba tle ba fane ka kahlolo e leeme ho batho ba se nang molato. “E moholo,” kapa moahi ea nang le tšusumetso e matla, o kopanela tlōlong ea molao. Ha e le hantle, Mikea o re khosana, moahloli le e moholo ba “lohella” liketso tsa bona tse khopo kapa baa li hokahanya.

9. Bajuda le Baiseraele ba anngoe joang ke ho hloka toka ho etsoang ke ba khopo?

9 Ho hloka toka ha baeta-pele ba khopo ho ama Bajuda le Baiseraele bohle. Mikea 7:5 e bontša hore ho hloka toka ho entse hore metsoalle e ntšanang se inong, esita le balekane ba lenyalo ba se hlole ba tšepana. Temana ea 6 e re hoo ho lebisitse boemong boo ho bona batho ba amanang haufi joaloka mora le ntate, morali le ’mè, ba khesanang.

10. Bakreste ba itšoara joang boemong bo teng kajeno ba ho hloka toka?

10 Ho thoe’ng kajeno? Na ha re bone maemo a tšoanang? Joaloka Mikea, re pota-potiloe ke ho hloka toka, moea oa ho se tšepane le ho thefuleha ha bophelo ba sechaba le ba lelapa. Leha ho le joalo, joaloka bahlanka ba Molimo lefatšeng lena le sa lokang, ha re lumelle moea oa lefatše lena oa ho sebetsana le ba bang ka ho hloka toka hore o kene ka phuthehong ea Bokreste. Ho e-na le hoo, re loanela ho tšehetsa melao-motheo ea botšepehi, re e bonahatsa linthong tseo re li etsang bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ha e le hantle, re “itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheberu 13:18) Na ha u lumele hore ka ho sebelisa toka re thabela litlhohonolofatso tse enneng tse hlahisoang ke ho ba le kamano ea bara ba motho e bontšang ho tšepana ha sebele?

Batho ba Utloa “Lentsoe la Jehova” Joang?

11. Mikea 7:12 e phethahatsoa joang?

11 Mikea o profeta hore ho sa tsotellehe maemo a teng a ho hloka toka, toka e tla fihla ho batho ba mefuta eohle. Moprofeta o bolela esale pele hore batho ba tla bokelloa “ho tloha leoatleng le leng ho ea ho le leng, le ho tloha thabeng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe” hore e be barapeli ba Jehova. (Mikea 7:12) Kajeno, phethahatsong ea ho qetela ea boprofeta bona, hase sechaba se itseng feela se ruang molemo tokeng ea Molimo e se nang leeme, empa ke batho ba lichaba tsohle. (Esaia 42:1) Joang?

12. “Lentsoe la Jehova” le utloahala joang kajeno?

12 Ho fumana karabo, a re hlahlobeng mantsoe a Mikea a pejana. Mikea 6:9 e re: “Lentsoe la Jehova le hoeletsa motse, ’me motho ea nang le bohlale bo sebetsang o tla tšaba lebitso la hao.” Batho ba lichaba tsohle ba utloa “lentsoe la Jehova” joang, hona see se amana joang le ho sebelisa ha rōna toka? Ke ’nete hore kajeno batho ha ba utloe lentsoe la Molimo ka tsela ea sebele. Leha ho le joalo, ka mosebetsi oa rōna oa boboleli lefatšeng ka bophara, batho ba merabe eohle le ba maemo ’ohle a bophelo ba utloa lentsoe la Jehova. Ka lebaka leo, ba mamelang ba ‘tšaba lebitso la Molimo,’ ’me baa le hlompha. Ka sebele, re bontša toka le lerato ha re sebeletsa re le baboleli ba chesehang ba ’Muso. Re ‘sebelisa toka’ ka ho phatlalatsa lebitso la Molimo ho e mong le e mong re sa ee ka leeme.

