Nkang Baprofeta e le Mohlala—Mikea
1. Ke potso efe eo e ka ’nang eaba Mikea o ne a ipotsa eona, hona ke hobane’ng ha mosebetsi oa hae e ne e se oa lefeela?
1 ‘Ebe bofelo ba tsamaiso ee ea lintho e bolileng bo tla fihla neng?’ Mohlomong moprofeta Mikea o ile a ipotsa potso e kang ena, ha a ntse a phatlalatsa melaetsa ea Jehova ea kahlolo khahlanong le ’muso oa Iseraele le Juda. Leha ho le joalo, mosebetsi oa hae ha e ea ka ea e-ba oa lefeela. Mantsoe a Jehova khahlanong le Samaria a ile a phethahala mehleng ea hae ka 740 B.C.E. (Mik. 1:6, 7) Eaba Jerusalema e timetsoa hamorao ka 607 B.C.E. (Mik. 3:12) Re ka etsisa Mikea joang ha re ntse re letetse hore Jehova a lihe likahlolo tsa hae?
2. Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša mamello ha re ntse re letetse letsatsi le Jehova, hona re ka e bontša joang?
2 E-bang le Mamello: Mikea o ile a ngola a re: “Empa ha e le ’na, ke tla ’ne ke lebelle Jehova. Ke tla letela Molimo oa poloko ea ka.” (Mik. 7:7) Mikea ha aa ka a nama leoto a emela hore bofelo bo fihle. O ile a lula a tšoarehile ka mosebetsi oa boprofeta. Ha re ntse re letetse letsatsi la Jehova mehleng ena ea rōna, re lokela ho tšoareha ka ‘liketso tse halalelang tsa boitšoaro le ka liketso tsa boinehelo ba bomolimo.’ (2 Pet. 3:11, 12) Mamello ea Jehova e fa batho monyetla oa hore ba bake. (2 Pet. 3:9) Kahoo, re latela keletso ea Bibele ea hore re bontše mamello joaloka baprofeta.—Jak. 5:10.
3. Ke hobane’ng ha re lokela ho kōpa Jehova ka tieo hore a re fe moea o halalelang?
3 Tšepa Matla a Jehova: Le hoja Mikea a ne a tlameha ho etsa mosebetsi o thata, o ile a tšepa Jehova. (Mik. 3:8) Jehova o oa tseba hore re hloka matla a hae, ke kahoo Lentsoe la hae le re phehellang hore re a kōpe. O fana ka matla ho ba khathetseng e le hore ba ka phetha boikarabelo boo a ba fileng bona. (Pes. 84:5, 7; Esa. 40:28-31) Na u kile oa bona see se etsahala tšebeletsong ea hao? Na kamehla u kōpa Jehova hore a u fe matla a moea oa hae o halalelang?—Luka 11:13.
4. Tsela eo Mikea a neng a phela ka eona ke mohlala o motle joang ho rōna kajeno?
4 Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba Mikea e ne e le ho etsa thato ea Molimo. O ne a ikemiselitse ho lula a tšepahala le hoja a ne a phela har’a batho ba bolileng boitšoarong. Ka ho tšoanang, le rōna re lokela ho lula re tšepahala letsatsi le letsatsi. Kahoo, a re ikemisetseng ho lula re “tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Mik. 4:5.