Re Lokela ho Rata Mosa

13. Mosa o lerato o fapana joang le lerato?

13 Joale, a re tšohleng tlhokahalo ea bobeli e boletsoeng ho Mikea 6:8. Jehova o lebeletse hore re “rate mosa.” Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “mosa” le boetse le fetoleloa e le “mosa o lerato” kapa “lerato le tšepahalang.” Mosa o lerato ke ho bontša ho ameha ka batho ba bang, ho ba qenehela. Mosa o lerato o fapane le lerato. Joang? Lerato ke lentsoe le pharaletseng, le ka bontšoa le ho lintho le menahano. Ka mohlala, Mangolo a bua ka motho ea “ratang veine le oli” le ea “ratang bohlale.” (Liproverbia 21:17; 29:3) Ka lehlakoreng le leng, ka linako tsohle mosa o lerato o bontšoa ho batho, haholo-holo ba sebeletsang Molimo. Ke kahoo Mikea 7:20 e buang ka “mosa o lerato o filoeng Abrahama”—monna ea neng a sebeletsa Jehova Molimo.

14, 15. Mosa o lerato o bontšoa joang, hona ke eng e boletsoeng e pakang see?

14 Ho ea ka Mikea 7:18, moprofeta o re Molimo “o thabela mosa o lerato.” Ho Mikea 6:8, ha ho thoe feela re bontše mosa o lerato empa ho thoe re rate tšobotsi eo. Re ithuta’ng litemaneng tsee? Mosa o lerato o bontšoa ka ho rata le ka bolokolohi hobane re batla ho o bontša. Joaloka Jehova, re thabisoa, kapa re nyakallisoa, ke ho bontša mosa o lerato ho batho ba hlokang.

15 Kajeno, mosa o joalo o lerato ke letšoao la batho ba Molimo. Nahana ka mohlala o le mong feela. Ka June 2001, sefefo se ile sa baka likhohola tse matla Texas, U.S.A., sa senya matlo a likete, ho akarelletsa le matlo a makholo a Lipaki Tsa Jehova. E le hore li ka thusa barab’abo tsona ba Bakreste ba hlokang, Lipaki tse ka bang 10 000 li ile tsa tela nako le matla a tsona ka ho rata ebile li sa lefuoe. Ka nako e fetang likhoeli tse tšeletseng, baithaopi ba ile ba sebetsa ba sa khaotse, ba sebetsa bosiu le motšehare le ka mafelo-beke hore ba tsosolose Liholo Tsa ’Muso tse 8 le ho hahela barab’abo bona ba Bakreste matlo a fetang 700. Ba neng ba sa khone ho etsa mosebetsi o joalo ba ile ba nehelana ka lijo, thepa le chelete. Ke hobane’ng ha Lipaki tsee tse likete li ile tsa phallela barab’abo tsona? Ke hobane li ‘rata mosa.’ Ke ho khothatsang hakaakang ho tseba hore barab’abo rōna ba etsa liketso tse joalo tsa mosa o lerato lefatšeng ka bophara! E, ho finyella tlhokahalo ea ho ‘rata mosa’ hase mokhoka-khoale, empa ke ho thabisang!

Inyenyefatse ha U Tsamaea le Molimo

16. Ke papiso efe e thusang ho hatisa hore re lokela ho inyenyefatsa ha re tsamaea le Molimo?

16 Tlhokahalo ea boraro e fumanoang ho Mikea 6:8 ke hore “u inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao.” Sena se bolela hore re lokela ho ela hloko mefokolo ea rōna ’me re itšetlehe ka Molimo. Ka mohlala: Ak’u nahane ho se hokae ka ngoananyana ea itšoareletseng ka thata ka letsoho la ntat’ae ha ba ntse ba tsamaea sefefong. Ngoanana eo o tseba hantle hore ha a na matla a makaalo, empa o tšepile ntat’ae. Le rōna re lokela ho tseba mefokolo ea rōna empa re tšepe Ntate oa rōna oa leholimo. Re ka lula re e-na le tšepo ee joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho hopola lebaka leo ka lona ho leng bohlale ho lula haufi le Molimo. Mikea o re hopotsa mabaka a mararo: Jehova ke Molopolli, Motataisi le Mosireletsi oa rōna.

17. Jehova o ile a lopolla, a tataisa le ho sireletsa sechaba sa hae sa boholo-holo joang?

17 Ho ea ka Mikea 6:4, 5, Molimo o re: “Ke ile ka le ntša naheng ea Egepeta.” E, Jehova e ne e le Molopolli oa Baiseraele. Jehova o tsoela pele ho re: “Ka romela ka pel’a lōna Moshe, Arone le Miriame.” Moshe le Arone ba ile ba sebelisoa ho tataisa sechaba, ’me Miriame o ile a etella basali ba Iseraele pele motjekong oa tlhōlo. (Exoda 7:1, 2; 15:1, 19-21; Deuteronoma 34:10) Jehova o ile a fana ka tataiso a sebelisa bahlanka ba hae. Temaneng ea 5, Jehova o hopotsa sechaba sa Iseraele hore o ile a se sireletsa khahlanong le Balake le Balame le hore o ile a sireletsa Baiseraele karolong e qetellang ea leeto la bona ho tloha Shitime e Moabe ho ea fihla Gilgale Naheng e Tšepisitsoeng.

18. Kajeno Molimo e ba Molopolli, Motataisi le Mosireletsi oa rōna joang?

18 Ha re ntse re tsamaea le Molimo, o re lopolla lefatšeng la Satane, o re tataisa ka Lentsoe la hae le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ’me o re sireletsa re le sehlopha ha bahanyetsi ba re hlasela. Ka hona re na le lebaka le utloahalang la ho itšoarella ka tieo ka letsoho la Ntate oa rōna oa leholimo ha re ntse re tsamaea le eena har’a lifefo tsa karolo e qetellang ea leeto la rōna le lebisang ho ho hong ho hoholo ho feta Naha e Tšepisitsoeng ea boholo-holo—e leng lefatše le lecha la Molimo la ho loka.

19. Boinyenyefatso bo amana joang le mefokolo ea rōna?

19 Ho inyenyefatsa ha re ntse re tsamaea le Molimo ho re thusa ho talima maemo a rōna ka tsela ea sebele. Ho joalo hobane ho bontša boinyenyefatso ho akarelletsa ho hlokomela mefokolo ea rōna. Ho hōla kapa ho kula ho ka ’na ha khina seo re ka se etsang tšebeletsong ea Jehova. Leha ho le joalo, ho e-na le ho lumella sena ho re nyahamisa, ke hantle ho hopola hore Molimo o amohela boiteko le boitelo ba rōna ‘ho ea ka seo re nang le sona, eseng ho ea ka seo re se nang sona.’ (2 Bakorinthe 8:12) Ka sebele, Jehova o lebeletse hore re mo sebeletse ka moea oohle, re etse sohle seo maemo a rōna a se lumellang. (Bakolose 3:23) Haeba ka tieo le ka cheseho re etsa sohle seo re ka se khonang tšebeletsong ea hae, Molimo o re hlohonolofatsa ka ho enneng.—Liproverbia 10:22.

Ho ba le Boikutlo ba ho Leta ho Tlisa Litlhohonolofatso

20. Ke eng eo ha re e tseba e ka re thusang ho ba le boikutlo ba ho leta bo kang ba Mikea?

20 Ho fumana tlhohonolofatso ea Jehova ho re susumelletsa ho ba le boikutlo bo kang ba Mikea. O re: “Ke tla letela Molimo oa poloko ea ka.” (Mikea 7:7) Mantsoe aa a amana joang le ho tsamaea ha rōna le Molimo ka boinyenyefatso? Ho ba le boikutlo ba ho leta, kapa ho se fele pelo, ho re thusa ho qoba ho sareloa ka lebaka la hore ebe letsatsi la Jehova ha le e-s’o fihle. (Liproverbia 13:12) Ke ’nete hore kaofela ha rōna re labalabela bofelo ba lefatše lena le khopo. Leha ho le joalo, beke e ’ngoe le e ’ngoe ho na le batho ba likete bao e leng hona ba qalang ho tsamaea le Molimo. Ho tseba sena ho re fa lebaka le utloahalang la hore re be le boikutlo ba ho leta. Paki e ’ngoe ea khale e ile ea re: “Ha ke hetla morao lilemong tse fetang 55 ke le mosebetsing oa boboleli, ke kholisehile hore ha kea lahleheloa ke letho ka ho letela Jehova. Ho e-na le hoo, ke qobile masisa-pelo a mangata.” Na le uena u bile le phihlelo e tšoanang?

21, 22. Mikea 7:14 e phethahatsoa joang mehleng ee ea rōna?

21 Ha ho pelaelo hore ho tsamaea le Jehova ho re tsoela molemo. Joalokaha re bala ho Mikea 7:14, Mikea o bapisa batho ba Molimo le linku tse lutseng le molisa oa tsona li sireletsehile. Kajeno, phethahatsong e khōloanyane ea boprofeta bona kajeno, masala a Iseraele ea moea hammoho le “linku tse ling” a sirelelitsoe ke Molisa oa ’ona ea tšepahalang, Jehova. A lula ‘a le mang morung—har’a serapa sa lifate tsa litholoana,’ ka kutloisiso ea moea a arohile lefatšeng lena le ntseng le tsoela pele ho ba likhathatso le ho ba kotsi.—Johanne 10:16; Deuteronoma 33:28; Jeremia 49:31; Bagalata 6:16.

22 Batho ba Molimo ba thabela katleho, joalokaha Mikea 7:14 e boletse esale pele. Ha a bua ka linku tsa Molimo, kapa batho ba hae, Mikea o re: “Ba ke ba fule Bashane le Gileade.” Feela joalokaha Bashane le Gileade linku li ne li fula makhulong a matala ’me li atleha, ka ho tšoanang batho ba Molimo kajeno ba thabela katleho ea moea—e leng tlhohonolofatso e ’ngoe ho ba tsamaeang le Molimo ka boinyenyefatso.—Numere 32:1; Deuteronoma 32:14.

23. Ke’ng seo re ka ithutang sona ha re hlahloba Mikea 7:18, 19?

23 Ho Mikea 7:18, 19, moprofeta o totobatsa takatso ea Jehova ea ho tšoarela ba bakang. Temana ea 18 e re Jehova ke ea “tšoarelang phoso” le ea “tlohelang tlōlo.” Ho ea ka temana ea 19, o “tla lahlela libe tsohle tsa bona bolibeng ba leoatle.” Thuto e ’ngoe eo re ithutang eona ke efe ho see? Re ka ’na ra ipotsa hore na ebe re etsisa Jehova tabeng ena. Na re tšoarela ba bang liphoso tseo ba ka ’nang ba re siteloa ka tsona? Haeba ba bakile ’me ba batla ho lokisa litaba, ka sebele re tla batla ho etsisa Jehova ka ho ithaopela ho ba tšoarela ka ho feletseng le ka ho sa feleng.

24. U ruile molemo ofe boprofeteng ba Mikea?

24 Re ruile molemo ofe ka ho hlahloba boprofeta boo ba Mikea? Bo re hopolitse hore Jehova o fana ka tšepo ea sebele ho ba mo atamelang. (Mikea 2:1-13) Bo re khothalelitse ho etsa sohle seo re ka se khonang ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete e le hore re ka tsamaea ka lebitso la Molimo ka ho sa feleng. (Mikea 4:1-5) Hape bo re tiiselitse hore ho sa tsotellehe maemo a rōna, re ka khona ho finyella seo Jehova a se hlokang. Ka sebele, boprofeta ba Mikea bo re matlafalletsa hore re tsamaee ka lebitso la Jehova.

U ka Araba Joang?

• Ho ea ka Mikea 6:8, Jehova o hloka eng ho rōna?

• Ho hlokahala eng hore re tle re ‘sebelise toka’?

• Re ka bontša joang hore re ‘rata mosa’?

• Ho “inyenyefatsa ha u tsamaea le Molimo” ho akarelletsa eng?

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Mikea o ile a finyella seo Jehova a se hlokang, ho sa tsotellehe maemo a khopo a mehleng ea hae. Le uena u ka se finyella

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Sebelisa toka ka ho pakela batho ba maemo ’ohle a bophelo

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Bontša hore u rata mosa ka ho fa ba bang lintho tseo ba li hlokang

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Etsa sohle seo u ka se khonang ha ka nako e tšoanang u ntse u hlokomela mefokolo ea hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela